Dr. Robertson McQuilkin o sebelitse e le moruti ea romeletsoeng ke kereke ea habo naheng ea Japane nako ea lilemo tse 12. Hamorao ea e-ba poresidente oa sekolo se seholo sa Colombia International University. E ne e le sebui se tsejoang ebile e le tichere. mofumahali oa hae Muriel o ile a ba le bokulo ba kelello bo fetotseng mokhoa oa botho oa ho nahana, ho hopola puisano. Ha bokulo bo ntse bo tota ho isa boemong boo Muriel a neng a se a hloka tlhokomelo ea nako eohle, Dr. McQuilkin a tlameha ho itokolla mosebetsing oa bopresitente ba sekolo se seholo e le hore a tle a hlokomele mosali oa hae. A bolela hore o etsa sena ho boloka tšepiso eo a e entseng ha ba ne ba nyalana. O ne a lumela hore ho hlokomela mosali oa hae ke habohlokoa ho feta ho boloka boemo ba mopresidente oa sekolo se seholo.
Setsi sa Molimo sa Lenyalo
Lenyalo le ile la thehoa ke Molimo bakeng sa monna le mosali oa pele bao a ba bōpileng. Lenyalo le raliloe ke Molimo hore e be tsohle tseo batho ba li hlokang. Le etselitsoe hantle tlhaho ea motho. Ho tsohle tseo Molimo a li qapang le nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo a e hlokang, o lula a batla se molemohali bakeng sa rōna. (Deuteronoma 6:24). Molimo o ne a rerile hore morero oa hae oa lenyalo o fe molekane e mong le e mong bophelo bo botle ba maikutlo, kamano le moea.
Molimo o itse ka lenyalo monna le mosali ba siee batsoali ba bona ‘me ba be ‘moho. Lenyalo le beha batho ba babeli ka hara setsoalle le kopanelo e matla hape e haufi ho feta kamano efe kapa efe ea botho. Lenyalo hase batho ba babeli feela hammoho ka kopanelo e fokolang. Bophelo ba bona bo kopantsoe e le hore ka tsela e itseng ba tšoane le motho a le mong. Hona hase feela khokahano ea libopeho tsa bona empa ke kopano e ikhethang.
Lenyalo la Bibele
Lenyalo la Bibele ke ntho e ntle. Empa banyalani ba batlang ho utloa le ho latsoa botle ba lona ba lokela ho hlahloba seo mangolo a se rutang ka lona, le ho latella kutlo ea seo baithutang sona. Lenyalo le khotsofatsang le hloka boikitlaetso le boitelo.
Lenyalo la Bibele le Etselitsoe Kopano ea Boena
Genese e hlalosa popo ea Molimo ka lenyalo. Karolo e ‘ngoe le e ‘ngoe ea tlhaloso e fana ka seriti ho lenyalo.
Morena Molimo a re: Ha ho hotle hore motho a be mong; Ke tla mo etsetsa mothusi ea lekanang le eena (Genese 2:18).
Joalo ka ha Molimo e le Ntate, Mora, le Moea o Halalelang ba kopane, Molimo o re etselitse ho ba sechabeng. Re ile ra etsetsoa moqoqo. Re bōpiloe bakeng sa kamano e haufi-ufi le botsoalle. Molimo o itse ha ho molemo ho ba ‘notši!
Molimo o nkile lehopo ho monna a le etsa mosali e motle, motho e mong—eo le eena a entsoeng ka setšoantšo sa Molimo, ea lekaneng ka boleng, empa a fapane ka sebōpeho — ea etsang hore monna a phethehe. O “tlisitsoe ka tlotla e ikhethang ho monna e le mosebetsi oa ho qetela oa ‘Mopi ebile e le o phethahetseng.”[1]
Lenyalo e lokela ebe kopano ea monyaka.
