Jonathan Edwards e ne e le moruti ea hlomphuoang le setsebi sa thuto ea bolumeli ea phetseng lilemong tsa bo-1700. Eena le mosali oa hae Sarah e ne e le batsoali ba bana ba leshome le motso o mong. Sarah e ne e le mosali le ’mè ea babatsehang, ea nang le tšusumetso e khōlō sebōpehong sa botho ba bana ba hae. Jonathan ka boeena e ne e le ntate ea inehetseng. Re bolelloa hore “bosiu bo bong le bo bong ha Monghali Edwards a le hae, o ne a qeta hora a qoqa le lelapa la hae ebe o rapela tlhohonolofatso holima ngoana e mong le e mong.” [1]
A. E. Winship, moruti oa lilemo tsa marao-rao tsa bo 1800s o entse lipatlisiso ka lefa la Jonathan le Sarah Edwards, a sheba bophelo ba litloholo tsa bona kamora lilemo 150 Jonathan a shoele. O fumane hore lefa la Edwards le kenyelelitse:
1 Mopresidente oa United States
1 hlooho ea sekolo sa molao
1 hlooho ea sekolo sa bongaka
3 litho tsa senate United States
3 babusisi
3 bo-majoro
13 lipresidente tsa koleche
30 Baahlodi
60 lingaka
65 liprofesara
75 liofisiri tsa sesole
80 batšoereng liofisi tsa sechaba
100 liakhente
100 baruti/baetapele ba kereke
285 ba phethetseng kolecheng
Lefa le behang litholoana hakaale le ka khoneha joang? Ke eng e ileng ea tseteloa bophelong ba bana ba leshome le motso o mong ba Edwards ba hlahisitseng litloholo tse tsebahalang ka botšepehi, boikarabelo, boetapele le tšebeletso ea bona sechabeng? Ka sebele Jonathan e ne e le ntate ea tšabang Molimo le ea khothetseng eo e neng e le mohlala o tšepahalang oo bana ba hae ba neng ba tla o latela.
Bibele e re bontša hore khetho ea batsoali e ama kamano ea bana ba bona le Molimo melokong e tlang.
► Baithuti ba lokela ho bala Deuteronoma 5:9-10 le Deuteronoma 7:9 bakeng sa sehlopha.
Ho sa tsotellehe hore na batsoali ba ’nile ba etsa liqeto life, motho e mong le e mong o na le monyetla oa ho sebeletsa Morena le ho ba motsoali ea tšabang Molimo bakeng sa bana ba hae. Uena le litloholo tsa hau le ka sebeletsa Morena ka botšepehi ‘me la latsoa mahlohonolo a hae le mohau. Na u ikemiselitse ho itlama ho ba motsoali ea sebeletsang Molimo ka botšepehi ’me o etsa hore bana ba hau le bona ba mo tsebe?
Ha Molimo a qala ho bua le Jakobo, ha aa ka a re, “Ke ’na Molimo oa bokahohle,” kapa “Ke ’na Molimo ea bōpileng lefatše,” le hoja tseo e ka be e bile lipolelo tsa ’nete. O itse, “Ke ‘na Jehova, Molimo oa Abrahama, ntat’ao, le Molimo oa Isaaka...” (Genese 28:13). Jakobo h’a ka a qala kamano le Molimo kantle ho tsebo ea hore Molimo ke mang. O tsebile Molimo ka lebaka la thuto ea ntat’ae le ntat’ae moholo.
Abrahama o ile a qala moetlo oa ho khumamela Molimo. Ba bang ba bangata ba ne ba lumela ho Molimo ka lebaka la Abrahama, le pele ba kopana le Molimo. Ha lekhabunyane la Abrahama Eliezere a ne a rapela, o ne a buoa le Morena, Molimo oa morena oa hae Abrahama (Genese 24:12).
Hamorao Molimo o ile a tsejoa a makhetlo a mangata ele “Molimo oa Abrahama, Molimo oa Isaaka, Molimo oa Jakobo” (Exoda 3:15, mohlala). Josefa, molokong o latelang, o ile a bua ka litšepiso tseo Molimo a li entseng ho Abrahama, Isaaka le Jakobo (Genese 50:24). Josefa o ne lebeletse lelapa la hae hore le sebeletse Molimo ka botšepehi ka lebaka la litšepiso tsa Molimo ho meloko e fetileng.
