Ha se lekunutu hore banna le basali ba fapane ka litsela tse ngata! Banna ba bangata ba sokola ho ntša maikutlo a bona, ha basali ba bangata ba nka ho bontša maikutlo e le karolo ea puisano ea sebele. Banna ba atisa ho ipeha kotsing ha holoanyane, athe basali hangata ba ngongoreha ka tšireletso. Ka tlhaho banna ba khahloa haholo ke botle ba ’mele, athe basali ba bangata ka tlhaho ba khahloa haholo ke kamano e haufi-ufi ea maikutlo. Liphapang tse ling tse ngata li ka thathamisoa.
Ntle le liphapang tse tloaelehileng pakeng tsa banna le basali, monna le mosali ba na le ho se tšoane ha botho. Mohlomong e mong o thabela ho ba le batho, empa e mong o thabela ho ba boinotšing. Ho na le likhetho tse nyane, joalo ka hore na khanya e lokela ho ba bokae ka tlung kapa kamore e lokela ho ba le mocheso ofe. Manyalo a mangata a tšoenngoa ke ho se lumellane mabapi le hore na chelete e lokela ho sebelisoa joang. Liphapang tsena ha se hakaalo hore ke liphapang tsa semelo; e ka ba feela ho se tšoane ha botho le maikutlo.
Hobane lenyalo le kopanya monna le mosali, ka nako e ’ngoe batho ba nahana hore eke liphapang li ka feela. Motho a ka ’na a nahana hore liphapang tsa molekane oa hae’ ke likoli tse lokelang ho lokisoa. Molekane e mong le e mong a ka ’na a tsoela pele ho leka ho fetola maikutlo, mekhoa le lintho tseo molekane e mong a li ratang.
Ke ‘nete hore motho ka mong o lokela ho thehoa le ho tsoelapele ka ‘baka la kamano. Leha ho le joalo, ka linako tse ling boiteko ba rōna ba ho fetola motho ke tlhaselo ea botho ba motho. Manyalong a phetseng hantle, molekane e mong le e mong o hlaolela taeo ea ho rata, ho hlompha, ho ananela le ho sebeletsa e mong.
► Ke life liphapang tse ling pakeng tsa banna le basali? Ke life liphapang tse ling bothong tseo batho ba lokelang ho li amohela?
Ho khetha ho Sebeletsa
Bukeng ea hae, Sacred Marriage, Gary Thomas o re,
Lenyalo le letle ha se ntho eo o e fumanang, empa ke ntho eo o e sebeletsang. Ho nka ho sokola. O tlameha ho thakhisa boikhohomoso ba hau. O tlameha ho toba, ka nako tse ling u ipolele. Tloaelo ea tšoarelo ke ea bohlokoa. Ha ho pelaelo hore ona ke mosebetsi o boima, empa qetellong oa lefa. Qetellong, e theha kamano ea botle, ho tšepana le ho tšehetsana.[1]
Thomas Ho qotsa Otto Piper:
Haeba lenyalo... e le taba e nyahamisang ho batho ba bangata, lebaka le ka fumanoa [ho hloka thahasello] tumelong ea bona. Batho ha ba rate taba ea hore litlhohonolofatso tsa Molimo li ka fumanoa feela le ho natefeloa ha li ntse li batloa (Mattheu 7:7; Luka 11:9). Ka hona, lenyalo ke mpho le mosebetsi o lokelang ho phethoa.[2]
Hangata manyalo a hlōleha ho atleha hobane feela banna le basali ba nahana ka litlhoko tsa bona ho e-na le ho leka ho khotsofatsa litlhoko tsa e mong le e mong.
Re ke ke be ra fihlela litlhoko tse tebileng haholo tsa e mong ho e mong. Ntat’a rōna ea moholimong a le mong ka botlalo a ka khotsofatsa litlholohelo le litakatso tsa rōna, ‘me ke kahoo Jesu a tlileng. Sepheo sa hae ke ho re pholosa, ho re tlatsa ka Moea oa Hae—Moea o Halalelang—le ho re tlisa kamanong e tebileng hape e khotsofatsang le “Abba! Ntate!” (Baroma 8:14-15; Bagalata 4:6).
Leha ho le joalo, se seng sa sepheo sa Molimo ka lenyalo ke hore e be sebaka sa boikoetliso tabeng ea bosebeletsi ba bohlanka; Mofuta o tšoanang oa bohlanka oo re o bonang ho Jesu (Johanne 13:14). Molimo o batla ho theha ka ho molekane e mong le e mong pelo ea boikokobetso ea mohlanka ea nahanelang ba bang(BaFilipi 2:3-8).