Ha Adama a ne a re, “Enoa Joale ke lesapo la masapo a ka” (Genese 2:23) o ne a bonahatsa tlhompho le thabo. Adama h’aka a re, “Joale, ke fumane lekhoba! Joale kena le motho ea tla ntlhatsoetsa liphahlo, a mphehele lijo, a silile mokokotlo oa ka le ho etsa mesebetsi ea ka tlung.” Che, Adama o itse, “qetollong ke fumane mothusi, ea mphethahatsang!”
Lenyalo le lokela ho ba kopano eaba lekanang.
... mothusi ea lekanang le eena (Genese 2:18).
Molimo o bopile mosali o tšoanela le ho phethisisa monna.
Matthew Henry o oa re hopotsa, “Mosali o entsoe ka lehopo le ntšitsoeng lehlakoreng ho Adama; h’a etsoa ho tsoa hloohong ea hae hore a tle a mo buse, le ha ele maotong a hae hore a tle a mo tsamaee holimo, empa ho tsoa lehlakoreng hore ba tle ba lekane, tlaša sephaka sa hae hore a tle a sireletsoe le pela pelo ea hae hore a tle a ratoe.”[2] Mosali o n’a se ka tlase kapa hona ho ba ka holima monna, empa o ne a bapile le eena.
Lenyalo le lokela ho ba kopano ea selekane.
Ka hona monna o tla siea ntat’ae le ’m’ae a khomarele mosali oa hae, ’me e tla ba nama e le ’ngoe (Genese 2:24).
Lenyalo le tiileng ha le ea itšetleha holima maikutlo a ho ratoa kamehla (maikutlo a fetoha), kapa monyaka, (le ha ele hore manyalo a phethahetseng a tlisa nyakallo), kapa boikutlo ba hore litlhoko tsohle tsaka lia fihlelloa, (leha e le hore manyalo a tiileng a tlisa boikutlo ba ho fihlelleha ha litlhoko). Melemo e hlabosang ea lenyalo ha e bake lenyalo le tiileng; empa ke litholoana tsa lenyalo le tiileng. Lenyalo le thehiloe holim’a motheo o kekeng oa sisinyeha oa selekane—monna a le mong le mosali a le mong, ka ho khetheha, b’a itlama, e mong ho e mong, bophelo bohle.
Lenyalo le lokela le be le ponaletso, le botšepehi, kamano ea kamohelano—“Ba ne ba hlobotse ka bobeli, monna le mosali oa hae, ’me ba ne ba sa hlajoe ke lihlong” (Genese 2:25). Hobane sebe se ne se e-so ka se silafatsa banyalani bana ba pele, lenyalo la bona le ne le sena kahlolo, leha e le lihlong, le tšabo. Testamente e ncha e ea re bolella, “Lenyalo le ke le hlomphehe ho bohle, le liphate li hloke litšila…” (BaHebheru 13:4).
Lenyalo le tiileng ha le phele moo ho se nang boitšepo, ho se tšepane, ho belaellana, tšabo, moo balekane ba senang bo’nete ba boitlamo ba e mong ho emong lenyalong. Lenyalo le tiileng le hloka tšepiso e tla fela ha feela molekane e mong a ka shoa (Baroma 7:1-2).
Boikemisetso ba Molimo ke hore lenyalo e be selekane sa bophelo bohle lipakeng tsa monna a le mong le mosali a le mong (Mattheu 19:3-6). Pauluse o ile a re balumeli ha ba tlas’a botlamuoa ha balekane ba bona ba sa lumelang a mo hlala (1 Bakorinthe 7:15), empa molumeli ha lokela hore a hlale molekane ea sa lumelang (1 Bakorinthe 7:12-14, 16). Pauluse o ngolile pele hore Molimo o boletse se tšoanang: balumeli ha ba lokele ho khetha ho hlala kapa ho arohana le balekane ba bona empa haeba ba etsa joalo, ha lokele ho nyala motho e mong (1 Bakorinthe 7:10-11, Mattheu 5:31-32, Mattheu 19:9).
