Thutong e fetileng, re ithutile ka lerato la nang le boitelo, le se nang moeli. Re ile ra boela ra ithuta hore bonyane ho na le litsela tse hlano tse sa tšoaneng (lipuo) tseo lerato le ka hlalosoang ka tsona. Batho ba bangata ka tlhaho ba lemoha le ho bontša lerato haholo-holo ka tsela e le ’ngoe kapa tse peli ho tse hlano tseo.
Re ile ra buisana ka mantsoe a tiisetso ’me ra sibolla litsela tse sebetsang tsa ho buisana le litho tsa lelapa ka lerato la rōna. Thutong ena, re tla ithuta ka lipuo tse ling tse ’nè tsa lerato, ebe re etsa khetho ea hore na re kenya taba ena ts’ebetsong joang ea ho bontša lerato la rōna ho bana ba rōna.
Puo ea Lerato 2: Nako ea boleng
Batho bao puo ea bona ea mantlha ea lerato e leng nako ea boleng ba ikutloa ba ratoa haholo ha ba bang ba behella ka thōko nako ea ho ba le bona ka boomo. Nako ena e boloketsoe ka hloko ho ba hammoho, ho lebisa tlhokomelo ho e mong. Ke nako ea ho ithabisa le botsoalle.
Nako ea boleng ha e iketsahalle feela kapa e sa sebetse. Haeba u tsitsitse sephethephetheng kapa u emetse nako e behiloeng, u lokela ho sebelisa nako ka bohlale, empa nako eo hangata ha e tšoane le nako ea boleng e nang le morero hammoho. Molekane kapa ngoan’a hau a kanna a sebetsa morerong le uena, ‘me hoo ho bohlokoa, empa nako eo hammoho e kanna ea se ke ea kopana le tlhoko ea bona ea nako ea boleng le uena.
Puisano e sa sitisoeng ke e 'ngoe ea mefuta e metle ea nako ea boleng. Puisanong e joalo, motho e mong le e mong o mamela e mong ka hloko. Motho ka mong o leleka litšetiso tse kang melaetsa ea marang-rang le ho teeloa mohala ele hore a tle a tsepamise maikutlo ho ho motho e mong le puisanong.
Ke tsena tse ling tsa litsela tse seng kae tseo ka tsona u ka bontšang hore u mametse ka hloko:
1. Mo Shebe ka mahlong.
2. Mamela ka thahasello. Araba seo motho e mong a se buang. U se ke ua nahana feela ka seo u batlang ho se bua ka mora moo. Ho e-na le hoo, iphe nako ea ho hlahloba kutloisiso ea hau ea seo motho e mong a se nahanang le seo a se buang. U ka tiisa hore u utloisisa hantle ka ho bua ntho e kang “Haeba ke u utloa hantle, u ikutloa joalo…”
3. Seke oa Mo kena hanong. Momameli hangata o nahana hore o utloisisa mohopolo ebe kapele o sa mo kena hanong ho fana ka maikutlo a hae. Hona ho etsa ea buoang a utloe eka momameli ha a ka a nka nako ea hae ho utloisisa hantle.
4. Mamela maikutlo, eseng feela lintlha. Ha re leka ho utloisisa mokhoa oa motho e mong a talimang litaba ka oona, re ‘montša hore re nahana hore o na le boleng. Ka ho mamela ka lipelo tsa rōna, re bontša hore maikutlo le litatso tsa hae li bohlokoa ho rōna; le hore ka bo-eena o bohlokoa ho rōna!
Nako ea boleng ka ho fetisisa ea boleng ke ha u sa etse letho haese ho buisana, empa mefuta e meng ea nako hammoho le eona ke ea bohlokoa. Malapa a ka qeta nako ea boleng a le ’moho letsatsi le leng le le leng nakong ea lijo, a lebisa tlhokomelo ka boomo e mong ho e mong ha a ntse a ja ‘moho.
Ho balla bana ba banyenyane lipale, ho bapala hammoho, kapa ho ithabisa hammoho ke litsela tse ling tseo malapa a ka qetang nako ea boleng ‘moho. Ho etsa morero kapa mosebetsi oa matsoho hammoho oo e leng oa ho ithabisa feela, eseng oa sekolo, kapa oa mosebetsing, kapa oa bosebeletsi, le hona ka nako ea boleng.
Ha motho a le sieo lelapeng, nako ea boleng e ka sebelisoa hammoho ka ho etelana ka mohala.
Nako ea boleng ke nako e bolokiloeng, e sa sitisoeng, e sa potlakang ea ho tsepamisa maikutlo ho e mong le ho thabela botsoalle ba mong’a bona. Ho molemo ho boloka nako e itseng ea boleng le molekane a le mong le bana letsatsi le leng le le leng.
Ha nako e sa Bolokoa
Ha molekane kapa motsoali e le moetapele oa bosebeletsi, ho thata haholo ho boloka nako ea boleng le lelapa. Hangata bana ba baruti ba ikutloa eka mang kapa mang a ka bitsa le ho hapa tlhokomelo ea ntate oa bona, empa o phathahane hoo a ke keng a ba nkela nako. Ho ka ’na ha bonahala eka nako ea lelapa hangata e etsoa sehlabelo molemong oa tšebeletso.
Motho ea ts’ebeletsong a kanna a se ke a tseba ho qoba Litšitiso, empa u tlameha ho leka ho bolokela lelapa la hau nako. Haeba u etsa joalo, ho ka etsahala hore ba utloisise boitlamo ba hau ba kamehla le litšitiso tse ka hlahang, tse ke keng tsa qojoa tse hlahang.
Motho eo puo ea hae ea mantlha ea lerato e leng nako ea boleng o ikutloa a sa ratoe haholo ha a se na nako e nang le morero, e tsepamisitsoeng lelapeng la hae. O utloa bohloko haholo ha nako ea boleng e sa behoe pele, le ha merero ea nako ea boleng e behelloa ka thōko ha litšitiso li hlaha. Ho thata ho eena ha lelapa labo le phathahane hoo le ke keng la qeta nako le eena. O ikutloa a se na thuso ha litho tsa lelapa li sa mo mamele ka kelo-hloko e ikhethileng.