Manyalo a mang a matle ka ho fetisisa, a thabileng a teng hobane molekane e mong o ile a khetha ho itebala le ho sebeletsa e mong ka boemo bo thata ka ho sa tloaelehang ba ho kula, ho hlōleha, tlokotsi kapa mesarelo. Banna ba bang ba paka hore bophelo ba bona bo ka be bo ile ba timetsoa ka ho hloka tšepo haeba basali ba bona ba ne ba sa ba rapella, ba ba tšoarela, ba ba nka ba ikarabella, ’me ba ba rata ntle ho mabaka ha ba ne ba sa ratehe ka ho fetisisa. Basali ba bang ba paka hore mamello le kutloisiso ea banna ba bona ke tsona tse ileng tsa ba nolofalletsa ho hlōla tšenyeho ea maikutlo e bakiloeng ke ntate ea hlekefetsang kapa tsietsi e ’ngoe. Kaha re phela lefatšeng le oeleng, la boetsalibe, leo ho lona pōpo eohle e bobolang (Baroma 8:22), motho e mong le e mong ea nyetsoeng o na le maqeba le metoa. Empa mohau oa Molimo o ka re nolofaletsa ho hlokomelana le ho tlamisa maqeba!
E mong le e mong oa rōna o tsoetsoe le boikhohomoso. Ka tlhaho re tšoenngoa ke litlhoko tsa rōna ho feta litlhoko tsa ba bang. Mohau o pholosang le o halaletsang oa Molimo o ka re fetola ka Moea o Halalelang o lulang ho fihlela re fetoha batho ba behang litlhoko tsa ba bang ka pela tsa rōna. Manyalo aa atleha ha molekane e mong le e mong a ela hloko litlhoko le litakatso tsa e mong.
Molimo o ile a etsa hore banna le basali ba be le litlhoko le litakatso tse sa tšoaneng. Seo se bolela hore monna ha aa lokela ho nahana hore mosali oa hae o ne a tla thabela lintho tse tšoanang le tse thabisang eena. Mosali ha aa lokela ho nahana hore monna oa hae o batla ho tšoaroa ka tsela e tšoanang le eo eena a batlang ho tšoaroa ka eona. Ho hlakile hore mekhoa e meng ea mosa le mekhoa e metle e lokela ho tšoana ho ba babeli, leha ho le joalo banna le basali ba na le litlhoko tse ling tse ikhethang.
Haeba re utloisisa litlhoko tse khethehileng tsa banna le basali, re ka utloisisa mokhoa oa ho fihlela litlhoko tsa molekane. Hoa soabisa hore ebe likhang le lipuisano tse ngata pakeng tsa banna le basali ha li rarolle mathata hobane motho ka mong a hlōleha ho utloisisa litlhoko tsa e mong. E mong le e mong a ka ’na a halefa ’me a ba a hlonama hobane e mong ha a utloisise.
Batho bohle ba hloka ho ratoa le ho hlomphuoa, empa ho na le phapang pakeng tsa banna le basali. Tlhoko ea pele ea mosali ke lerato, ‘me tlhoko ea pele ea monna ke tlhompho.[1]
► O bone phapang ee joang lipakeng tsa litlhoko tsa banna le basali?
[1]Buka ena Love and Respect ka Dr. Emerson Eggerich ebile bohlokoa haholo thutong ena.
Kamoo Monna a Bontšang Lerato ho Mosali oa Hae
Baefese 5:25, 28 e re, “Lona banna, ratang basali ba lona, joaloka Kreste le eena a ratile kereke, ‘me a itela ka baka la eona…Ka mokhoa o joalo banna ba tšoanetse ho rata basali ba bona joaloka ‘mele oa bona…”
Monna o lokela hore khafetsa a bolelle mosali oa hae hore o oa mo rata ‘me a seke a nahana hore o se a ntse a tseba. O boetse o tlameha ho bontša lerato ka se fetang mantsoe feela. O tlameha ho bontša lerato ka litsela tse bohlokoa ho eena. O lokela hore a se nahane hore o lokela ho ikutloa a ratoa hobane o bontša lerato ka litsela tse bohlokoa ho eena. Litlhoko tsa mosali li fapane ho tsa hae.
(1) Monna o rata Mosali oa hae ka ho fana ka tšireletso.[1]
Mosali o batla ho tseba hore monna o mosireletsa ‘meleng le maikutlong. Monna o lokela ho sebetsana le likhohlano life kapa life le bahaisane. Monna o lokela ho etsa bo’nete hore lelapa ke sebaka se bolokehileng. O lokela ho ‘muella h’a hobosoa ke ba bang, le ke bona ba-amani. H’a lokela ho otla mosali oa hae kapa ho mo utloisa bohloko ‘meleng ka tsela efe kapa efe kapa efe ho etsa hore a mo utloe. O lokela ho etsa ka matla ohle ho mo fa litlhoko tsa lisebelisuoa tsa lelapa la hae. Haeba monna a le bohlasoa ka chelete, mosali oa hae o utloa eka h’a tsotelle litlhoko tsa lelapa.