► Ho latela tsela eo Molimo a neng a itsebahatsa ka eona, re ithuta eng ka tsela eo batho ba tsebang Molimo ka eona?
Hangata batho ha ba kopane le Molimo feela ka ho utloa lithuto tse mabapi le Molimo. Hangata batho ba ithuta ka Molimo ka ho shebella bophelo ba batho ba nang le kamano le Molimo. Tšusumetso e khōlō ka ho fetisisa ea moea e tsoa ho batsoali ba inehetseng ho Molimo.
Mona ke lipotso tse tebileng tseo motho a ka inahanelang. Ke thuto efe eo bana ba hau ba bang le eona ka Molimo ka ho talima bophelo ba hau? Na bana ba hau ba batla ho tšepahalla Molimo ka lebaka la ho bona kamano ea hau le Molimo?
Boikarabelo ba batsoali
Molimo o file batsoali boikarabello bo boholo. “Ruta ngoana tsela eo a tšoanetseng ho e tsamaea, ‘me le ha a tsofetse a ke ke a e kheloha” (Diproverbia 22:6).
Batsoali ba lokela ho ba le sepheo sa ho ruta bana ba bona ho latela Molimo. Batsoali ba tlameha ho utloisisa boikarabelo ba bona ba ho tataisa le ho koetlisa bana ba bona.
Boikarabello ba pele ba ho koetlisa bana ke ba batsoali, eseng sechaba, sekolo, kapa kereke. Motsoali o lokela ho etsa bo’nete ba hore bana ba hae ba kena kereke, empa há lokela ho nahana hore kereke e tla mo koetlisetsa ngoana.
► Moithuti o lokela ho bala Baefese 6:1-4 bakeng sa sehlopha. Bo-ntate ba lokela ho etsa joang na?
Koetliso ea bana hase feela boikarabelo ba ’mè. Ntate o na le boikarabelo bo ka sehloohong ba tšireletso ea semoea ea lelapa la hae.
Batsoali ba na le boikarabelo bo tebileng ba ho koetlisa bana ba bona bophelo bohle ba bona. Ho koetlisoa bophelo bohle ha ho bolele ho koetlisetsoa mosebetsi; ho bolela ho koetlisetsoa ho phela ka nepo, bophelo boo Molimo o tla bo hlohonolofatsa. Batsoali ha baa lokela ho lumella bana ba bona hore ba latele sebe, ba tšepile hore ba tla sokoloha hamorao.
Lengolo le re lemosa hore re se ke ra ithuta lifilosofi tse fosahetseng tsa lefatše.
► Moithuti o lokela ho bala BaKolose 2:8 bakeng sa sehlopha.
Lengolo lena le re lemosa hore re ka utsoetsoa ka ho lumela filosofi e fosahetseng le ho amohela mokhoa o fosahetseng oa bophelo. Lefatše le ka re utsoa bana ba rōna ka ho ba ruta ho latela litsela tsa lefatše ho e-na le ho latela Kreste.
Ho molemo haeba thuto eohle eo bana ba e fumanang e tsoa ho matichere le batsoali ba Bakreste. Libakeng tseo likolo tsa Bokreste li sa fumaneheng, batsoali ba ntse ba lokela ho etsa bo’nete ba hore ngoana o ithuta pono e nepahetseng ea bophelo. Thuto ea lefatše e ka ruta ngoana ho se lumele hore Molimo o teng, ho iphetola ha lintho le botho. Bana ke bona ba kotsing ka ho khetheha lithutong tsa bohata. (Baefese 4:14), ‘me batsoali ba tlameha ho sireletsa bana ba bona. Baruti ba lokela ho ithuta ho bolela thuto e sireletsang batho lifilosofing tse fosahetseng. Baruti le matichere ba lokela ho fa malapa boitsebiso ho ba thusa ho theha bana ba bona ’neteng.
Koetliso ea Mathomo
► Motho e mong o ngotse buka e bitsoang Bana ke samente e metsi. U nahana hore sehlooho seo se bolelang?
Batsoali ba lokela ho hlokomela hore bana ba ithuta ka bophelo ’me ba etse qeto ea hore na ke eng ea bohlokoa ha ba sa le banyenyane haholo. Semelo se bōptjoa ha ngoana a sa le monyenyane.