Haeba u hlōleha ho fa molekane oa hau kapa ngoana tlhokomelo ea botho, ba ka ’na ba se ke ba utloa lerato leo u nang le lona ho bona, le hoja u ba etsetsa lintho. E ka ’na eaba monna o sebeletsa lelapa la hae ka thata, leha ho le joalo mosali oa hae a ka ’na a ikutloa a sa ratoe hobane o phathahane haholo ho kaba le nako le eena.
Moshanyana e mong o ile a ea ho ntate oa hae ho ea mo phetela pale eo a neng a sa tsoa e utloa. Ntate o ne a bala buka, empa a khefutsa ho mamela motsotso, eaba o khutlela ho ea bala buka ea hae ha mora oa hae a ntse a le bohareng ba pale. Bophelong bohle ba hae, moshanyana eo o ile a hopola kamoo a neng a ikutloe kateng nakong eo.
► Nako ea boleng hangata e shebahala joang bakeng sa lelapa la hau? Ke mathata afe ao u lokelang ho a hlōla e le hore u qete nako e molemo ‘moho?
Puo ea Lerato 3: Limpho
Batho bao puo ea bona ea mantlha ea lerato eleng ho amohela limpho ba ikutloa ba ratoa haholo ha ba bang ba ba fa ho hong ho bontšang hore ba nahana ka bona.
Limpho tse etsang hore motho a ikutloe a ratoa ke limpho tse fanoang ka hloko. Li khethoa ho nahanoa ka lithahasello tsa moamoheli. Ha se hakaalo hore lia sebetsa kapa lia hlokahala. Limpho tsa lerato ha li fanoe hobane feela mofani a ne a se a sa li batle. Limpho li lokela ho khethoa ka sepheo kapa li etsoe ke mofani.
Mpho e etsang hore motho a ikutloe a ratoa ha e tlamehe ho qosa chelete e ngata. E ka ba ntho e tšoarellang nakoana, joalo ka lijo tse khethehileng kapa lipompong; kapa e ka ba khopotso e sa feleng e bonahalang ea kamano le mofani. Ho motho eo puo ea hae ea mantlha ea lerato e leng ho fumana limpho, matsatsi a tsoalo, lihopotso le matsatsi a phomolo li bohlokoa haholo. Ho bohlokoa haholo hore litho tsa lelapa li hopole matsatsi a na ka mpho e ikhethang bakeng sa motho enoa. Ho se fumane mpho ka matsatsi ana a khethehileng ho bohloko haholo ho motho enoa.
Ho fana ka limpho ha hoa lokela ho lekanyetsoa matsatsing a khethehileng, leha ho le joalo; e lokela ho ba mokhoa o tsoelang pele oa bophelo. Molekane, motsoali, kapa ngoana oa motho eo puo ea hae ea mantlha ea lerato e leng ho fumanang limpho o lokela ho itloaetsa ho batla limpho tse tla thusa moratuoa oa hae ho hopola hore ba hopoloa le ho ratoa.
Mosali eo e leng hore puo ea hae mantlha ea lerato ke ho amohela limpho a ka ikutloa a sa ratoe haeba a nahana hore monna o ile a leka ho boloka litšenyehelo ka ho mo fumanela ho hong bakeng sa mpho e neng e hlokahala leha ho le joalo. Mohlomong o hloka lefielo le lecha, ’me oa le fuoa. Ho molemo hore a be le lefielo le lecha, empa mpho eo e ke ke ea mo thusa hore a ikutloe a ratoa.
Limpho li bohlokoa ha li bontša hore motho o utloisisitse le ho tsotella moamoheli. Li bohlokoa haholo, ha li ne li sa hlokahale. Mpho e bohlokoa ha ho bile le mohopolo, boikitlaetso, le tšenyehelo hammoho.
Bana bao puo ea bona ea mantlha ea lerato eleng ho fumana limpho ba ikutloa ba ratoa haholo ha ntate oa bona a ba rekela sereleli se batang ho feta ha a lefa sekoloto sa bona sa sekolo, le hoja sekoloto sa sekolo se le seholo haholo ebile se le bohlokoa ho feta. Ho e-na le ho batla hore litho tsa lelapa li ananele seo u tloaetseng ho fana ka sona, fumana litsela tsa ho etsa ntho e khethehileng ho tsona.
Batho ba bang ba etsa hore bana ba bona kapa molekane a kope bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Motho ea lekhonatha eo ka seoelo a ithekelang lintho a kanna a utloa hose bonolo ho fana ka seatla se bulehileng le ho fana ka limpho tse bonahalang li sa hlokahale. Ha a batle hore litho tsa lelapa la hae li qalelle ho lebella limpho. Empa haeba a e-na le molekane kapa ngoana eo limpho e leng tsa bohlokoa ho eena, o lokela ho sebeletsa ho hlōla tšekamelo ea hae ea tlhaho. O tlameha ho leka ho bona limpho joaloka ha ba li bona -—li le bohlokoa ebile li le molemo. Ha u fana ka limpho, fana ka bolokolohi, ka thabo!
► Moithuti o lokela ho bala 2 Bakorinthe 9:6-9 bakeng sa sehlopha. Serapeng sena, Pauluse o laea balumeli ba Korinthe ho fana ka lerato ho balumeli ‘moho le bona ba nang le bohloki. Litemaneng tsena, leka ho khetholla litšusumetso tse 'nè kapa tse hlano tsa ho fana. Melao-motheo e tsoang temaneng ena e sebetsa ka tsela efe ho fana ka seatla se bulehileng ka hara malapa a rōna?
► Ho fana ka limpho ho na le sebaka sefe lelapeng la hau? Na u na le mathata leha a ho bontša lerato ka ho fana ka limpho? Mathata ke afe hape u ka a hlola joang?
Puo ea Lerato 4: Liketso tsa Ts’ebeletso
Batho bao puo ea bona ea mantlha ea lerato e leng Diketso tsa tšebeletso ba ikutloa ba ratoa haholo ha ba bang ba ba etsetsa lintho.
Diketso tsa tšebeletso li fihlela litlhoko tse sebetsang. E ka ’na eaba ke lintho tseo motho a neng a sa khone ho iketsetsa tsona. tšebeletso ekaba ntho e bonolo joaloka ho fumanela motho seno. E kanna eaba ho hlokomela motho ea kulang. E kanna eaba ho thusana boemong ba bohloki.