Lintlha tsa Chelete bakeng sa Banna
Mathata a lichelete ke a mang a mabaka a maholo a lintoa ka hara lenyalo. Banna,
Hana ho etsa ntho efe kapa efe e sa tšepahaleng kapa boitšoaro bo bobe bakeng sa phaello; hopola hore o tlasa bolaoli ba Molimo.
Fana ka boshome ba hau kerekeng hobane u tšepa hore Molimo o tla u hlokomela.
Batla monyetla o nepahetseng oa mosebetsi empa ikemisetse ho sebetsa mosebetsi o sa khotsofatseng h’a joale.
Hore na o hiriloe kapa che, batla mosebetsi o ka u etsang letsatsi le leng le le leng ho ithusa hape le ho thusa ba bang.
Seke oa sebelisa chelete ea kamoso ka ho alima chelete kajeno.
Ha u sebelisa chelete bakeng sa boithabiso, kenyeletsa mosali oa hau le bana.
Boloka ka tatellano bakeng sa litšenyehelo tse tloaelehileng joalo ka ho lefella ntlo ea motho.
Tsetela chelete ho phahamisa boemo ba hau ho e-na le ho senya chelete bakeng sa ho phela hamonate.
(2) Monna o rata mosali oa hae ka ho ipolokela eena.
Monna o lokela ho ipoloka a hloekile boitšoarong ’me a thabele mosali oa hae, “…e ratehang; matsoele a hae a ke a u khorise kamehla; ’me kamehla u khahloe ke lerato la hae." (Diproverbia 5:19). Haeba monna a e-na le likamano tse sa lokelang kapa tsa boitšoaro bo bobe le basali ba bang kapa a sebelisa boithabiso bo sa hloekang, mosali oa hae o ikutloa a sa ratoe.
(3) Monna o rata mosali oa hae ka ho leka ho mo utloisisa.
Hase kamehla monna a tla atleha ho utloisisa mosali oa hae, empa o lokela ho ipha nako ea ho mo mamela le ho ithuta eena. Lengolo le re ho banna, “Ka mokhoa o joalo, le lona banna, lulang le bona ka tsebo… le majalefa hammoho le bona a mohau oa bophelo…” (1 Petrose 3:7). Haeba monna a hobosa maikutlo le mehopolo ea mosali oa hae, H’a ikutloe a ratoa. Mosali o batla hore monna a leke ho utloisisa ngongoreho ea hae le ha lipolelo tsa hae li sa tsa utloahale li e-na le moelelo ho eena.
Ka hobane Molimo o entse monna hlooho ea lelapa (Baefese 5:23), monna o na le boikarabello ba ho etella pele lelapa (1 Timothea 3:4-5). Le ha ho le joalo, monna le mosali ba lokela ho nka nako puisanong ho fihlella ba ka lumellana liqetong tse ngata. Monna ha a lokela ho potlakela ho etsetsa ntho e itseng qeto ntle le ho batla maikutlo le mehopolo ea mosali oa hae. Haeba ba sa fihlelle tumellano tabeng, monna a ka ‘na a hloka ho etsa qeto, empa o lokela ho utloa bohloko hore ebe ba hlōlehile ho lumellana. Hangata ho ba sieo ha bonngoe ke temoso ho monna. Hangata basali ba na le bohlale le temoho tseo banna ba li hlokang ho etsa liqeto tse molemo.
► Moithuti o lokela ho bala Baefese 4:2-3, 15-16 bakeng sa sehlopha. Litemana tsee li sebetsa joang likamanong tse pakeng tsa monna le mosali?
(4) Monna o rata mosali oa hae ka ho mo ananela.[2]
Basali ba bangata ba ikutloa eka banna ba bona ha ba ananele mosebetsi oo ba o etsang. Monna o lokela ho bontša ho ba motlotlo ka mosali oa hae. Monna o lokela ho ela hloko boiteko boo mosali a bo etsetsang lelapa la bona. Monna o lokela hore a se ke a hobosa mosali botenng ba batho ba bang.[3] Monna o lokela ho rorisa semelo sa mosali oa hae, ho khahleha ha hae, le bokhoni ba mosali oa hae. Ka hoohle kamoo monna a ka tsebang, Monna o lokela ho etsa hore mosali a apare hantle. Mosali h’a ikutloe a ratoa h’a ikutloa eka monna oa hae h’a tsotelle hore na o hlaha joang ka pela batho.
Ha monna a nyatsa mosali oa hae a ka ’na a etsa hore a nahane hore ha aa lekana joaloka motho ’me a mo nyahamisa. Pauluse o bolella balumeli, “ba se ke ba nyefola motho, ba se ke ba rata liqabang, ba mpe ba be bonolo, ba bontše bonolo bohle ho batho bohle” (Tite 3:2). Haeba ho nyatsuoa ho hlokahala, monna o lokela ho ba hlokolosi haholo ho tiisa hore kananelo ea hae ho mosali oa hae e kholo ho feta ho nyatsa ha hae. O lokela ho qoba ho bontša mehlala ea basali ba phahametseng mosali oa hae ka litšobotsi tse sa tšoaneng.