Lerato la selekane ke ho fana ka uena, ho hlompha, ho khabisa leha kamano e le thata (1 Bakorinthe 13). Boitlamo bo khoehlang bo hlahisa boiteko bo bonyenyane, khaohano ea boikutlo, ho ikhula le teko.
Monna o phela lerato la selekane h’a sa tele monyaluoa oa hae leha eena a sa tsotelle kapa a sa hlomphe kapa a kula. Mosali o phela lerato la selekane h’a khetha ho hlompha le ho utloa monna oa hae, molemong oa Kreste, leha monna oa hae a sa morate.
Lerato la monna le hapa tlhompho ea mosali, ka ho tšoana tlhompho ea mosali e hapa lerato la monna. ‘Me ba tsoela pele ho hola!
► Ke mathata afe a hlahang ha batho ba nyalana ka khopolo ea hore ba tla fetola liqeto tsa bona hamorao ha ba sa khotsofalla lenyalo leo? Ke phetoho efe e tlisoang ke boitlamo bo phethahetseng ha motho a lumela hore lenyalo le tiile ka ho sa feleng.
Lenyalo la Bibele Ke sebaka sa Thobalano e phethahetseng le Popo bocha
Molimo o entse thobalano e natefeleha ka botlalo ebile e na le matla a ikhethang. Ke ketso e etselitsoeng ho tlisa bonngoe ‘meleng, boikutlong le semoeeng. Bophelo bo botle ba thobalano ho thabisa feela le ho tlisa bonngoe, bo nontša kamano ea lenyalo. Ho ba batlang ho latela tsela ea boitšoaro ba thobalano ea Bibele, thobalano ke mpho ea Molimo e fanoeng hore e natefise lenyalo ka botlalo.[3]
► Baithuti ba lokela ho bala 1 Bakorinthe 7:1-5 le BaHebheru 13:4 bakeng sa sehlopha.
Litemana tsa 1 Bakorinthe li re bolella hore sepheo se le seng sa lenyalo ke ho khotsofatsa litakatso tsa thobalano. Monna le mosali ba inehetse e mong ho e mong ’me ba lahlile tseko ea bona ea hore ke beng ba ’mele ea bona. Hona ho bolela hore motho ea nyetsoeng a ke ke a lebella ho etsa thobalano ha feela eena a khetha, empa ho arabela litakatso tsa molekane oa hae. Litemana tsena ha li bolele hore motho a ka batla khotsofalo khahlanong le thato ea molekane. Ho e-na le hoo, litemana li bolella motho ka mong ho arabela litlhoko tsa e mong.
Serapa sena se re bolella hore banyalani ba seke ba timana monyetla ona. Nako e khutšoanyane ea ho ila thobalano e tsamaeang le boitimo ba lijo e lokile. Empa karohano e telele haholo e tsoala teko ka lebaka la litakatso tse sa khotsofatsoeng. Ka nako e ‘ngoe banyalani ba khetha ho arohana likhoeli tse ‘maloa kapa ho feta hobane e mong a ea mosebetsing kapa a ilo ithuta sebakeng se hole. Pele ba etsa qeto ea mofuta oo, ba lokela ho talima hore na qeto e joalo e ka hara moralo oa Molimo. Ba kanna ba thulana le mathata ka lebaka la karohano eo e telele.
Batho ba bang ba khetha mokhoa oa bophelo o sa kenyeletseng bana empa Bibele e ruta hore Molimo o khahlisoa ke ha batsoali ba e-na le bana ba halalelang (Malakia 2:15). Ho bohlokoa ho ela hloko hore ha se tsoala feela eo Molimo a e hlokang empa bana ba halalelang. Batsoali ba bitsitsoe ke Molimo ho ruta bana ho latela Jesu.
Lenyalo la Bibele ke la Kreste
► Baithuti ba lokela ho bala 1 Petrose 3:1-7 le Baefese 5:22-33 bakeng sa sehlopha. Sehlopha se lokela ho boloka lirapa tsena li bulehile bakeng sa tlhahlobo nakong ea puisano ena.