Malapeng a mangata, ho tla ba le nako e telele eo ka eona setho se le seng sa lelapa se hlokang tlhokomelo ea botho kamehla. Ka baka la lerato le boikitlaetso tsa lelapa, ha ba khaotse ho etsa mesebetsi e mengata ea bosebeletsi. Le ha e le mona nako e ngata e nehelanoa Diketsong tsa bosebeletsi, litho tsa lelapa li lokela ho hopola ho bontša lerato ka tsela tse ling tse bileng li nang le moelelo haholo ka ho tšoana, ka ho khetholoha haeba puo ea pele ea motho ea lerato e se Liketso tsa ts’ebeletso.
Diketso tse ling tsa bosebeletsi ka tlhaho lia ipheta-pheta ‘me li ka tlolisoa mahlo holimo ha bobebe kapa tsa nkeloa tlaatse. Basali ba bangata ba bontša lerato ka ho pheha le ho hlokomela ntlo letsatsi le letsatsi. Monna a ka ‘na a sebeletsa ho hlokomela lelapa la hae. Haeba o se o ntse o sebeletsa ka tsela tsohle tse kang tsena, o ntse o lokela ho batla litsela tse ikhethang ho etsa Diketso tsa ts’ebeletso bakeng sa setho sa lelapa ka puo ena ea mantlha ea lerato.
Ha mosali a sa bontše thahasello litlhokong tse nyenyane tsa monna oa hae, o hloleha ho buoa puo ena ea lerato. Mohlomong o nahana hore, “monna a ka ikhella metsi.” Empa ha a ka mokhella metsi, ho ka bonahatsa ho monna lerato le ikhethang.
Ka ho tšoana, monna o lokela ho bontša kananelo. Ha a fa mosali oa hae khefu mosebetsing oo a tloaetseng ho o etsa kamehla, ka ho o etsa bakeng sa hae, o tlotlisa karolo ea hae leho ela hloko hore mosebetsi oa hae o boima hape o bohokoa.
Monna a kanna a ikutloa eka o se a ntse a sebetsa ka thata holekana, le hore ke mosebetsi oa mosali oa hae ho etsa mesebetsi eohle ea lelapa. A kanna a nahana hore mosali o lokela ho eketsa ho moo a seng a ntse a etsa. Haeba a hopola hore mesebetsi ea ka tlung e ka tlaase ho seriti sa hae, hoo ho bontša hore o nka basali ba nyenyefetse ‘me ba lokeloa ke mesebetsi e joalo. Basali ha b’a nyenyefala, ‘me mosebetsi oa katlung ha se mosebetsi o ehisehang ho feta mosebetsi oa kantle ho lelapa.
Monna a kanna a ikutloa eka o nka mosebetsi oa mohlanka (ka tlaša mosali oa hae) ha a thusa ka tlung, empa hoo ha se ‘nete. Haeba a ithaopela ho thusana, o bontša boleng ba mosebetsi hape le boleng ba motho eo a mo thusang. Bosebeletsi ba hae bo tlotla motho eo kamehla a etsang mosebetsi o joalo le ho bontša kananelo bakeng sa hae. Mosali oa hae a ke ke a bona eena e le mohlanka empa e le ea hlomphang.
Haeba batho ba thusana ka monyebe le ka lipelaelo, ba fana ka setšoantšo sa hore ba qobeletsoe ho thusa. Ketso ea bona ea bosebeletsi ha e bontše lerato. Haeba ba etsa Diketso tsa ts’ebeletso ka thabo le ho hlahisa boikitlaetso bo ikhethang, hoo ho bontša hore ka bolokolohi ba ikhethetse ho sebeletsa, ka hobane ha ho motho ea ba qobellang ho sebeletsa ka tsela e joalo. Tšebeletso ena e thabisang e fetisa lerato la bona ka ho hlaka. Bo boetse e ba thusa ho fumana tlhompho ea baratuoa ba bona.
► Ke neng ha ho le thata ka ho fetisa ho uena ho sebeletsa lelapa la hau? Ke joang ho nahana ka bosebeletsi joalo ka ponahatso ea lerato ho fetoleng tsela eo o talimang litaba ka eona?
Puo ea Lerato 5: Kamo ea ‘mele
Batho bao puo ea bona ea mantlha ea lerato e leng kamo ea 'mele ba ikutloa ba ratoa haholo ha ba angoa ka lerato ke litho tsa malapa a bona.
Ho na le mekhoa e fapaneng ea ho bontša lerato ka kamo ea 'mele. Tse ling li amoheleile likamanong tse ling le maemong a itseng empa ha lia amoheleha likamanong tse ling. Mehlala e seng mekae ke ena:
Ho fanana kako
Ho beha letsoho ka mokokotlong kapa lehetleng la motho
Ho phaphatha motho mokokotlo kapa lehetla
Ho lula ‘moho
Ho tšoarana ka matsoho
Ho akana
Ho silila mokokotlo
Ho nka ngoana
Ho pholla kapa ho kama moriri oa ngoana
Ho fana ka kalafo le tlhokomelo e khabane ha motho a kula kapa a e-na le ho fokola ho hong ’meleng
Ho kamo 'mele ho ka boela ha e-ba le moelelo haholo ha motho a feta nakong e thata. Nakong ea mesarelo, bohloko, bolutu, kapa ho tepella maikutlong, ho haka ho ka ba le moelelo haholoanyane ho motho eo puo ea hae ea mantlha ea lerato e leng kamo 'mele ho feta mantsoe leha e le afe kapa Liketso tsa ts’ebeletso
Bakeng sa motho eo puo ea hae ea mantlha ea lerato e leng kamo ea 'mele, ho bohlokoa ho tsoela pele ho bontša lerato la hau meleng le ha a kula, haeba ho khoneha. Hopola hore lerato ha le na maemo ebile ke boitelo. Ntate ka ho Luka 15:20 o ile a haka le ho aka mora oa hae ea bakileng, le hoja mora oa hae a ne a nkha, a le litšila, a bile a se na lerato ka litsela tsohle.
Puo ea lerato ea kamo ea ‘mele ha se hakalo-kalo ea thobalano. Ketso ea thobalano ke karolo ea kamo. akatso ea ho ama le ho angoa e ka 'na ea susumetsa le ho bontšoa ketsong ea thobalano, empa ketso ea thobalano e le ’ngoe e ke ke ea lekana bakeng sa motho eo puo ea hae ea mantlha ea lerato e leng kamo.