(5) Monna o rata mosali oa hae ka ho ipha nako ea kamano.
Ho phela bophelo ‘moho ho hloka nako ea ho ba le moqoqo. Likamano li tebisoa ke mantsoe (Diproverbia 16:24, Diproverbia 20:5). Balekane ba lokela ho buoa ka lintho tse tlatsang matsatsi a bona. Ba lokela ho buoa ka setsoalle sa bona, boikutlo ba bona, litakatso tsa bona, le matšoenyeho a bona. Mosali o ikutloa a ratoa ha monna oa hae a nka nako ea ho buoa le ho mo mamela. Nakong eo a fihlang lapeng a khathetse ho tsoa mosebetsing a ka ‘na a ikutloa a sa batle ho buoa kapa ho utloa mathata a lelapa, empa monna ha a tlameha ho se natse tlhoko ena. Haeba monna a batla kamano e haufi-ufi ’meleng empa a sa fumanehe bakeng sa kamano e haufi-ufi ea maikutlo, mosali o ikutloa hore oa sebelisoa ’me ha a ratoe.
(6) Monna o rata mosali oa hae ka ho mamella mefokolo ea hae.
1 Petrose 3:7 e ruta hore, “Ka mokhoa o joalo, le lona banna, lulang le bona ka tsebo, le ntse le hlompha basali, joaloka pitsa e fokolang…” Boholo ba basali ha bo na matla a ‘mele joalo ka banna. Hape, basali ba bangata ba kotsing ea ho utloa bohloko maikutlong le ho tsieleha ho feta banna ba bangata. Monna o lokela ho tšelisa le ho khothatsa mosali oa hae. O lokela ho ithuta ho mo imolla khatellong ea maikutlo. O lokela ho qoba ho mo batla hona le hoane ha a khathetse, a imetsoe kelellong kapa a tšoenyehile.
(7) Monna o rata mosali oa hae ka ho fihlella litlhoko tsa hae tsa bophelo.
Joalo ka ha monna a batla ho ba le lisebelisuoa tse nepahetseng bakeng mosebetsi oa hae le sebaka se nepahetseng ho etsa mosebetsi oa hae, ka ho tšoana o lokela ho fana ka tikoloho e ntle bakeng sa mosali oa hae. O lokela ho etsa bo’nete ba hore lelapa le lokisitsoe le kenngoa thepa eo mosali a e hlokang.
Litholoana tsa Ha Banna ba Rata Basali ba Bona
Banna ba bangata ba fumana hore ha ba bontša lerato ho basali ba bona, basali ba bona ba arabela ka thabo le tšebelisano-’moho. Basali ba utloa thabo ha banna ba bona ba inehetse ho bona le ho bontša lerato ho bona ka tsela tse thathamisitsoeng. Banna ba fumana ho hongata hotsoa manyalong a bona ha ba bontša lerato ho basali ba bona (Baefese 5:28). Leha ho le joalo, banna ha ba na tiisetso ea litlamorao. Ho na le mahlakore a mang. Monna ha aa lokela ho bontša lerato ka morero oa ho fumana seo a se batlang. O lokela ho bontša lerato e le hore a khahlise Molimo le ho khotsofatsa litlhoko tsa mosali oa hae ho e-na le ho tšoenyeha ka litlhoko tsa hae.
Basali ba bang ba senyehile maikutlong ka baka la liketsahalo tse kileng tsa ba hlahela, ‘me ba kanna ba se ke ba arabela leratong la banna ba bona kapele. Diketso tsena tsa ho bontša lerato ha se leqheka la ho lekoa matsatsana e le teko feela. Monna o lokela ho tsoelapele a sa khaotse ho bontša lerato ka litsela tsena ka lebaka la lerato leo a nang le lona pelong ea hae ho Molimo le ho mosali oa hae. Kreste o rata Kereke Ka botšepehi bona le boitlamo ba ho iketsa sehlabelo.
[1]Hona le mangolo a mangata a amanang le ‘nete ena ho kenyeletsa Baefese 5:28-31, BaKolose 3:19 (tšireletso maikutlong), 1 Timothea 5:8 (ho etsoa hantle ‘meleng), Nehemia 4:13-14 (tšireletso ‘meleng), le 1 Timothea 2:14 (tšireletso semoeeng).
[3]Moelelong oa lenyalo, hona ke ho kenngoa tšebetsong ha taelo ea Molimo ho rōna ka ho Baefese 4:29-32, Baefese 5:25-29 and Mattheu 7:12.