Ho Baefese 5:30-32, Moea o halalelang o senola moelelo o tebileng oa lenyalo, o patiloeng ho fihlela Jesu a fihla. Lenyalo ke setšoantšo sa lefatše—ponahatso—kamano pakeng tsa Jesu Kreste le Kereke.
Pauluse o qala mokhahlelo ona ka ho khothaletsa balumeli ka hore ba tlale ka Moea (Baefese 5:18). Ke ka baka lena a fanang ka litaelo tse latelang holim’a lenyalo.
Monyaluoa ea tletseng Moea o tla ikokobelletsa monyali oa hae (“hlooho”) ho Morena, ka tsela e tšoanang le eo balumeli ba ikokobelletsang Jesu ka eona (Baefese 5:24, 32; sheba hape 1 Petrose 3:1). Ena ke tsela eo a bontšang tlhompho ho Jesu le ho monna oa hae. Mosali o lokela ho amohela boetapele ba monna oa hae le haeba monna e se molumeli. Haeba a etsa sena, ho ka etsahala hore monna oa hae ea sa pholosoang e be molumeli.
Ho bohlokoa hore mosali e mong le e mong ho hopola Morena boikokobetsong ba hae. Ke ho eena le bakeng sa hae a ikokobetsang, eseng feela bakeng sa monna oa hae. Mahlo a hae a holim’a Jesu, eo eena ka boeena a se nang sekoli. Boikokobetso ba mosali ho monna oa hae ke ketso ea khumamelo ho Jesu.
Boikokobetso ba Bibele joalo ka lerato, bo ke ke ba qobelloa. Boikokobetso ba Bibele ke Mpho eo basali ba e fang banna e le tlhompho ho Kreste (Baefese 5:22-24). Boikokobetso nthong tsohle ke ketso ea khumamelo ho Jesu.[4]
Boikokobetso ba mosali ho monna oa hae ke ketso ea tlhompho (Baefese 5:33) ho eena, e le karolo ea bophelo bo tletseng ka Moea (Baefese 5:18-21). Tlotla ena e tsoang moeeng o bonolo o thotseng ke ea bohlokoa haholo mahlong a Molimo (1 Petrose 3:4).
Monyali ea tletseng ka Moeao tla rata monyaluoa oa hae joalo ka ha Jesu a rata Kereke ea hae (Baefese 5:25). Monyali o lokela ho mo rata joalo kaha a rata ‘mele oa hae (Baefese 5:28-29). O lokela a hlahise boitelo ba ‘mele bo tletseng ka Moea joalo ka ha Jesu a bontšitse ka kereke ea hae ha a ne a nehelana ka eona. Ena ke ketso ea boinehelo ba hae ho Molimo (Baefese 5:21). Sebui se seng se e beha Ka tsela ena:
Joalo kaha Jesu a fane ka eena ho utloisoa bohloko sefapanong ho pholosa kereke, le rōna re lokela ho itela le ho jara [mosebetsi o boima le mathata], e le hore re tle re tsebe ho holisa thabo ea mosali. Ke mosebetsi oa monna ho [sebetsa ka phehello] bakeng sa tšehetso ea hae; ho fana ka litlhoko tsa hae; ho itima phomolo le boiketlo, ha ho hlokeha, e le ho mo hlokomela h’a kula; ho tsamaea ka pela hae e le ho mo sireletsa kotsing; ho mo siretsa h’a le [maemong a kotsi]; ho mo utloela h’a sa thaba; ho imamarela ka eena leha a ka mo sututsa; ho rapela le eena h’a le mathateng a semoea; le ho ikemisetsa ho shoa e le ho mo pholosa. Ke hobaneng ha taba ee e ke ke ea etsahala? Ha sekepe sa bona se soahlamana ‘me ho e-na le lepolanka le le leng le ka fanang ka pholoho na a ke ke a ba le maikemisetso a ho mo beha ho lona, ‘me a bone hore o bolokehile khahlanong le likotsi tsohle tse ka mo tobang? Empa ho sana le ho hong… monna o lokela a be le boikutlo ba hore ke taba ea mantlha ea bophelo ba hae ho batla pholoho ea mosali oa hae, o lokela ho mo lokisetsa sohle se moea oa hae o ka se hlokang…’me o lokela ho bea mohlala; ho mo hlabolla bohlabolli bo hlokehang; le ho mo nolofaletsa tsela ea pholoho. Ha monna a e-na le Moea le boitelo ba Molopolli, a ke ke a bona ho intša sehlabele e le ntho e kholo haholo ha a ka beha ka pele pholoho ea lelapa la hae.[5]
Monyali o lokela ho batla bohloeki ba monyaluoa oa hae, joalo kaha Jesu a hloekisitse monyaluoa oa hae, Kereke (Baefese 5:26-27).
