Christopher o holetse lelapeng la ma-Asia a ma-Amerika naheng ea United States. Lilemong tsa bocha ba hae o ile a ikutloa a hoheloa ke lerato la banna ho-ena le basali. Batsoali ba hae, ba ne ba tšohile ebile ba soabisitsoe ke thahasello eena ea mor’a bona. H’a se a holile o ile a ba le letoto la likanano le banna. O ne a hopotse ho fumana lerato la ‘nete le boikitlaetso empa kaofela likamano tsa hae tsa hloleha qetellong. A qalella ho kena likamanong tse manyala ka bohloasoa le banna ba bangata. Ntho e ‘ngoe le e ’ngoe ea fetoha nakong eo ‘m’e oa hae a neng a fetoha molumeli ‘me a ‘montša lerato le kananelo eo a neng a so ka a e fumana pele. A qala ho lemoha hore chebahalo ea hae ea pele ke motho eo e leng setšoantšo sa Molimo. Eaba oa baka ‘me a nehelana ka sohle se bophelong ba hae ho Molimo. A fumana kholiseho le sepheo kamonong ea hae le Molimo.
Semelo sa botho sa ho oa le litakatso tsa sebe
Ha Molimo o ne o bopa Adama le Eva o ba entse ba phethahetse ka hohle, ba sena sekoli leha ele khaello (Genese 1:31). Limelo tsa bona li ne li labalabela feela se lokileng le se molemo. Likelello le ‘mele ea bona li ne li sebetsa ka ho phethahala. Eaba Adama o khetha ho se be le kutlo molaong oa Molimo. Nakong eo a etsang joalo, semelo sa motho sa tlhaho sa bola (Baroma 8:20-23). ‘Mele le likamano tsa batho li ile tsa fetoha. Le eena motho ea neng a shahlile a le bohlale, o fetotsoe ke litlamorao tsa sebe. Sebe sa senya se neng se phethehile ka ho sa feleng. Ha ho le e ‘ngoe ea tse Bopiloeng e tla folisoa ka botlalo ho fihlela Kreste a khutla (1 Bakorinthe 15).
Ka tšenyo e seng e entsoe semelong sa rōna sa tlhaho le ‘meleng ea rōna, ha rea lokela ho lebella hore litaba-tabelo tsa rōna tsa ‘mele tsa tlhaho li tla lula li lokile ‘me li lekana kamehla. Taba ea ‘nete ke hore tse ngata tsa litaba-tabelo tsa rōna ha li lekane. Joale batho ka tlhaho ba labelabela se fosahetseng. Jesu o lemohile boetsalibe ba tlhaho ba batho o oa etsa lethathamo la mefuta eohle ea libe e tsoang pelong (Mareka 7:21-22).
Thutong ena re buoa ka litaba tsa thobalano. Ka hara litakatso tsohle tsa batho, litakatso tsa thobalano li matla ka ho fetisisa.
Litakatso tse fosahetseng tsa thobalano li na le ho bonahala eka ke ntho e tloaelehileng ho motho ea li utloang. A ka nahana hore ha lokela ho tšoha phoso ka ho phethahatsa takatso tseo tsa hae. Leha hole joalo, motho ka mong o lokela ho laola litakatso tsa hae tsa tlhaho a tle a etse ho lokileng. Motho a ka ba le takatso ea tlhaho ea ho buoa leshano kapa ho utsoa kapa ho ba hlaha, botsoa, kapa ho hloka mamello. Ha se boikhethelo ba motho ho hlahela bohloking empa batho ba molato ha ba latela takatso ea tlhaho ‘me ba etsa sebe.
Ka nako e ‘ngoe tlhekefetso ea bana kapa maemo a mang a tikoloho a etsa hore motho a sokolisoe ke boikutlo ba botabana kapa takatso tse ling tse fosahetseng. Leha ho le joalo, litakatso tse fosahetseng tsa thobalano ha lia lokela ho nkoa li fapane le litakatso tse ling tsa sebe. Motho o hloka Mohau o tšoanang bakeng sa ho lokoloha le ho hloekisoa ke Molimo ho sa tsotellehe mofuta oa sebe.
Taba ea hore takatso tse fosahetseng li bonahala li tloaelehile ho batho ba bang ha e ea lokela ho bonahala e makatsa. Sebe ka kakaretso se bonahala se tloaelehile ho motho ea nang le takatso ea sona.
Re bana ba khalefo ka tlhaho (Baefese 2:3). Hoo ho bolela hore ka tlhaho re baetsalibe ‘me re ikisa kahlolong ka ho etsa sebe seo e leng tlhaho ea rōna. Taba ea hore motho o tsoetsoe a e-na le bofokoli bo itseng ba sebe ha e bolele hore o lokela ho latela sebe seo leha eba se bonahla se tloaelehile ho eena.
► Hobaneng re sa lokela ho latela litakatso tsa rōna tsa tlhaho?
Bibele e re bolella hore ho fetoha ba tšoanang le Kreste (Baroma 8:29). Re lokela ho apara Morena Jesu Kreste. Litakatso tsa rōna tsa nama ha lia lokela ho fetoha mokhoa oa bophelo. Ho-ena le hoo, re lokela ho nehelana ka litakatso tse fosahetseng ho matla a Molimo (Baroma 13:14).
► Ho shebahala joang ho nehelana ka litakatso tse fosahetseng bolaoling ba Molimo?