Kamoo Mosali a Bontšang Tlhompho ho Monna oa Hae
Baefese 5:33 e laela hore, “Leha ho le joalo, e mong le e mong oa lona ka ho khetheha a rate mosali oa hae joaloka ha a ithata; le mosali a hlomphe monna oa hae.”
Monna o hloka tlhompho. Boholo ba banna ba ka mpa ba hlomphuoa ke batho ba bang ho e-na le ho ratoa ke bona. Molimo o bopetse banna ho sireletsa, ho tšehetsa, le ho etella-pele malapa a bona. Boemo ba ntate le monna bo lokeloa ke tlhompho le pele a ka etsa eng kapa eng e ka mofang tlhompho. Mosali o lokela ho itšoara ka tlhompho ho monna oa hae le haeba Diketso tsa hae li fosahetse. Mosali o lokela ho tšoara monna joalo ka motho, ea entsoeng ka setšoantšo sa Molimo, ea bohlokoa le ha a sa sebelise borena ba hae ka ho phetheha (Baefese 5:23). Sena ha se bolele hore a ke ke a mo bolella hore ha a lumellane le Diketso kapa liqeto tsa hae, empa ha aa lokela ho mo tšoara ka ho hloka tlhompho.
Ha mosali a hlompha monna oa hae ka ho ikokobelletsa bolaoli ba hae ka bolokolohi, o bontša lerato la hae ho Jesu (Baefese 5:22, 31-33).
Basali ba bang ba nahana hore ba rata banna ba bona le ha ba ba tšoere ka tsela e hlokang tlhompho—ba ba nyatsa metsoalleng ea bona, ba itšoere ka lekunutu, le ho sebelisa mantsoe a utloisang bohloko. Ba lokela ho utloisisa hore ha ho boleng ba kutloano bo ka lefellang ho hloka tlhompho.
Basali ba bangata ba na le tšekamelo e matla ea ho ba ’mè oa ngoana e monyenyane. Ba na le bokhoni ba tlhaho le takatso ea tlhaho ea ho hlokomela litlhoko tsa lesea. Nahana hore na mosali o ne a ka ikutloa joang haeba motho e mong a ne a ka re, “Ha ona tsebo ea ho hlokomela ngoana.” Ka mokhoa o tšoanang, banna ba na le tsebo e matla ea ho sireletsa, ho fana, le ho etella pele. Ha mosali oa monna’a a ’molella hore ha a khone ho etsa lintho tseo, o ikutloa hore o hlōlehile joaloka monna.
Mosali o lokela ho utloisisa hore ho tla ba teng banna ba bang ba nang le limelo tse matla, ba fumanang chelete e ngatanyana, kapa ba tšoereng maemo a holimonyana ho feta monna oa hae. Mosali h’a lokela ho etsa hore monna oa hae a ikutloe eka ke mohlolehi ka ho mo bapisa le ba bang. Ha ‘ntse re ithuta ho tsoa ho Baefese 5:21-33, mosali ke eena ea nang le monna oa hae. Ha mosali a mo nyatsa kapa a mo bapisa le ba bang, o senya bobeli ba bona le kamano ea bona.
► Moithuti o lokela ho bala Diproverbia 31:11-12, 26 bakeng sa sehlopha. Litemana tsee li re rutang mabapi le hore na mosali ea halalelang o tšoara monna oa hae joang boitšoarong le ka lipolelo?
(1) Mosali o hlompha monna oa hae ka mantsoe a tiisetso.
Mosali o lokela ho tiisa bokhoni ba monna oa hae. Tlhompho e tla bonahala mantsoeng a tiisang ao mosali a a buang le monna oa hae. Mantsoe a na le litlamorao tse matla ba’neng ba ba bangata. A ka haha kapa a heletsa (Diproverbia 14:1). A ka khothatsa kapa a bebola. A ka tiisa boitšepo ba hae kapa a roba moea oa hae (Diproverbia 18:21). Monna a kanna a se atlehe khoebong e ’ngoe le e ’ngoe kapa a tšoara maemo a holimo, empa mosali oa hae o lokela ho ananela boiteko ba hae ba ho haha lelapa le ho fana ka tšireletso bakeng sa lelapa la hae. O lokela ho leka hore a se ke a mo nyahamisa ha a na le mehopolo le ha a leka liqholotso tse ncha.
► Baithuti ba lokela ho bala Diproverbia 15:4 le Diproverbia 16:24 bakeng sa sehlopha.
(2) Mosali o hlompha monna oa hae ka ho ikokobetsa (1 Petrose 3:5).
Boikokobetso ba mosali ha bo bolele hore o nyenyefatsoa ho monna oa hae. Ho e-na le hoo, hona ho bolela hore mesebetsi ea bona e fapane. Esita le ho Boraro-bo-bong rea bona hore Mora o ikokobelletsa Ntate, leha Mora a se tlase ho Ntate ka tlhaho kapa matla kapa tšobotsi efe kapa efe.