1 Petrose 3:7 e re monna o lokela ho phela le mosali oa hae ka kutloano, ho bolelang hore o lokela ho etsa sohle se matleng a hae ho mo utloisisa. Temaneng ena mosali o bitsoa “pitsa e fokolang”. Mosali o hloka tlhokomelo ho tsoa ho monna oa hae. H’a lokela feela ho mo sirelatsa kotsing ea ‘mele empa hape le ho khathatseheng le khatellong ea maikutlo.
Monna o lokela ho leka matsapa oohle a ho ntlafatsa mosali oa hae: botšepehi, lerato le senang lipehelo, kutloisiso, thapelo, tlhabollo, thuto le mosa.
Ha monna a tšoere mosali oa hae ka lerato le mofuta oo, o tla lefshoa ka thabo. Pauluse o re, “Ea ratang mosali oa hae oa ithata” (Baefese 5:28). Banna ba ratang basali ba bona ka tsela ena ea ho intša sehlabelo ba tla lefshoa ka ho fetisisa ke Molimo, empa ka holimo-limo ka tlhompho, mofuthu oa lerato le botšepehi ba mofumahali oa hae.
► ke lintho life tse ikhethang tseo monna a lokelang ho li etsa ho fana ka tšehetso ea semoea mosaling oa hae?
Ho bohlokoa ho hopola hore na melao e fanoe joang litemaneng tsena. Ha ho thoe monna a sebelise matla a hae hampe holima mosali. Mosali o bolelleloa ho utloa monna oa hae, empa monna ha a bolelloe hore a mo etse hore a mo etse hore a be le kutlo. O bolelloa ho rata mosali oa hae le ho iketsa sehlabelo hore a tle a tsebe ho mo hlokomela. Ka tsela e tšoanang, ha ho thoe mosali a ipatlele ho hlokomeloa ke monna. O bolelloa hore a mo hlomphe.
Lebaka la bohlokoa ho monna ha ea lokela hore a qobelle matla a hae empa e le ho fana ka tlhokomelo ea lerato. Lebaka la bohlokoa ho mosali ha ea lokela ho ipatlela tlhokomelo empa ho hlompha monna oa hae.
Moapostola Petrose o hlokomelisa monna hore lithapelo tsa hae ha li tlo thabeloa ha fela a sa hlokomele mosali oa hae hantle. Mantsoeng a Pauluse le Petrose re ea lemoha hore monna ea sa hlokomeleng mosali oa hae joalo ka ha a lokela ha a rate Molimo joalo ka ha a tšoanela. Mosali ea sa hlompheng monna oa hae ha hlomphe Molimo joalo ka ha a tšoanela. Boitšoaro ba rōna lenyalong bo fetola kamano ea rōna le Molimo.
[4]Bakeng sa tlhahlobo e eketsehileng ea sehlooho sa boikokobetso ba Bibele, talima Thuto ea 10 ea Spiritual Formation, e fumanoang ho Shepherds Global Classroom.
Molimo o ralile lenyalo ho tia ka ho sa feleng. Lenyalong, monna le mosali ba tšepisa ho tšepahallana ha fela ka bobeli ba ntse ba phela.
Bibele e ngotse mantsoe a Jesu mabapi le lenyalo, a ileng a boleloa puisanong ea hae le Bafarisi.