Borutuoa bo boholo bo qala pele bana ba fihlela lilemo tsa bocha. Meoloane e mengata ea thuteho ea Bibele, meoloane ea semelo, le ea botho, bophelo, le ea litloaelo tsa semoea li lokela ho thehoa pele ho tloaelo tsa semoea li lokela ho thehoa pele ho lilemo tsa bocha.
Le pele a e-ba lilemo li hlano ngoana o ithutile lintho tsa motheo tsa hore na batho ba amana joang le hore na ke boitšoaro ba mofuta ofe boo ka bona a fumanang tseo a li batlang. Oa tseba hore na a lebelle toka kapa che le hore na likotlo le meputso li tla ka linako tsohle na. Oa tseba hore na oa ratoa. Oa tseba hore na maikutlo a hae ke a bohlokoa ho ba bang. Oa tseba hore na a ka tšoareloa ha a etsa phoso. O ithutile ho lumela kapa ho pata liphoso le libe tsa hae. O entse qeto ea hore na batho ba boholong ba ka tšeptjoa ho mo tsotella kapa che le ho boloka litšepiso tsa bona.
Bana ba ithuta ka lipolelo le mehlala ea batsoali ba bona, le ha batsoali ba sa leke ho ba ruta (Baefese 5:1). Mehlala ea batsoali e fana ka tlhaloso ea bophelo ho bana. Bana ba ithuta ho bohlokoa ka ho sheba se bohlokoa ho batho ba baholo. Bana ba ithuta ka moo ba ka tšoarang ba bang, ka moo ba ka arabelang maemo ka teng, mokhoa oa ho phethahatsa boikarabelo ka ho shebella batho ba baholo. Thuto ena e qala ha ngoana a hlaha.
Ka nako e ‘ngoe batsoali ba ee ba nahane hore ba ruta ngoana feela ha ba mo hlalosetsa seo a lokelang ho se etsa. Leha ho le joalo, motsoali o ruta ngoana nako eohle ha ngoana a mo talimile.
Ngoana o shebella batho ba baholo ’me o ithuta ho itšoara ka khatello ea kelello. O ithuta ho tšoara batho bao a sa ba tsebeng. O ithuta ho tšoara batho ba maemo a tlaase. O ithuta ho arabela ho nyatsuoa. O ithuta ho arabela litlhoko tsa ba bang. Batsoali ba lula ba ruta bana le ha ba sa tsebe hore ba ntse ba etsa joalo.
Haeba ngoana a lula a nyatsuoa, o ithuta ho pata liphoso tsa hae, ho ikemela le ho beha ba bang molato. Ha e se e le motho e moholo o tla be a nyatsa, a ikhohomosa, a bile a le lekunutu. Haeba ho e-na le likhohlano tse sa khaotseng ka lapeng, o tla ba lihlong kapa a be mabifi. Haeba litho tsa lelapa li mo soma, a ka ’na a ikhula ho sebelisana le batho kapa ea e-ba ’mampoli oa ba bang. Haeba kamehla batsoali ba hae ba etsa hore a ikutloe a hlajoa ke lihlong, o ithuta ho phela le molato, le ka mohla a se ke a ikutloa hore o amoheloa ke Molimo. Haeba le ka mohla a ke ke a fihlela litekanyetso tsa boitšoaro tseo batsoali ba hae ba li batlang, qetellong o tla li fetohela ’me a ka ’na a ikopanya le sehlopha sa marabele a mang a nkang sebaka sa lelapa la hae.
Haeba batho ba mo mamella, o ithuta ho ba le mamello ho ba bang. Haeba batho ba mo khothatsa, o kholisehile hore o tla leka. Haeba a rorisoa, o ikutloa a le bohlokoa ’me o ikemisetsa ho tlotlisa ba bang. Haeba a bona toka, o batla ho loka.
Haeba motsoali a tlōla melao empa a etsa hore ngoana oa hae a mamele, ngoana o nahana hore ka letsatsi le leng o tla be a hōlile ka ho lekaneng hore le eena a tlōle melao. Haeba motsoali a se na mosa ho ba bang, ngoana a ka ’na a tšepa hore o tla ba matla hoo a ka bang ea se nang mosa ho ba bang. Haeba motsoali a nahana hore mathata le litlhoko tsa ngoana hase tsa bohlokoa, ngoana o nahana hore ka letsatsi le leng e tla ba motho e moholo ea ke keng a tsotella litlhoko tsa ba bang.