Molao-motheo ona ha o bobebe ho basali ba bang, haholo ha monna oa hae a sa phele ka Lentsoe la Molimo, kapa haeba a le khopo ho eena. Basali ba bang ba ikutloa eka ba ka iketsetsa liqeto tse molemo bakeng sa bona kapa bakeng sa malapa a bona ho feta kamoo monna a ka etsang kateng. Ka linako tse ling mosali o nepile, ’me monna o fositse. Leha ho le joalo, haeba mosali a ikokobelletsa monna oa hae feela ha a lumellana le eena, o nka bolaoli ’me ha e le hantle ha a ikokobetse ele ka’nete. Ho ikokobetsa ho bolela ho lumella e mong ho etsa qeto.
Petrose o bolella basali hore,
Le lona basali, le ikokobeletse banna ba lona; e le hore ekare ha ba bang ba sa mamele lentsoe, ba ka hapeloa kantle ho lentsoe ka metsamao ya basali ba bona; mokhabo oa lona e se ke ea eba oa kantle oa ho loha moriri, le oa ho khaba ka khauta, kapa oa ho apara liaparo; empa e be motho ea ka sephiring, oa pelo, ka khabo e sa boleng, ea moea o bonolo, o bonolo, eo e leng ea bohlokoa mahlong a Molimo (1 Petrose 3:1, 3-4).
Ho na le maemo a mangata a boima. Basali ba bangata ba botsa lipotso. “Haeba a mpolella ho _______ na ke lokela ho e etsa?” Thuto ena e ke ke ea bua ka maemo a mangata a fapaneng a teng. Leha ho le joalo, bothata ba boikokobetso hangata ha se hobane monna a batla lintho tseo mosali a ke keng a li etsa. Mosali a kanna a se batle ho ikokobetsa hobane a nahana hore monna o tla mo tsamaea holimo ha a ka a etsa. Mohlomong monna ha a na lerato ebile ha a mosa. E ka ’na eaba mosali ha a batle ho nehelana ka bolokolohi ba hae ba ho iketsetsa liqeto. Mosali a kanna a ba le litšobotsi tsa ho ba manganga. Mosali o sebelisa mehlala ea Diketso tse se nang mosa kapa liphoso tsa monna oa hae e le lebaka la ho hana bolaoli ba hae ka kakaretso. Sena ke ho se mamele litaelo tsa Lentsoe la Molimo.
Bibele e re bolella hore mosali ea tšabang Molimo, ea ikokobelitseng a ka ’na a hapela monna oa hae ho Morena. Ha re na tiisetso ea hore monna o tla fetoha molumeli ka lebaka la mosali ea khabane, Empa ho na le monyetla o fokolang oa hore monna a ka fetoha molumeli haeba mosali oa hae oa Mokreste a sa hlomphe. Mosali a ka fumana mohau o moholo ho monna oa hae ka hoba le tlhompho, empa hoo ha se lebaka la pele la hore a hlomphe. O lokela ho hlompha monna oa hae hobane a mokolota tlhompho le hobane a batla ho khahlisa Molimo.
Diproverbia 12:4 e re, “Mosali ea khabane ke moqhaka ho monna oa hae; empa ea hlajoang ke lihlong o joaloka ho bola masapong a hae.” Haeba mosali a tšoara monna oa hae ka ho hloka tlhompho ka pela metsoalle ea hae, ho hloka tlhompho ho eena hore le ka mohla a se ke a khona ho tsosolosa. Banna ba tsota banna ba bang ba nang le basali ba inehetseng. Banna ba hauhela banna ba bang ba nang le basali ba hlokang tlhompho.
(3) Mosali o hlompha monna oa hae ka ho ela hloko litlhoko tsa hae (Diproverbia 31:15, 21, 25, 27).
Ha mosali a ithuta mekhoa e ikhethang ea ho lokisa lijo le ho hlokomela ntlo ka litsela tse khahlisang monna oa hae, o ikutloa a tlotlisitsoe. Haeba mosali a hana ho fetola litloaelo tsa hae molemong oa monna oa hae, o ikutloa a se bohlokoa ho mosali.
Haeba mosali a phathahane ka mosebetsi kapa metsoalle kapa kereke kapa boithabiso ‘me a sa iphe nako ea ho mamela monna oa hae h’a buoa kapa ho ela hloko litlhoko tsa hae, o ikutloa a se bohlokoa ho mosali.
Genese 2:18 e ruta hore, “Morena Molimo a re: Ha ho hotle hore motho a be mong; Ke tla mo etsetsa mothusi ea lekanang le eena.”
(4) Mosali o hlompha monna oa hae ka ho fa tlhoko ea nama.