► Moithuti o lokela ho bala Mattheu 19:3-8 bakeng sa sehlopha.
Jesu o boletse hore Molimo o reretse lenyalo ho hlola ka ho sa feleng. O boletse hore tlhalano e etselitsoe batho ba sa latelang Molimo.
Ho na le mabaka a mangata ao ka oona Molimo o thehetseng lenyalo ho hlola ka ho sa feleng, ao a mang a ona re buileng ka oona karolong e fetileng. Lebaka le leng leo ka lona lenyalo le lokelang ho hlola ka ho sa feleng ke bana. Kutlo moralong oa Molimo ka lenyalo e hlahisa tikoloho e ntle e ho eo re holisang bana. Joalo kaha batsoali ba tlotla Molimo ka kutlo melao-motheong ea hae lenyalong le lapeng la oona, batla tseba ho holisa bana ba tletseng ka khalalelo (Malakia 2:15).
Molimo o ralile bophelo ba motho ka tsela ea hore bana ba nke lilemo tse itseng ba ntse ba hola ho ba batho ba baholo. Nakong ena, bana ba boliseng ba batsoali bakeng sa tšireletso, phepo le koetliso. Hona ho fapane le liphoofolo tse fihlelang kholo ka selemo kapa tse peli. Bana ba hloka nako e ngata ho ba le semelo sa kholo. Molimo o rerile lelapa e le mokhoa oa ho holisa bana. Mathata a mangata ka har’a sechaba a tsoa tlhokahalong ea malapa a nang le batsoali ba tšepehang.
Lenyalo le hloka batho ho etsa tšepiso e itlamelang e mong ho e mong bophelo bohle. Morabe o mong le o mong o na le mekhoa le mekete e bontšang hore lenyalo ke kano ea bohlokoa. Mokete ke tsela eo ka eona monna le mosali ba lokelang ho bolela phatlalatsa hore ba nka kano ea bophelo bohle.
Mebuso e mengata e boloka li-poloko tsa manyalo. Melao ea manyalo e kenana le thuo ea setša, poloko ea bana le lefa.
Mohlala o sebelisitsoeng likanong tsa manyalo a mangata ke ana:
Ke u nka ka lenyalo u le [monna/mosali] oa ka, eo ke nang le eena ‘me eo ke tla mo khomarela, ho tloha hajoale ho leba pele, monateng le bohlokong, boruing le bofutsaneng, bokulong le bophelong, ho u rata le ho u hlokomela, ho fihlela re arohanngoa ke lefu ho ea ka lipehelo tsa Molimo tse halalelang; ‘me ka baka leo, ke itlama ka uena.
Boikutlo ba lerato ha bo ka ke ba lula bo le teng kamehla, lenyalo le ke ke la tšetlehoa holima maikutlo a botho a ka qholotsoang. Likano tsa lenyalo li bolela hore monna le mosali ba tšepisa ho tšepahallana ha fela bobeli bo ntse bo phela ‘me tšepiso eo ha e ea itšetleha holima lipehelo life kapa life.
Ka lebaka la ho hlola ka ho sa feleng ha lenyalo, Bakreste ha ba ea lokela ho etsa lipolelo tse bontšang hore ba ikemiselitse ho khaola manyalo a bona ka baka la mathata a likamano. Motho a se ke a re, “Hoja ha kea nyalana le uena,” kapa “Mohlomong ke hore re arohane.” Ka nako e ‘ngoe lipolelo tse joalo ke teko ea ho qobella motho e mong ho bontša hore o tsotella lenyalo na. Motho o nahana hore e mong o tla leka ka matla ho khahlisa molekane ka lebaka la polelo e lometsang, empa taba eo ha se hangata e etsahalang. Ho e-na le hoo, e mong o itšereletsa ka hore, “Ho lokile, re kanna ra hlalana haeba u batla joalo.” Joale ka bobeli ba fana ka maikutlo a hore ba ikemiselitse ho khaola lenyalo ka lebaka la litaba-tabelo tsa bona, ‘me kamano e e-ba e mpe le ho feta.