Takatso ea ho ikutloa o ratoa ka kamo ‘meleng e ka etsa motho a be teko ea ho etsa thobalano e litšila. Ho bohlokoa ho batsoali ho fana ka pontšo ea kamo e bonahalang e lekaneng e amohelehang e leng kamo eo e seng ea thobabalano ho bara le barali ba bona, e le hore tlhoko tsa kamo ea ‘mele ea bana ba bona e fihleloe. Ngoana ea ikutloang a ratoa o na le kutloisiso e matla ea ho hana teko.
Libe tsa kamo ea ‘Mele
Bao puo ea bona ea mantlha ea lerato e leng ho ama ba hatakeloa haholo ke ho ba mahlahahlaha 'meleng. Ho otla motho ka khalefo (Bagalata 5:20), ho babola motho sefahlehong e le ho mo tlotlolla (Mattheu 5:39) kapa ho otla motho ka ho sebelisa matla a hau a bolaoli hampe (Mattheu 24:48-49) ke bobe. Ka lebaka la mangolo ana, rea tseba hoba batsoali ha ba na tokelo ea ho utloisa bana ba bona bohloko, le ha ba ka ikutloa ba halefile kapa ba ferekane. Molimo le eena o re ke bobe ha bana ba otla batsoali ba bona (Eksoda 21:15).
Taeo e loketseng, e laoloang, ea ’mele ea bana e fanoang ke batsoali ka moea oa bonolo (BaKolose 3:21), ka morero oa ho lokisa le ho ruta ka ho loka, hase sebe. Ho e-na le hoo, ke tlhokahalo ea Molimo ho batsoali, e ba nolofalletsang ho pholosa meea ea bana ba bona (Diproverbia 13:24, Diproverbia 19:18, Diproverbia 29:15, BaHebheru 12:5-7).
Boitšoaro bohle bo bobe ba thobalano le tlhekefetso, ho kenyelletsa le ho kopanela liphate le moamani ea haufi-ufi (Levitike 20:11-12, 14) ke bobe.
Ho Khetholla Puo ea Hao ea Mathomo ea Lerato
Hase kamehla batho ba tsebang puo ea bona e ka sehloohong ea lerato. Ba ka ’na ba se ke ba nahana ka litsela tseo hangata ba bontšang lerato la bona ho ba bang. E ka ’na eaba ha ba tsebe seo ba bang ba se etsang se etsang hore ba ikutloe ba ratoa. Nka nakoana ho nahanisisa ka seo u se tsebang ka lipuo tse hlano tsa lerato.
► Ke ka puo efe ea lerato eo u e etsang ka tlhaho 'me hangata u bontša lerato la hau ho ba bang?
► Lipuo tsa hau tsa mantlha le tsa bobeli tsa lerato ke life? Haeba u na le bothata ba ho lemoha hore na ke lipolelo life tseo lerato le li bolelang haholo ho uena, lipotso ke tsena tse ka u thusang:
Ke efe mehlala ea lintho tse o thabisang?
Ke efe mehopolo eo o e ratang haholo?
Ke eng eo u tletlebang ka eona (bomonng ba hau lekunutung)?
Ke eng e u utloisang bohloko?
Lipuo tse Hlano tsa Lerato le Bana
Batho bohle ba lokela ho amohela lipolelo tsa lerato kamehla lipuong tsohle tse hlano tsa lerato, empa sena ke ’nete haholo-holo ho bana. E le hore e be bana ba leka-lekaneng, ba phelang hantle maikutlong, ba lokela ho bolelloa ka linako tsohle le khafetsa le ho bontšoa hore batsoali ba bona ba ba rata ntle ho mabaka. Ha batsoali ba bontša lerato la bona ho bana ba bona ka litsela tse sa tšoaneng hangata letsatsi ka leng, ho tšoana le pula e bonolo, e matlafatsang mobu oa lipelo tsa bana ba bona.
U se ke ua nka hore bana ba hao baa tseba 'me u utloe lerato la hau ho bona. Hangata le kamehla ba tlameha ho bona lerato la hau le bontšoa ka puo ea bona ea mantlha ea lerato hammoho le lipuo tse ling tsa lerato.
Temoho ea Puo ea Lerato ea Pele ea Ngoana
Gary Chapman le Ross Campbell ba thathamisa mehopolo ena bakeng sa hore na o ka li sibolla joang puo ea pele ea lerato ea ngoan’a hau:[1]
1. Hlokomela kamoo ngoana oa hau a bontšang lerato ho uena kateng.
2. Hlokomela kamoo ngoana oa hau a bontšang lerato ho ba bang kateng.
3. Mamela seo ngoana oa hau a se kopang hangata haholo.
4. Hlokomela seo ngoana oa hau a tletlebang ka sona khafetsa.
5. Fa ngoan’a hau khetho pakeng tsa likhetho tse peli.
Ho ka ’na ha se ke ha khoneha ho tseba hore na ngoana o bua puo e ka sehloohong ea lerato pele a e-ba lilemo li hlano.
Lintlha tse Khethehileng ka Lipuo tsa Lerato bakeng sa Bana
Re ke ke ra qaqisa ka e 'ngoe le e 'ngoe ea lipuo tsa lerato mona kaha e 'ngoe le e 'ngoe e e tšohliloe pele. Ho e-na le hoo, re tla hlokomela feela litlamorao tse 'maloa tse khethehileng le ho beha lintho ts’ebetsong ho bontša lerato ho bana.
Mantsoe a Tiisetso
Ho ikutloa ho le thata haholo ho fana ka tiiso ha motho a etsa phoso haholo kapa a sa sebetse hantle. Empa haeba u ka fumana ntho e lokileng le e tiileng ho bolela hore e tla susumetsa bana ba hau, ’me ho ka etsahala hore ebe ba tla khona ho hōla.
Nako ea Boleng
Ho molemo haholo hore malapa a je hammoho bonyane hang ka letsatsi 'me a tsepamise maikutlo ho etelaneng ka nako eo.
Malapeng a nang le bana ba bangata, ho bonolo ho hlokomoloha nako ea boleng le ngoana ka mong. Leha ho le joalo, ho behella ka thōko nako ea ho etsa ntho e khethehileng le bana ka bomong ho tla ba thusa ho utloa lerato la hau ho bona. Nako ba le bang hammoho e boetse e ba fa monyetla o sireletsehileng oa ho arolelana maikutlo a bona ao ba ka ’nang ba ba leqe ho a arolelana ka pela banab’abo bona kapa litho tse ling tsa lelapa.