Batsoali ba lokela ho phehella ho bonahatsa boikokobetso ho Molimo. Bana ba bona ba lokela ho tseba hore batsoali ba bona ba utloa lentsoe la Molimo. Ha motsoali a bontša eka thato ea hae e bohlokoa ho feta matla a Molimo, bana ba hae ba tla lebella ho phela ka tsela e joalo. Motsoali o lokela ho hlalosetsa bana mabaka a qeto le lintlha tseo ka tsona qeto e nkiloeng. Hona ho ruta ngoana mokhoa oa ho etsa liqeto.
Bana ba ithuta ha batsoali ba bapala le bona. Ba lokela ho ithuta ho hloka leeme, ho nahanela le ho arabela ba bang. Lipapali li ntlafatsa tsebo ea ngoana. Maikemisetso a lipapali tsa lelapa a kenyelletsa ho ithuta, ho ntlafatsa botho, le ho thabela likamano le litho tsa lelapa. Tlholisano papaling ea lelapa e ntle empa ha ea lokela ho ba molemong oa ho laola ba bang e le hore ea hlolang a ka thabela maikutlo a bophahamo. Potso e lokelang ho nahanoa nakong ea papali ke hore, “Na bohle ba natefeloa ke papali?” Haeba feela mohlōli a thabela papali, ho na le sepheo se fosahetseng. Haeba batho ba halefa kapa ba ferekana nakong ea papali, papali ha e fane ka sepheo se nepahetseng.
Batsoali ba bontša bohlokoa ba ngoana oa bona ha ba ipha nako ea mesebetsi ea ngoana’. Batsoali ba lokela ho thusa ngoana oa bona ka merero ea sekolo, ho etsa kapa ho lokisa lintho tsa hae tsa ho bapala, ho fa ngoana sebaka sa hae ka lapeng, ho mamela lipale tsa hae le metlae ea hae, le ho mo tšelisa ha a koatile.
Batsoali ba lokela ho tseba matichere a ngoana sekolong. Ba lokela ho ea likopanong tse hlophiloeng ke matichere bakeng sa ho utloa ka boemo ba ngoana sekolong. Ha ho khonahala, batsoali ba ee ka bobeli. Ha ntate a sa ee, ho shebahala eka lintho tse ling li bohlokoa ho feta ngoana oa hae. Batsoali ba lokela ho botsa matichere ka mosebetsi oa ngoana oa sekolo le lintho tse ling tse etsahalang sekolong. Ho bobebe ho matichere ho etsa sohle se matleng a bona ho sireletsa ngoana há sa tšoaroa hantle ha feela ba tseba hore batsoali ba na le thahasello.
Batho ba lulang ‘moho e le lelapa ba tsebana haholo. Ba ithuta litlhoko le liphoso tsa motho ka mong. Ba ka ratana ‘me ba bontša lerato ho feta ka moo ba ka ratang mang kapa mang lefatšeng. Haeba ba sa ratane, ba ka utloisana bohloko ho feta mang kapa mang. Batho ba bang ba tšoara litho tsa malapa a bona hampe ho feta kamoo ba tšoarang batho bao ba sa ba tsebeng. Lelapa la Bokreste le lokela ho ba sebaka seo ho sona ho bonahatsoang mamello, tsóarelo, tsotello, le mosa.
Mosebetsi oa Ngoana
Ngoana ea monyenyane o hloka nako ea ho bapala le boithabiso letsatsi le leng le le leng. Ngoana o hloka nako ea ho phomola, a sebelise kelello ea hae, ho bala libuka, ho bapala ho etsa ntho e itseng kapa ho haha ntho e itseng, le ho natefeloa ke tikoloho ea tlhaho. Boemong boo malapa a sebetsang hammoho letsatsi le leng le le leng ho hlahisa lijo kapa ho etsa mesebetsi e meng, ho ka ba molemo hore bana ba kopanele mosebetsi oa lelapa’, empa batsoali le bona ba lokela ho hopola litekanyetso tse ling.
[1]Lihora tse telele tsa mosebetsi li boima ho ngoana eseng feela ka lebaka la litlhoko tsa ‘mele, empa hobane mosebetsi o fuoang ngoana hangata o oa ipheta-pheta hape ha o hlabose. O lakatsa nako ea liketsahalo tseo ka tsona a sebelisang kelello ea hae. Ho bohloko haeba ngoana a ka sebetsa ka thata hoo nako ea hae ea boithabiso a ka e sebelisa ho ja le ho robala ebe o se a khutlela mosebetsing hape.