► Ke hobaneng ha lenyalo le qala ka likano e seng polelo feela ea lerato?
► Na ho teng motho ea ka thabelang ho arolelana le rōna kamoo a keneng lenyalong hobane a shebile melemo e itseng empa a sa elelloe bohlokoa ba kano?
Lenyalo joalo ka kopanelo ea Bokreste
► Moithuti o lokela ho bala 2 Bakorinthe 6:14-18 bakeng sa sehlopha.
Litemana tsena li re bolella hore kano ea molumeli e thibeloa ke ha a khomarelane haholo le baetsalibe. Joalo kaha molumeli a ke ke a tlotlisa ‘moho le motho ea tlotlisang Satane, a ke ke a latela mokhoa oo oa ho phela le tseo baetsalibe ba li behileng ka sehloohong. Tlhokomeliso ena e ka sebetsa mefuteng e mengata ea likamano, ho kenyeletsa le likamano tsa kopanelo ea likhoebo.
Lenyalo ke kamano e haufi haholo ea botho. Molumeli ha lokela a leke feela le ho nahana ho nyalana ka kano le motho eo e seng molumeli (1 Bakorinthe 7:39). Molumeli ea nyalaneng le motho ea sa lumelang o tla kena mathateng le litšitisong tse ngata kholisong ea bana le ho etseng liqeto tsa tsela ea bophelo.
Haeba monna le mosali e le balumeli ka bobeli empa ba e-tsoa likerekeng tse fapaneng, ba lokela ho etsa bo’nete ba hore ba lumellana ka lintho tsa bohlokoa le tsa mantlha tsa semoea. Ba lokela ho itlhophela ho ba karolo ea kereke e le ‘ngoe ea lehae kamora lenyalo.
Litsela tseo ka tsona banyalani ba ka tiisang lenyalo la bona
(1) Ba lokela ho keteka moralo oa qaleho oa Molimo le ho ananela mesebetsi ea bona e ikhethang ka hara lenyalo.
Monna o lokela ho hopola hore mosali ke mpho ea hae ho tsoa ho Molimo, mothusi ea etsang hore eena a phethehe. O tlameha ho tela bophelo ba hae bakeng sa tšireletso ea mosali le bophelo ba hae bo botle semoeeng, maikutlong le ‘meleng. O tlameha ho ba motlotlo ka eena hape a morate leha a sa lokelehe, ka ho lemoha hore ke molimo feela o ka fetolang se hlokang ho fetoha ho mosali. Molimo otla tlotla kutlo le tumelo ea monna.
Mosali o lokela ho tlotla khetho ea Molimo ea hore monna ke hlooho ea hae, a ‘montše thlompho eohle ka hohle-hohle ka moo a ka etsang, hape a tlotle boetapele ba hae. O tlameha a khethe boikokobetso le tlhompho leha monna a ka etsa liphoso ‘me li sa mo lokele, a rapele hore Molimo o fetole ea hlokang ho fetoha ka hare ho eena. Molimo o tla tlotla kutlo le tumelo ea mosali eo.
(2) Banyalani ba lokela ho matlafatsa lerato la ‘nete la semoea le la nama.
Ba tlameha ho batla ho tsebana ntle le tšabo, khoboso, ho tšoantšoa, tlhekefetso, takatso tsa nama, kapa ho nyenyefatsoa boemong. Ba lokela ho phela ka ponahaletso le botšepehi pela Molimo le e mong ho e mong.
(3) Banyalani ba tlameha ho latela mohlala oa mohau oa Molimo ha ba sitiloe.