Hangata, ka tšohanyetso bana ba tla kōpa nako ea boleng ba le bang le e mong oa batsoali ba bona. Ka linako tse ling nakong ea ho robala ngoana a ka phuthuloha ’me a batla ho bua ka ntho e mo imelang pelo. Ho bohlokoa haholo ho batsoali ho nka nako ea ho mamela bana ka metsotso ena. Ka makhetlo a mangata, ngoana o sebetsana le taba ea semoea, ‘me ka ho tla ho ntate kapa ‘m’e lekunutung, o batla thuso ea semoea. Batsoali ba na le monyetla o khethehileng oa ho tataisetsa bana ba bona ho Jesu Nakong ena.
Nakong ea boleng ea hau le bana ba hau, ithute ho botsa lipotso tse bulehileng tse tla u thusa ho utloisisa hore na ba nahana joang le hore na ba ikutloa joang. Lipotso tse bulehileng li ke ke tsa arajoa ka “e” kapa “chee.” Lipotso bulehileng ha li na karabo e itseng. Lipotso tse bulehileng hangata li qala ka “Hobaneng…” “Joang…” kapa “Eng...”. Ba qalang moqoqo ba bulehileng ba qala ka lipoleloana tse kang “Mpolelle ka...” kapa “U nahana eng ka…”
Ha ngoan’a hau a ntse a araba potso ea hau, etsa bo’nete ba ho mamela karabo ea hae ka hloko ‘me u arabe ka nepo. Maemong a mang, u tla batla ho botsa potso e latelang. Ka linako tse ling, u tla batla ho hlakisa ho etsa bo’nete ba hore u utloisisa seo ba lekang ho se hlalosa. Ka linako tse ling u lokela ho ba rorisa ka seo ba se bonang kapa maikutlo a b. Ke habohlokoa hore ngoana a se ke a ikutloa eka o llipotsong, empa hore moqoqo e be oa tlhaho. Ho ela hloko ha hau ho tla thusa ngoana oa hau hore a ikutloe a utluoa, a nkoa e le oa bohlokoa le ho ratoa.
Ho ipha nako ea ho mamela ngoana ka ‘nete ha a pheta pale ho boetse ho bontša lerato la hau ho eena ka tsela e nang le moelelo ho eena. Ho ipha nako ea ho phetela bana lipale kapa ho ba balla libuka e boetse e ntse e le tsela e ntle ho ba le nako ea boleng ‘moho le bona.
Ho bapala lipapali ‘moho kapa ho sebetsa mosebetsi o hlabollang ‘moho ke tse ling tsa litsela tsa ho ba le nako ea boleng le bana ba hau.
Batsoali ba bang ha bafe bana ba bona nako e lekaneng ea boleng. Ba leka ho lefella sena ka ho fa bana ba bona limpho. Limpho li ke ke tsa ema sebakeng sa nako ea boleng. Bana ba hloka nako e ngata ea boleng le batsoali ba bona, ho sa tsotellehe hore na puo ea bona ea mantlha ea lerato ke efe. Ha ho palo ea limpho e ka nkang sebaka sa ho ba le nako le bana ba hau.
Limpho
Batsoali ba bangata ke ka seoelo ba rekelang bana ba bona ntho ea ho bapala kapa buka e thahasellisang, hobane lintho tseo ha li bonahale li hlokahala. Lintho tseo li ka thusa khōlong ea ngoana, ntle le ho ba pontšo ea lerato.
Diketso tsa Tšebeletso
Mehopolo e meng bakeng sa ho bonahatsa lerato ka Liketso tsa ts’ebeletso
Lokisa lijo tseo ba li ratang haholo bakeng sa letsatsi la bona la tsoalo
Ba fe tlhokomelo e bonolo ha ba kula
Thusa ngoana oa hau ka morero oa sekolo
Etsa mesebetsi ea lelapa le ngoana oa hau 'me u bontše kananelo ea hau bakeng sa mosebetsi oa bona
Etsa ho hong ho thusang le ngoana oa hau ho motho ea seng lelapeng la hau
Kamo ea ‘Mele
Bana bohle le bana ba banyenyane ba tlameha ho ba le lerato ka kamo ea 'mele. Masea a na le litlhoko tse sebetsang, tse kang ho feptjoa le ho fetoloa maleiri a ’ona, empa hape a hloka ho sikoa, ho nenesoa, ho phollatsa le ho aka. Ho ama hona ha 'mele ka bonolo ho bolela lerato ka tsela eo ba ikutloang ka eona 'me ho bohlokoa bophelong ba bona ba maikutlo le ba kelello.
Ha ntate a bapala le bara ba hae taba eo e ka ba pontšo ea lerato. Tlholisano eo ha e ea lokela ho ba e bohloko, e likhoka, e tsoileng taolong, kapa e bakang khalefo.
Litholoana tsa Nako e Telele tsa Diketso tsa Motsoali le Lentsoe
Batsoali ba tlameha ho latela mohlala oa Molimo litšebelisanong tsa bona le bana ba bona. O lula a hlokomela bana ba hae ka lerato le phethahetseng, la boithati, le se nang moeli. O oa khalemela, oa lokisa le ho koetlisa bana ba hae ka lebaka la lerato la hae ho bona (BaHebheru 12:5-7). Ke moelelong oa kamano ea ntate/ngoana moo a sebetsang ho balumeli’ ho etsa hore ba tšoane le eena (BaHebheru 12:10-11).
Ha hoa lokela hore lerato la batsoali bakeng sa bana ba bona le behoe boitšoarong ba bana ba bona. Ehlile, meputso e metle kapa liphello tse mpe boitšoarong ke karolo e loketseng ea koetliso ea bana, empa lipolelo tsa lerato ha lia lokela ho fanoa kapa ho haneloa ka lebaka la boitšoaro.
Haeba ngoana a lula a e-na le lerato le se nang moeli la batsoali ba hae, o tla utloisisa habonolo le ho tšepa lerato la Molimo ho eena. Leha ho le joalo, ho thata haholoanyane ho ba ileng ba hlekefetsoa kapa ba sa tsotelloang e sa le bana ho utloisisa le ho tšepa Ntate ea lerato oa leholimo, esita le ka mor’a hore ba hōle.