Malapa a mang a sokola licheleteng ‘me ba hopola hore ba hloka chelete ho tsoa tšebetsong ea bana ba bona. Leha ho le joalo, haeba ba hlōleha ho ruta bana ba bona, boemo ba lelapa la bona bo ka ’na ba se ke ba fetoha. Haeba ngoana a sebetsa ho e-na le ho ea sekolong, mohlomong o tla qeta bophelo ba hae a sebeletsa meputso e tlaase. Boholo ba mesebetsi le menyetla ea khoebo e ke ke ea fumaneha ho eena.
Batho ba bang ba fana ka thuto bakeng sa bana ba bona empa ba ikemiselitse ho sebelisa monyetla o fosahetseng oa bana ba tsoang malapeng a futsanehileng ka ho ba hira lihora tse telele masimong kapa mesebetsing ea lelapa kapa khoebong ea mebileng, bhobane ba tseba hore ha ba ruteha. Bakreste ba lokela ho sebetsa 'moho ho fumana tharollo e molemo bakeng sa malapa a metseng ea habo bona.
Bana ba ka thabela mosebetsi haeba ba e-na le mesebetsi e ba fang boikutlo ba ho atleha. Hape ba ka thabela ho sebetsa le batsoali ba bona haeba batsoali ba khothatsa. Batsoali ba lokela ho ba le kahlolo e molemo litebellong tsa bona tsa seo ngoana a ka se etsang ’me ba fane ka maikutlo a hahang ka tsela e nepahetseng e le hore bana ba bona ba tle ba susumelletsehe ho tsoela pele ho ithuta le ho hōla.
Ho molemo hore bana ba be le boikarabelo ba letsatsi le letsatsi ba ho ba ruta ho tšepahala hape ka botlalo. Batsoali ba lokela ho tiisa ka mantsoe limelo tsa botho tseo ba li bonang ho ngoana ha a ntse a sebetsa, joalo ka boikitlaetso, mafolo-folo, ho ba hlokolosi, le ho phehella. Batsoali ba lokela ho ruta bana ba bona melao-motheo ea mosebetsi o rutoang Lentsoeng la Molimo.
Ho molemo hore bana ba be le monyetla oa ho fumana chelete eo ba ka khethang ho e sebelisa. Ba ithuta bohlokoa ba mosebetsi oa bona ’me ba ithuta ho sebelisa chelete ea bona molemong o motle ka ho fetisisa. Ngoana ea sebetsang ho fumana chelete a ka ’na a hlokomela hore ha aa lokela ho e sebelisa kaofela bakeng sa lipompong; o batla ho reka ntho eo a ka e bolokang. Batsoali ba lokela ho koetlisa bana ba bona ho nahana le ho sebelisa chelete ka litsela tsa bomolimo.
Ho molemo hore bana le bacha ba tsebisoe ka mefuta e fapaneng ea mesebetsi e ntlafatsang bokhoni ba bona. Ho molemo haeba mocha a e-na le monyetla oa ho sebetsa le batho ba nang le litsebo tse sa tšoaneng e le hore a ithute.
► Ke maemo afe a mosebetsi oa bana a teng sechabeng sa heno? Batsoali ba lokela ho etsa’ng? Kereke e lokela ho etsa eng?
[1]“Ha motho a se a se na Mohau ho ea monyenyane, molemo oa hae lefatšeng o batla o felile.”
- George MacDonald
Ntlafatso ea Bana ka Morero
Batsoali ba na le boikarabelo ba ho hōlisa botho ba bana ba bona. Banyalani ba bang ba Bakreste, Matt le Mary Friedeman, ba ile ba thathamisa litšobotsi tseo ba neng ba batla ho thusa bana ba bona ho li hōlisa. Ka mor’a ho etsa lethathamo leo, ba ile ba le hlahloba ’me ba etsa meralo ea Diketso tse neng li tla thusa bana ba bona ho hōlisa e ’ngoe le e ’ngoe ea litšobotsi tsena. Mokhoa ona o ne o ke ke oa potlaka. Litšobotsi tsena ha li hlahe ka tšohanyetso. Batsoali ba tlameha ho ba le morero le ho tsitsisa ho theosa le lilemo tsa ho hōlisa bana ba bona. Lethathamo le ka tlase le na le litšobotsi tse thathamisitsoeng ke Friedemans.[1] Litšobotsi tse ling li kentsoe lethathamong.