Nakong eo Adama le Eva ba neng ba oetse sebeng ‘me ba hlajoa ke lihlong le ho ikoahlaea, Molimo o ile a hlahisa matla a oona ho lopolla ho hloleha ha bona. Molimo o ile a etsa sehlabelo sa phoofolo ho etsetsa Adama le Eva seaparo ho koahela bofeela ba bona (Genese 3:21). Ketso ena ea lerato e ne e le setšoantšo sa mohau le tšepiso ea topollo ea Molimo ka Kreste. Kreste o re file monyetla oa ho tšoareloa le puseletso. Ka Kreste banyalani ba ka boelana leratong ntle le tšoabo le ha ba sa tsoa fosa.
Phethelo
Lenyalo ke moralo oa Molimo, eseng oa motho. Kahoo re tlameha ho leba ho Molimo bakeng sa litaelo eseng ho lefatše kapa moetlo. Eena a inotsi o tseba ho etsa manyalo a rōna a tiee, a tšoarelle hape a putse. Empa re ke ke ra ba balekane beo re lokelang ho ba bona ka ntle ho Moea o Halalelang!
Bakeng sa puisano ea sehlopha
► Ke ‘nete efe ka lenyalo eo batho ba bangata ba bonahalang ba e lebala?
► Hlalosa melao-motheo eo kereke e lokelang ho e ruta ele ho tiisa manyalo. Ke kutloisiso efe e haellang tikolohong ea hau?
Thapelo
Ntate oa Leholimo,
Re ea leboha ka ho re fa mpho ea bohlokoa ea lenyalo. Rea leboha ka tsela e ntle eo u le ka eona. Re thuse ho etsa boitlamo bo hlokahalang bakeng sa hore re bone lenyalo ka tsela eo u le entseng ka teng.
Re thuse ho bonahatsa lerato le tšoanang le le pakeng tsa Kreste le kereke.
Re thuse ho fetela ka nq’ane ho kutloisiso ea tlholeho tlhomphanong ea rōna e mong ho e mong.
Rea leboha ka mosebetsi oa Moea o halalelang o etsang likamano tse tletseng monyaka, hoba bobebe.
Amen
Mesebetsi ea Baithuti ea Thuto ea 3
(1) Khetha melao-motheo e ‘meli e neng e le mecha ho uena thutong ena. Ngola serapa se hlalosang o mong le o mong oa eona ka mantsoe a hau.
(2) Lokisa puo e khutšoane ka se seng sa lihlooho tse thathamisitsoeng ka tlase. (moetapele oa sehlopha o tla fana ka mobebetsi ho moithuti e mong le e mong ka sehlooho se itseng.) Fana ka puo eo ka nako ea qalo ea sehlopha.
Moralo oa Molimo ka kopano ea lenyalo
Sepheo sa Bibele ka lenyalo
Mesebetsi eo Molimo o faneng ka eona ka hara lenyalo le bohlokoa ba ho tlala ka Moea e le ho phetha mesebetsi eo
Ho hlola ka ho sa feleng ha lenyalo.
(3) Haeba u e-so nyaloe, empa u na le morero o joalo bakeng sa bokamoso, ngola lirapa tse peli tsa boitlamo ba ho ba le kutlo melao-motheong ea Molimo lenyalong la hau la kamoso. Empa haeba u nyetsoe, ngola lirapa tse peli tsa boitlamo ho ba le kutlo melao-motheong ea Molimo ka lenyalo la hau.
Tlhompho ho basali
Pele u tsoelapele ka Thuto 4, sehlopha se lokela ho ithuta le ho buisana ka Sehlomathiso A. Ena ke puisano e khutšoanayane ka tlhompho bakeng sa basali, sehlooho se bohlokoa se amanang le lenyalo le lelapa.
SGC exists to equip rising Christian leaders around the world by providing free, high-quality theological resources. We gladly grant permission for you to print and distribute our courses under these simple guidelines:
No Changes – Course content must not be altered in any way.
No Profit Sales – Printed copies may not be sold for profit.
Free Use for Ministry – Churches, schools, and other training ministries may freely print and distribute copies—even if they charge tuition.
No Unauthorized Translations – Please contact us before translating any course into another language.
All materials remain the copyrighted property of Shepherds Global Classroom. We simply ask that you honor the integrity of the content and mission.