Khotsofalo ea thobalano e bonahala e le ea bohlokoa ho banna ba bangata ho feta ho basali ba bang Mosali a ka ’na a se ke a thahasella ho kopanela liphate hangata ntle leha maikutlo le boikutlo ba hae li sekametse ho eona, e leng ntho e fokolang hangata ho feta kamoo monna a ka e batlang. Hona ho bolela hore monna hangata a ka khopiseha ke ha mosali a sa utloisise tlhoko ea hae. Mosali a ka ba a ‘na a nyefola litakatso tsa banna tsa thobalano ka baka la tlhekefetso eo a fetileng ho eona kapa eo a ileng a etsetsoa. Monna o lokela ho ba le mamello le ho ba le kutloisiso ea mosali oa hae. Empa mosali eena o lokela ho lemoha hore ho hotle hore eena a arabele tlhoko ea monna oa hae ea thobalano le ka linako tseo e leng hore eena h’a ikutloe a e na le tlhoko e joalo. Haeba monna a tšepahala ’me a inehetse ho mosali oa hae, a se na likamano tse fosahetseng le basali ba bang, a ka ’na a hlonama ha mosali oa hae a sa tsotelle tlhoko ea hae. Ho tšepahala ha monna boitlamong ba hae ba lenyalo le ka mohla ha boa lokela ho itšetleha ka khotsofalo ea hae ea ’mele, empa tlhokomelo ea mosali oa hae litlhokong tsa hae tsa likamano tsa thobalano e ka fokotsa ntoa ea hae le moleko.
Sefela sa Salomone se supa hore, “Moratuoa oa ka ke oa ka, ‘me ‘na ke oa hae... Tloo, moratuoa oa ka, a re eeng naheng; re lule metseng. ...teng ke tla u nea baratoa ba ka. (Sefela sa Salomone 2:16; Sefela sa Salomone 7:11-12, tiisetso e kentsoeng; sheba hape 1 Bakorinthe 7:3-5).
Litlamorao tsa ho se mamele Litaelo Molimo
Litlhaloso tse lirapeng tsena ha li sebetse khohlanong e ’ngoe le e ’ngoe ea lenyalo, empa li tloaelehile. Litlhaloso tsena li bontša mekhoa ea tlhaho ea boitšoaro ea sesosa le phello e etsahalang ha balekane ba arabela maikutlong a bona ntle le moea, ho e-na le (1) ho lemoha seo ba se utloang, (2) ho hopola ’nete ea Molimo le seo a se batlang bakeng sa bona, le (3) ho itšetleha ka Moea ho ba thusa ho arabela ka litsela tsa Bibele.
Haeba mosali a sa tsamaee ka Moea 'me a lumella lerato la Molimo hore le sebetse ho eena a ka' na a itšoara ka litsela tsa tlhaho tse senyang lenyalo la hae. Haeba mosali a sa ikutloe a ratoa, ha a ikutloe a sireletsehile. O qalella ho iphahamisa le ho hanela bolaoli ba monna oa hae hobane ha a mo tšepe hore a mo tsotelle. Ha a etsa sena, o ikutloa a sa hlomphuoe. Haeba a leka ho tiisa bolaoli le ho batla tlhompho, o ikutloa le ho feta hore ha a mo rate.
Haeba monna a sa tsamaee ka Moea ’me a lumella lerato la Molimo hore le sebetse ho eena, a ka ’na a hlōleha ho ba le boikutlo bo matlafatsang lenyalo la hae. Ha monna a ikutloa a sa hlomphuoe, o utloa bohloko ebile oa halefa. A ka ’na a bolella mosali oa hae lintho tse bohloko. Haeba a leka ho laola maikutlo a hae, a ka ’na a khutsa. Ha a batle ho ba haufi le mosali oa hae kapa ho mo phetlela pelo, hobane o ikutloa hore ha se motsoalle. Ha a etsa sena, mosali oa hae ha a utloisise lebaka. Mohlomong o ile a mo tšoara ka ho hloka tlhompho hobane o ne a leka ho etsa hore a hlokomele hore ha aa thaba le hore o lokela ho fetoha. Ha monna o halefa kapa a ikhula, mosali o nahana hore monna o tiisa taba ea hore h’a tsotelle litaba-tabelo tsa hae. Mosali a kanna a eketsa ho se hlomphe.
Motho o ba tsietsing haholo ea ho lekoa ha kamano ea lenyalo e senyeha. Mosali o lekoa haholo hore a be manganga ho boetapele ba monna oa hae. Mosali o ba tekong ea ho buoa hampe ka monna oa hae ho ba bang ka tsela e hlokang tlhompho. A kanna a ba tekong ea ho thabela ho fuoa nako ke monna e mong ea bonahalang a mo ananela. Monna o ba tekong ea ho tsamaella hole le mosali oa hae hobane boitšoaro ba mosali bo mo khopisa. Monna h’a ikutloe aka etsa Diketso tsa lerato ho eena. Monna a kanna a ba tekong ea ho natefeloa ke ho fuoa nako ke mosali e mong ea mo ananelang.