Mokhahlelo
Makhabane ao ba lokelang ho ba le oona ha ba le lilemo li 18
Semoea
Ba tsebe hore ba jere setsoantso sa Molimo se nang le boleng bo sa feleng
Ba tsebe hore ke baetsabeli ba hlokang Mopholosi
Ba etse boitlamo ho kreste
Ba be le bophelo ba boinehelo thapelong letsatsi le letsatsi
Ba kenye tšebetsong lineo tsa Moea
Ba itlhophele tšebeletso ea Bokreste
Ba ile thobalano ho fihlela lenyalong
Thuteho ea Bibele
Ba utloisise lithuto tsa motheo tsa Bokreste
Ba tšoare mangolo a bohlokoa ka hlooho (temana tse 300)
Ba tsebe lipale tsa Bibele
Ba tsebe libuka tsa Bibele
Ba tsebe melao e leshome le thuto ea thabeng
Ba bone lihlooho tsa Evangeli ea sebe le pholoho ka hara Bibele
Pono ea lefatše ka Bibele
Ba tsebe ho sireletsa tumelo ea bona
Ba tsebe ho arabela lipotso tse kholo ka bophelo ho ea ka Bibele
Ba utloisise se etsang Mokreste a khethehe hara litumelo tsa lefatše le bolumeli ba lefifi
Bohlale (Thuto)
Ba amohetse thuto ea Bokreste ha ho khoneha
Ba hauoe ka tsela ea ho bala kapa ho mamela mara-rang kapa lifitio tse rutang
Ba kene Koleche kapa ba ee mosebetsing oa koetliso, ho latela lineo le lipitso tsa bona
Semelo
Ba be le boitšoaro
Ba be le boikokobetso—ba khone ho kopa tšoarelo
Ba bontše hlompho boholong
Ba buoe ka mosa
Ba ithute ho sebelisa nako ka bohlale— ba tsebe ho itšoara tšebelisong ea marang-rang, boithabiso, le tse ling
Chelete le Tšebeletso
Ba utloisise ho tšoenyeha ha Molimo ka bafumanehi
Ba bontše ho fana le ho sebeletsa bafumanehi
Ba itloaetse ho ntša karolo ea leshome le ho boloka
Ba ithute ho sebelisa moralo oa lichelete
Likamano
Ba rate le ho phelisana hantle le baena le likhaitseli tsa bona
Ba bontše mekhoa e metle e tloaelehileng libakeng tseo ho kopaneng batho ba bangata
Ba ithute ho ba metsoalle e tšepahalang
Ba tsebe ho buoa le batho ba baholo ka tlhompho le sebete
Bophelo bo botle
Ba itloaetse makhethe
Ba ikoetlise kamehla
Ba je lijo tsohle tseo ba li fuoang
Ba khethe lijo tse loketseng ‘mele ha ho khonahala
Litsebo
Ba ntlafatse lineo tseo Molimo o ba fileng tsona
Ntlafatse tsebo ea bona ka taeo ea boikoetliso bo tsitsitseng
Matt Friedeman o hlalositse seo eena le mosali oa hae ba ileng ba se entsa kamora ho thathamisa litšobotsi tsena.
Ka mora hore re ngole tseo tse ka holimo [makhabane] holima pampiri e le ‘ngoe, re ile ra taka mola bohareng ba leqephe ‘me ra ipotsa, “Joale, re tlameha ho etsa’ng ho [etsa karolo ea rōna ho hōlisa makhabane aa ho bana ba rōna]?” Ka lehlakoreng le letšehali la pampiri, re ile ra ngola boikarabelo ba [rōna] re le batsoali.[2]
Haeba hona ho bonahala eka ke boikarabello bo boholo, hopola feela hore Molimo o re file lilemo tse 16-18 ho etsa bana ba rōna barutuoa. Ho bohlokoa ho:
1. Kenya tšebetsong leano la borutuoa.
2. Theha meetlo ea lelapa, e kang kopanelo ea lijo le metsotsoana ea thuto ea /koetliso e hlophisitsoeng.
3. Etsa borutuoa karolo ea bophelo ba hau ba letsatsi le letsatsi, u sebelisa menyetla e mengata ho ruta le ho koelisa.
4. Phehela ho rapela Lentsoe la Molimo holima bana ba hau.
5. Se inehele, leha u hloleha.
► Khetha lintho tse ‘maloa chateng e ka holimo ‘me u hlalose seo batsoali ba ka se etsang ka boikhethelo e le ho fihlela sepheo seo.