Kutloisiso ea bana ka bobona— haholo-holo bohlokoa ba bona e le batho ka bomong—hangata e tsoa ho seo ba se utloang le seo ba se bonang ho ba bang. Diketso le mantsoe a batsoali ba bona ke tsona tse nang le tšusumetso e kholo, empa beng ka bona le metsoalle ba na le tšusumetso e kholo. Hore na bana ba amohela lipolelo tsa lerato tseo ba li hlokang kapa che ke karolo ea se bōpang sebōpeho sa bona. Ha lerato le haneloa ho bana, kapa bana ba hlekefetsoa maikutlong kapa ’meleng, le senya pono ea bona ea boitlhompho ba bona ka tsela e amang bophelo bohle ba bona.
Mantsoe a batsoali a susumetsa kutloisiso ea bana ka bobona. Mehlala:
Mantsoe a tiisetso: “Ke motlotlo ka uena ka ho sebetsa ka thata hakana! Kea tseba hore u ka e etsa ntho ena!” Sena se bolella bana hore boiteko bo molemo, le hore u lumela hore e ka ba ba atlehileng.
Mantsoe a senyang: “O botsoa haholo. Nkeke ka tšepela ho uena bakeng sa eng kapa eng!” hona ho etsa hore ngoana a lumele hore a ke ke a khona ho fetoha; ha ho lebaka leo ba ka lekang ho fetoha kapa ho fumana tlhompho ea hau, hobane o se o ntse o ba tetse. Ho ka etsa hore bana ba utloe eka o ba lahlile.
Mantsoe a tiisetso: “Ho lokile. Bohle re etsa liphoso ka nako e ‘ngoe, ebe joale re ithuta ho etsa hantle nakong e tlang.” Hona ho bolella bana hore ho bolokehile ho etsa liphoso—lerato la hau ho bona ha le ea itšetleha mosebetsi oa bona o phethehileng. Ho boetse ho bolella bana hore ba lokela ho lebella kholo, hona le lebaka la ho lula re hola.
Mantsoe a senyang: “O sethoto. U lula o senya.” Hona ho etsa hore ngoana a lumele hore ha ho tšepo ea ho leka. Ho ka boela ha fana ka maikutlo a hore boleng ba bona bo lutse holima Diketso tse phethehileng; ‘me e re ka ha ba lutse ba senya, ha ba khone ho ba le boleng. Ba ke ke ba hlola ba e-ba le tšoanelo ea ho ratoa… ke uena kapa mang le mang.
Ho ikutloisisa ha ngoana e le motho ho boptjoa ke lerato leo a le bontšoang kapa leo a le tingoang. Bokhoni ba hae ba ho sebelisana le ba bang ka litsela tse phetseng hantle bo ntlafatsoa kapa bo holofatsoa ke kamano ea hae le batsoali ba hae. Ngoana ea ratoang hantle a ka ithuta ho rata batho ba bang ka lerato la boithati, le se nang meeli. O boetse o na le letamo la lerato leo a ka khang ho lona.
Lerato la sebele ke mafura a maikutlo ho bana, feela joaloka ha ho le joalo ho batho ba baholo.
Melemo ea Tanka e Tletseng ea Maikutlo
Ho na le litela tse ngata tseo bana ba ruang molemo ka tsona ka ho ba le litanka tse felletseng tsa mafura a maikutlo. Ha bana ba tseba hore baa ratoa, ba na le matla le botsitso boo ba bo hlokang ho tobana le mathata le ho hola hantle.
Bana ba tsebang hore ba ratoa ntle le mabaka ba sireletsehile maikutlong. Ka baka lena, ba ikemiselitse ho amohela taeo, khalemo, le tataiso ho tsoa ho batsoali ba bona ho feta kamoo ba neng ba tla ba kateng. Ba boetse ba khona ho hanela moleko o bakoang ke khatello ea lithaka, hobane ba sireletsehile ho seo ba leng sona 'me ha ho hlokahale hore ba iponahatse ho ba bang.
Ngoanana ea atisang ho fereha bashanyana a ka itšoara ka tsela eo hobane a tšaba hore ba ke ke ba mo rata kapa ho mo ela hloko mohlomong. Ngoanana ea lihlong ho bashanyana a kanna a tšaba hore ba ke ke ba mo rata haeba a hlile a hlalosa semelo sa hae. Barali ba fumanang tiiso le lerato ho bo-ntat'a bona ba ka 'na ba sebelisana le bashanyana ka litsela tse phetseng hantle ntle le ho ratana kapa ho ba lihlong. Ba sireletsehile boitsebahatsong ba bona ka lebaka la lerato la ntate oa bona.
Lerato la ’nete, le se nang meeli la batsoali le bontšoang khafetsa lipuong tsohle tse hlano tsa lerato le sireletsa bana kotsing e khōlō. Hangata bana ba ratoang hantle ha ba batle lerato le tšireletseho ho ba bang ba ikemiselitseng ho ba ntša kotsi Hangata bana ba ratoang hantle ha ba batle lerato le tšireletseho ho ba bang ba ikemiselitseng ho ba ntša kotsi.
Ka kakaretso, ho na le melemo e mengata ea ho ba le tanka tse felletseng tsa mafura a maikutlo ha motho e sa le ngoana:
Kutloisiso e nepahetseng ea boleng ba motho le mohloli oa bona
Kutloisiso e nepahetseng ea boikitlaetso, liphoso, kholo, le lerato le se nang moeli
Bokhoni ba ho ithuta ho rata ba bang hantle
Matla le botsitso bakeng sa ho tobana le liqholotso le ho theoa ka tsela e nepahetseng
Tšireletso ea maikutlo
Bokhoni ba ho amohela taeo, khalemo, le tataiso
Bokhoni ba ho hana litšusumetso tse fosahetseng tsa lithaka
Ho ba boemong boo u ke keng oa hlekefetsoa likamanong nakong e tlang
► Ke litsela life tse ling tseo u boneng bana ba una molemo ka tsona ka ho ratoa haholo?
Mefokolo ea Tanka e se nang letho ea Maikutlo
Bana ba ikutloang ba sa ratoe ba ka ’na ba hana tataiso hobane ba haelloa ke tšusumetso ea ho khahlisa ’mè oa bona kapa ntate oa bona. Ntle le tanka e tletseng ea mafura a maikutlo, bana ba bangata ha ba na kamano e matla, e ntle ea botšepehi le motsoali ea lekang ho ba etella pele.