Motho ka mong o na le boikarabello ho Molimo likhethong tsa hae. Molimo a ke ke a iphapanyetsa sebe sa motho ka baka la seo molekane a se entseng. Molimo o re tšepisa matla a ho re thusa ho phela kamoo re lokelang. Sepheo sa boitsebelo bona hase hore motho a batle se hlokahalang ho molekane kapa ho beha molekane molato bakeng sa sebe sa hae. Sepheo ke hore motho a lemohe boikarabelo ba ho khahisa Molimo le ho fana ka seo molekane a se batlang.
Mekolokotoane e fosahetseng
Ka nako e ’ngoe motho o batla tsela ea ho nolofatsa bophelo ba hae. Monna o batla ho nolofatsa bophelo ba hae ka ho etsa hore mosali oa hae a fetohe. Ka ho tšoana, mosali a kanna a nahana hore bophelo ba hae bo tla ba botle haeba monna oa hae a ka fetoha. Motho o botsa moeletsi kapa moruti kapa metsoalle hore na a ka fetola motho e mong joang. Ho fetola molekane oa hau ha se mokolokotoane o nepahetseng. Motho ea lekang ho etsa hore bophelo ba hae bo be bobebe ka ho sebelisa maqheka a likamano ha a tsamaisoe ke lerato la Molimo kapa motho e mong.
Ka linako tse ling motho o leka ka lilemo tse ngata ho lokisa liphoso tsa motho e mong. Ha ho mohla ba khaotsang ho nyatsa liphoso tse tšoanang. Leha motho e mong le e mong a e-na le liphoso tsa ‘nete, molekane ka mong o tlameha hore qetellong a amohele molekane le liphoso tsa hae. Liphoso ekaba mefokolo ea botho, mefokolo ea semelo, kapa mefokolo ea semoea (le sona sebe). Kamano ha e lokele ho itšetleha holim’a boikhethelo ba motho e mong ho fetoha. Monna a kanna a ikutloa a sitoa ho fetoha. Ho sa tsotellehe lebaka, taba ke hore ha a fetohe, molekane ka mong o lokela ho bontša lerato le tlhompho, ho bona boleng mothong ‘moho li phoso tsa hae.
Phethelo
Molimo o ralile semelo sa monna le mosali, ‘me a rera lenyalo ho fihlella litlhoko tseo tsa bona tsa botho. Leha ho le joalo, re phela lefatšeng leo manyalo le malapa a sentsoe ke sebe. E mong le e mong oa rōna ka bo mong o sentsoe ke libe tsa hae ‘me le libe tsa ba bang tse re amileng. Re ke ke ra bona lenyalo kamoo Molimo a le rerileng kateng kantle le mohau o re fetolang le ho re thusa ho bontša mohau ho ba bang. Re hloka tlhoekiso ea Moea oa Molimo e le hore re be le sepheo se hloekileng, lerato le matla, le boikokobetso tse sebetsang.
Bakeng sa Puisano ea Sehlopha
► Ke mehopolo efe thutong ee e mecha ho uena? O rera ho fetola tsela ea katamelo le boitšoaro joang?
► Ke eng eo kereke e ka e etsang ho tiisa manyalo?
Thapelo
Ntate oa Leholimo,
Kea leboha ha o ralile kamono ea lenyalo ho fihlella litlhoko tse ngata hakana tse ikhethang. Kea leboha ka ho refa molao bakeng sa lenyalo.
Re thuse ho ba le lerato le kutloisiso ho tsotella kamoo re lokelang. Re thuse ho ba le malapa a bontšang lerato la hau lefatšeng.
Kea leboha ka mohau oa hau o re thusang ho rata joalo ka ha o etsa.
Amen
Mesebetsi ea Baithuti ea Thuto ea 7
(1) Boloka ka hloohong 1 Bakorinthe 13:4-8. Qalong ea sehlopha se latelang, ngola kapa u phete temana ka hlooho.
(2) Ngola pampiri e maqephe a mabeli e hlalosang litlhoko tsa monna kapa mosali. Fana ka mehlala ea boitšoaro ba molekane e thusang ho fihlela litlhoko tseo. Sebelisa mangolo ho tšehetsa e 'ngoe le e 'ngoe ea litlhoko tseo u li buileng ka tsona.
SGC exists to equip rising Christian leaders around the world by providing free, high-quality theological resources. We gladly grant permission for you to print and distribute our courses under these simple guidelines:
No Changes – Course content must not be altered in any way.
No Profit Sales – Printed copies may not be sold for profit.
Free Use for Ministry – Churches, schools, and other training ministries may freely print and distribute copies—even if they charge tuition.
No Unauthorized Translations – Please contact us before translating any course into another language.
All materials remain the copyrighted property of Shepherds Global Classroom. We simply ask that you honor the integrity of the content and mission.