[1]Matt Friedeman, Discipleship in the Home, (Wilmore: Francis Asbury Society, 2010), 31-33.
► Ka linako tse ling motho o re, “Lintho tse nketsahalletseng li nkentse mofuta oa motho eo ke leng eena.” Polelo e tšoanang ke “Motho ke sehlahisoa sa tikoloho ea hae.” Na lipolelo tsena ke 'nete?
Batho ba etsa liqeto tsa sebele ’me ha ba laoloe ke tlhaho kapa tikoloho. Mangolong kaofela Molimo o bitsa batho ho khetha ho etsa se nepahetseng le ho hana bobe.[1] Molimo o ahlola batho ka liqeto tsa bona.
Tikoloho ea rōna le lintho tse re etsahalletseng li ea re susumetsa, empa ha li re laole, hobane joalo ka batho ba setšoantšong sa Molimo, re etsa li khetho tsa sebele. Hona ho bolela hore ngoana a ka qetella a etsa likhetho tse fapaneng e lehae le tikoloho eo a holiselitsoeng ho eona. Ngoana ea neng a tsoa lelapeng la bahetene moo bophelo ba boetsalibe bo neng bo tloaelehile a ka baka ’me a phelela Molimo. Ngoana ea tsoang lelapeng la Bokreste a ka ’na a khetha ho se latele Molimo.
Le hoja batho ba etsa liqeto tsa sebele, ha baa lokoloha ka ho feletseng. Bibele e re bolella hore re tsoetsoe re e-na le sebōpeho se nang le tšekamelo ea ho etsa sebe (Dipesaleme 51:5, Dipesaleme 58:3). Batho ba na le tšekamelo ea tlhaho ea ho hanela bolaoli, ho ikhethela tataiso ea bona, ho inehela molekong, ho thetsa ba bang, le ho ba baithati (Baefese 2:1-3). Bana ha ba nke lehlakore, ba emetse ho tsamaisoa ka tsela efe kapa efe. Bana ba tatela ho ichebela litsela tseo ka tsona ba ka fepang litaba-tabelo tsa bona leha eba ba lokela ho buoa leshano kapa ho hloka kutlo e le hore ba fumane seo ba se batlang. Ho feta moo, rea tseba hore Satane o leka ho ba thetsa le ho ba leka (Baefese 2:2, Tshenolo 12:9).
Batsoali ba lokela ho hlokomela hore taeo ha e ea lekana e inotsi hore e ka etsa hore ngoana a etse ho nepahetseng. Ho na le ntoa ea semoea (Bagalata 5:17). Batsoali ba lokela ho rapella Moea oa Molimo ho susumetsa le ho etella ngoana pele. Batsoali ba lokela ho itšetleha ka Molimo bakeng sa bohlale le hore matla e be mehlala e metle ea moea. Batsoali ba lokela ho rapela ka tieo hore ngoana oa bona a bake le ho tsoaloa hape moeeng a sa le monyenyane.
Leha ngoana a ka fetoloa, motsoali ha lokela ho lebella hore ngoana a tsoane le Mokreste ea hōlileng tsebong. Boitšoaro le maikutlo a hae li ke ke tsa tšoana kamehla. Ka nako e nkoe a ka oela tekong. Ha fela ngoana a bontša taba-tabelo ea ho etsa hantle, motsoali ha lokela ho nyahamisa ngoana ka ho mo bolella hore o hloleha ho phela joalo ka Mokreste. Ho e-na le hoo, motsoali o lokela ho babatsa boitšoaro bo botle ba ngoana ’me a mo khothalletse ho rapella thuso ea Molimo mathateng a hae.
Leha ho le joalo motho e mong le e mong a tsoetsoe a e-na le tšekamelo ea sebe, motho e mong le mong o na le tlhoko ea Molimo. Moea o Halalelang o buoa le motho ka mong ‘me o fana ka taba-tabelo ea ho ba kamanong le Molimo. Rea tseba hore re thusoa ke Molimo ha re ruta bana ba rōna Lentsoe la Molimo. Moea oa Molimo o tšoana le ’muelli ka hare ho ngoana, o tiisa ’nete le ho mo fa takatso ea ho ba kamanong le Molimo.