Bana bao litanka tsa bona tsa mafura a maikutlo li se nang letho ba kotsing ea ho hlekefetsoa ho feta bana ba likamanong tse phetseng hantle, tse lerato le litho tsa lelapa. Kaha ha ba ikutloe ba ratoa, ba ka ’na ba batla lerato ho batho ba batlang ho le sebelisa kapa ho ba ntša kotsi.
[1]Dr. Gary Chapman le Dr. Ross Campbell, The Five Love Languages of Children, (Northfield Publishing, Chicago, 1997), 101-103.
Litšobotsi tsa Malapa a Matla
Lithutong tsena re ithutile ka lipuo tse hlano tsa mantlha tsa lerato. Leha e le mona batho ka bo ‘ngoe hangata ba na le puo ea mantlha ea lerato e le ‘ngoe kapa tse peli, motho e mong le e mong o hloka hore kamehla a ratoe ka tsela tseo tse hlano kaofela. Lelapa le phetseng hantle ke leo ho lona motho e mong le e mong a holisang likamano le ba bang ka boomo ka ho bua mantsoe a tiisang letsatsi le letsatsi, ho qeta nako ea boleng hammoho, ho sebeletsa, le ho fana ka maikutlo a lerato. Ho fana ka limpho ho e mong e ka 'na ea se ke ea e-ba ketsahalo ea letsatsi le letsatsi empa e ntse e le karolo ea bohlokoa ea likamano tse phetseng hantle ka hara lelapa.
► Lerato le bontšoa hangata joang lelapeng la hao? Na lerato le bontšoa ka lipuo tsohle tse hlano tsa lerato? Ke hangata hakae lipolelo tsa lerato li arolelanoang?
Phuputso ea lilemo tse 25 eo e seng ea bolumeli ea malapa a 14 000 e bontšitse hore malapa a mangata a phetseng hantle, a atlehileng le a leka-lekaneng a tsoang litsong tse sa tšoaneng a na le litšobotsi tse tšeletseng tse tšoanang.[1] Tse ling tsa litšoaneleho tsena li amana ka ho toba le lipuo tse sa tšoaneng tsa lerato, tseo ho bonahalang li hatisa bohlokoa ba lipolelo tse sa tšoaneng tsa lerato. Stinnett le Beam ba thathamisitse litšoaneleho le litlhaloso tseo tse tšeletseng bakeng sa e 'ngoe le e 'ngoe:
1. Boitlamo. Litho tsa malapa a matla li ikemiselitse ho etsa ho molemo ‘bakeng sa e mong ho e mong. Ba ananela bonngoe ba lelapa.
2. Kananelo le lerato. Litho tsa malapa a matla li bontša kananelo hangata. Ba ka ikutloa hore lelapa la bona le molemo.
3. Puisano e ntle. Litho tsa malapa a molemo li na le tsebo e ntle ea puisano ’me li qeta nako e ngata li buisana.
4.Nako ‘moho. Malapa a matla a qeta nako —nako ea boleng ka bongata bo boholo—‘moho.
5. Bophelo bo botle ba moea. Ho sa tsotellehe hore na ba ea litšebeletsong tsa bolumeli kapa che, malapa a matla a na le boikutlo ba molemo kapa matla a maholo bophelong. Tumelo eo e ba fa matla le sepheo.
6. Bokhoni ba ho sebetsana ka katleho le khatello ea maikutlo le tlokotsi. Litho tsa malapa a matla li khona ho talima khatello ea kelello kapa tlokotsi e le menyetla ea ho hōla.
[1]Dr. Nick & Nancy Stinnett and Joe & Alice Beam, Fantastic Families: 6 Proven Steps to Building a Strong Family, (Brentwood, TN: Howard Books, 2008)
Ho e Kenya Tšebetsong
Re nahanne ka lintho tse ngata lithutong tsena tse peli. Re ile ra qala ka puisano ea lerato la ’nete, eaba re hlokomela lipuo tse hlano tseo hangata lerato le buuoang ka tsona. Re ithutile ka litanka tsa mafura a maikutlo le tlhoko eo litho tsa malapa a rōna li tlamehang ho ba le lerato la rōna ho tsona ka puo ea bona ea mantlha ea lerato. Re ile ra bua ka hore na ho se tšoane ha botho ka lapeng ho ka etsa hore re hōle leratong.
Ka mor’a moo, re ile ra hlahloba e ’ngoe le e ’ngoe ea lipuo tse hlano tsa lerato ka botebo, re sheba mehlala ea e ’ngoe le e ’ngoe, le tšenyo e bakoang ha e ’ngoe e sa natsoe kapa e sebelisoa hampe Re ithutile kamoo bana ba ruang molemo kateng ka ho ba le litanka tse tletseng mafura a maikutlo, le kamoo ba utloang bohloko kateng ha litanka tsa bona li felloa. Re ile ra bua ka ho qaqileng haholoanyane ka ho bontša lerato la rōna ho bana ba rōna. Joale, re ile ra hlokomela kamoo mokhoa oa lipuo tse hlano tsa lerato o amanang kateng le litšobotsi tse tšeletseng tse tloaelehileng tsa malapa a phetseng hantle.
Ha re phethela lithuto tsena, re tla buisana ka boikarabello ba hau— seo u ka se etsang le seo u lokelang ho se etsa ka seo u ithutileng sona.
(1) U na le boikarabelo ba ho rata lelapa la hau.
U lokela ho ikemisetsa ho fetoha ka tsela tsohle tse khonehang ntle le ho emela hore litho tsa lelapa la hau e be tsona tse o ratang. Lerato la ‘nete ha le eme ho fihlella motho e mong a bontša lerato ho uena. Le iponahatsa le ha motho eo a le fuoang ho bonahala le sa mo lokele, hobane lerato ha le ea itšetleha ka ho tšoaneleha ha moamoheli.
(2) Ke boikarabelo ba hau ho etsa ka hohle ho bonahatsa lerato la hau bakeng sa lelapa la hau ka litsela tsa holimo haholo ho bona.
Ho ka etsahala hore ebe u tla tlameha ho etsa boiteko bo eketsehileng ba ho bontša lerato ka puo e le ’ngoe kapa tse ngata tse sa itleleng ho uena. Qalong, lipolelo tse ling tsa lerato li ka ’na tsa ikutloa e se tsa tlhaho, tse sa hlakang, kapa tsa booatla ho uena.
Ithute ho hlokomela menyetla ea ho bontša lerato ho litho tsa lelapa la hau. Ela hloko seo litho tsa lelapa la hau li ka se hlokang ka nako e itseng. Mona ke e meng ea mehlala ea puo ka ‘ngoe ea lerato:
Mantsoe a Tiisetso: Nahana, “_______ mohlomong o ikutloa a sa kholisehe ka seo a sa tsoa se bua. Empa o ne a nepile ho seo a se buileng. Ke hloka ho bua ho hong ho tiisang.”
Nako ea Boleng: Botsa, “Na u ka rata ho bua ka eona?” Ebe u emisa seo u se etsang, u ba fe tlhokomelo ea hau e felletseng, 'me u bontše ka puo ea hau ea' mele hore ehlile u mametse.
Limpho: Ha u ntse u ba fa mpho e re, “ke bone sena ‘me sa etsa hore ke nahane ka uena”
Diketso tsa Tšebeletso: Tlola 'me u botse, “Na nka u fumanela seo?” kapa “Na nka u thusa ka seo?”
Kamo ea ’Mele: Leba ho bona e be o re, “Le shebahala eka le ka amohela kako” ha u ntse u phuthela matsoho a hau ho ba pota-pota.
(3) U ikarabella bakeng sa maikutlo a hau.
Molimo o u etselitse hore u hloke ho ba le likamano tse ntle le ba bang. Empa hore na seo se ka etsahala kapa che, Molimo ka boeena ke mohloli oa hau oa ho qetela le khotsofalo ea hau. Lelapa la hau ha le qetelle le ikarabella bakeng sa boiketlo ba hau ba maikutlo. Molimo o u rata ka ho phethahetseng, le hoja ho se motho e mong ea kileng a khona. A ka lokisa khaello efe kapa efe eo u ka bang le eona, kaha u lula leratong la hae (Johanne 15:9-11).
Lelapa la hau le kanna la se bontše lerato ho uena ka puo ea hau ea mantlha ea lerato. Mohlomong ha ba tsebe puo ea hau ea mantlha ea lerato le litlhoko tsa hau tsa maikutlo. Mohlomong ba haelloa ke tšusumetso ea ho bonahatsa lerato ho uena ka tsela eo e leng molemo haholo ho uena. U ka ’na ua khona ho ba hlalosetsa kamoo u ikutloang u ratoa haholo kateng. Empa u ke ke ua etsa hore ba khethe ho bontša lerato ho uena ka tsela eo.
Mohlomong lelapa la hao le bontša lerato la lona ho uena ka litsela tse ling. Ha u ntse u hlokomela lipuo tsa lerato, u tla qala ho lemoha litsela tseo lelapa la hau le seng le ntse le bontša lerato la lona ho uena. Le hoja u ke ke ua li fetola, u ka khetha ho amohela lipolelo tsa bona tsa lerato le ho bontša kananelo ea hau bakeng sa lerato leo.
Thapelo
Ntate oa Leholimo,
Kea o leboha ka ho mpha lelapa. Nthuse ho nka e mong le e mong oa bona e le oa bohlokoa kamoo ke lokelang, le ho holisa kamano e ntle le e mong le e mong oa bona.
Kea leboha ka monyetla oa ho nahana ka litsela tseo nka bontšang lerato la ka ho lelapa la ka ka tsona. Nthuse ho ithuta ho tšoana le Jesu: ho fana ka nako ea ka, matla a maikutlo le a ’mele, le matlotlo a ho hlohonolofatsa le ho khothatsa lelapa la ka. Nthuse ho ba le pelo e ikokobelitseng, e le hore ke tle ke etelletse pele litlhoko tsa ba bang’ ho feta tsa ka. Nthuse ho hlokomela menyetla eo ke nang le eona ea ho bontša lerato la ka ho setho ka seng sa lelapa.
U mpontšitse hore na lerato la sebele ke lefe. U lebeletse hore ke etse boitlamo bo tšoanang ba lerato ho lelapa la ka boo u bo entseng ho ‘na. Ke khetha ho rata molekane oa ka le bana ka lerato le se nang meeli, le fanang ka boithati. Mphe mohau le lereko ka litsela tse ngata tseo ke hlōlehileng ka tsona. Mphe bokhoni ba ho ba rata kamoo ke lokelang.
Amen
Mesebetsi ea Baithuti ea Thuto ea 9
(1) Nahana ka lipuo tsa mantlha tsa lerato tsa molekane oa hau le e mong le e mong oa bana ba hau. Thathamisa mabitso a litho tsa lelapa la hau’. Ebe u thathamisa puo ea mantlha kapa tse peli tsa lerato tsa e 'ngoe le e 'ngoe.
(2) Ke lipolelo life tsa lerato tse tla hloka boiteko bo eketsehileng ka lehlakoreng la hao? Tšoaea tseo. Ngola mehopolo e meng ea hore na u tla qala joang ho bontša lerato la hau ho lelapa la hau ka boomo ka litsela tseo.
(3) Hlahloba setso sa hau, haholo-holo sehlopha sa hau sa sechaba. Thathamisa lipuo tse hlano tsa lerato. Setsong sa hau, puo e 'ngoe le e 'ngoe ea lerato e bontšoa joang? Na ho na le ha e le efe ho tse hlano tseo hangata li sa natsuoeng? Ke litsela life tse tobileng tseo batho ba sehlopha sa hau sa sechaba ba ka bontšang lerato ka litsela tse molemo ho feta tse tloaelehileng moetlong oa hau? Ngola lirapa tse 'maloa tse arabang lipotso tsena.
SGC exists to equip rising Christian leaders around the world by providing free, high-quality theological resources. We gladly grant permission for you to print and distribute our courses under these simple guidelines:
No Changes – Course content must not be altered in any way.
No Profit Sales – Printed copies may not be sold for profit.
Free Use for Ministry – Churches, schools, and other training ministries may freely print and distribute copies—even if they charge tuition.
No Unauthorized Translations – Please contact us before translating any course into another language.
All materials remain the copyrighted property of Shepherds Global Classroom. We simply ask that you honor the integrity of the content and mission.