Malapa a lokela ho kopana letsatsi le leng le le leng ka metsotso e seng mekae ea ho bala Bibele, puisano le thapelo. Batsoali le bana bohle ka lapeng ba lokela ho ba teng. Ntate o lokela ho etella pele, empa a ka ’na a kōpa litho tsa lelapa hore li bale mangolo le ho kopanela ka litsela tse sa tšoaneng.
Nako ea thapelo ha e ea lokela ho latela mokhoa o tšoanang kamehla. Nako ena e ka ba le libopeho tse fapaneng, 'me e ka kenyelletsa lipale tsa Bibele, lipale tsa nalane ea Bokreste le boromuoa, puisano ea lipotso, tšebeliso ea lipotso le likarabo tse tšoaroang ka hlooho ho ruta li’nete tsa thuto, ho bala lingoliloeng tsa Bokreste, lipina, ho tšoara Bibele ka hlooho, litšoantšiso le litsela tse sa tšoaneng tsa ho rapela.
Mohlala oa ketsahalo ea nako ea borapeli: Khetha pale ea Bibele ’me u etse hore litho tsa lelapa li e etse tšoantsiso ka eona.
Baruti ba lokela ho nka nako ea ho ruta kereke ea bona mabapi le nako thapelo ea lelapa. Batsoali ba lokela ho hopola hore Molimo o ba file boikarabelo. Batsoali ba lokela ho hopola hore Molimo o ba file boikarabelo ba ho ruta bana ba bona Lentsoe la Molimo (Deuteronoma 6:5-7).
Bakeng sa Puisano ea Sehlopha
► Mehopolo e meng ea thuto ee e mecha ho uena ke life? U rera joang ho sebelisa ’nete eo u ithutileng eona?
► Kereke e ka etsang ho matlafatsa malapa le ho thusa batsoali khulisong ea bana?
► Batho ba kereke ba ka sebetsa joang ‘moho ho thusana ka qholotso ea ho koetlisa bana ho latela Kreste?
► Mehlala e meng ea mekhoa ea letsatsi le letsatsi eo malapa a lokelang ho e latela ke efe?
Thapelo
Ntate oa Leholimo,
Kea leboha ka ho rala lelapa le ho fa batho monyetla o moholo oa ho ba batsoali.
Re thuse ho rata bana ba rōna joalo kaha u ba rata. Re thuse ho hoopla kamehla hore ba bopetsoe ho u tseba le ho u sebeletsa.
Re fe lerato, mamello, le kutloisiso eo re e hlokang ho koetlisa le ho susumetsa bana hore ba u latele.
Nolofalletsa balumeli likerekeng tsa rōna ho hlomella malapa, bacha le bana hore ba be matla tumelong le kutlong.
Amen
Mesebetsi ea Baithuti ea Thuto ea 12
(1) Ithute e ‘ngoe le e ‘ngoe ea lirapa tse latelang. Sebelisa lirapa tsena ho ngola maqephe a mararo mabapi le seo lengolo le se rutang ka boikarabello ba batsoali:
Genese 18:17-19
Deuteronoma 6:4-9
Dipesaleme 78:1-8
BaKolose 3:21
Baefese 6:4
1 Timothea 3:4-5, 12
2 Timothea 3:14-17
Mattheu 18:5-6
(2) Hore na u motsoali kapa che, khetha lipheo tse hlano tsa litšobotsi tse thathamisitsoeng tafoleng e fanoeng thutong ena. Ngola mekhoa e meraro e sebetsang ea ho thusa bana ba hao ho fihlela se seng le se seng sa lipheo tse hlano tsa litšobotsi tse khethiloeng.
(3) Haeba u motsoali, ngola moralo le boitlamo ba hau ba ho ba le borapeli ba letsatsi le letsatsi le bana ba hau. Ipehe tlasa boikarabelo ba motho e mong bakeng sa moralo le boitlamo boo u bo entseng.
SGC exists to equip rising Christian leaders around the world by providing free, high-quality theological resources. We gladly grant permission for you to print and distribute our courses under these simple guidelines:
No Changes – Course content must not be altered in any way.
No Profit Sales – Printed copies may not be sold for profit.
Free Use for Ministry – Churches, schools, and other training ministries may freely print and distribute copies—even if they charge tuition.
No Unauthorized Translations – Please contact us before translating any course into another language.
All materials remain the copyrighted property of Shepherds Global Classroom. We simply ask that you honor the integrity of the content and mission.