Litakatso tsa hau tsa thobalano li lokela ho kokobetsoa tlasa sepheo sa hau sa mantlha, ho isa khanya ho Molimo ka ho bonahatsa Setšoantšo sa oona. Bophelo bo latetseng Kreste ke bophelo bo tsitsitseng setšoantšong sa Molimo seo u nang le sona.
Boitsebahatso ba motho
Kutloisiso e nepahetseng ea boitsebahatso ba motho
Batho ba bangata ka phoso ba lumela hore semelo sa botho se ka tšepeloa ho ba isa tseleng ea ho loka. Ho bonahala e le ntho e utloisisehang ho bona hore litakatso tse hlahang semelong sa bona li lokela ho khotsofatsoa. Ha ba elelloe hore semelo sa bona sa tlhaho se ke ke sa tšeptjoa hobane se sentsoe ke sebe. Litakatso tsa tlhaho tsa motho li ke ke tsa mo lebisa khotsofalong hobane se sentsoe ke sebe. Litakatso tsa tlhaho tsa motho li ke ke tsa mo khotsofatsa hobane takatso tsa hae li ferekane. Hape takatso tsa motho tsa tlhaho ntle le Molimo ha li ise motho nthong e nepahetseng.
Batho ba lumela hore ba lokela ho latela litakatso le boikutlo ba bona ba tlhaho ho bopa sepheo sa bona sa bophelo. Ba lumela hore ho bohlokoa ho ba le boitsebahatso ba botho bo sa hlalosoeng kapa ho etsetsoa moeli ke bolaoli bofe kapa bofe kapa litebello tsa boitsoaro. Ba hopola hore motho ka mong o lokela ho ikhethela se nepahetseng le ho ba le boleng bakeng sa hae, ba tšepa limelo tsa bona tsa tlhaho ho ba tataisetsa tseleng e nepahetseng. Ha ba rate ho laeloa kapa melao e behelang boitšoaro ba bona meeli. Semelo sa tlhaho sa motho se bolileng se fetoha boemo ba tsela ea boitšoaro sebakeng sa Lentsoe la Molimo.
Ka hobane thobalano ke karolo e matla ea semelo sa tlhaho, batho ba bangata ba nka hore litakatso bona tsa thobalano ke eona ntho ea mantlha e ba fang boitsebahatso. Ba hopola hore ba tlameha ho latela litakatso tsa bona tsa thobalano e le hore e be batho ba ho tiea. Batho ba nahana hore thobalano ha se feela seo ba se batlang kapa seo ba se etsang, empa seo ba leng sona. Ba e etsa boitsebiso ba bona.
Kahlanong le monahano oa bona, Bibele e re bolella hore re bopiloe ka setšoantšo sa Molimo se raletsoeng sepheo sa kamano ea ona le Molimo. Hona ke boitsebiso ba rōna ba ‘nete joalo ka batho.
Ha ho letho bophelong ba rōna le ka re fang boitsebiso ba ‘nete bo feletseng. Mekhoa ea ho phela ha rōna lefats’eng ke feela maemo ao re leng ho ona hona joale. Maemo h’a re etse seo re leng sona. Boitšoaro ba rōna, boemo sechabeng kapa moruo oa rōna ha se boitsebiso ba rōna, empa ke maemo a rōna. Motho e ka ba ngaka kapa ea thabisang batho kapa moetapele oa sechaba, empa motho eo kapa moetapele oa sechaba, empa motho eo mahlong a Molimo ke sebopuoa sa hae se nang le setšoantšo sa molemo ‘me boitsebiso boo ke bona ba bohlokoa.
Thobalano ea rōna ke karolo ea bohlokoa haholo ea boemo ba rōna rōna. Re na le litaba-tabelo tsa thobalano, litakatso le lipherekano. Empa ntho tseo ha se boitsebiso ba rōna; ke karolo ea boemo ba rona.
Re tsoetsoe le semelo sa sebe hobane sebe sa Adama se arotse moloko oohle oa batho le Molimo (Baroma 5:18). Empa le bona boetsalibe ba rōna ha se boitsebiso ba rōna; ke boemo, ‘me bo ka fetoloa ke mohau le matla a Molimo (Baroma 5:19).
► Phapang ke efe pakeng tsa boitsebiso ba motho le boemo ba hae?
Boitsebiso ba botho le mokhoa oa motho oa boitšoaro
Boitsebiso bo molemo hobane motho o tšetleha mokhoa oa hae oa boitšoaro holima boitsebiso ba hae. Mekhoa ea boitšoaro ke melao-motheo e bontšang hore na boitšoaro bo itseng bo nepahetse kapa bo fosahetse. Haeba motho a nahana hore thobalano ea hae ke boitsebiso ba hae, joale o tla nahana hore ke nepo ho latela litakatso tsa hae tsa thobalano.
Ka nako e ‘ngoe motho a ka re, “Ke tsoetsoe ke le tjena; ke tlholeho ho nna ho etsa tjena; ka hoo, ho ‘na ha se phoso.” Empa Bibele e re ruta hore kaofela re tsoaletsoe semelong sa sebe (Baroma 5:12, Baefese 2:3). Ha ho oa nepahala ho rōna hore re latele semelo sa rōna sa sebe hoba se bonahala e le tlholeho ho rōna.
Semelo sa rōna sa sebe ha se seo re leng sona. Semelo sa rōna sa sebe ke boemo ba rōna. Thobalano ea rōna ha se boitsebahatso ba rōna. Ho e-na le hoo, libopuoa tse entsoeng ka Setšoantšo sa Molimo ke bona boitsebiso ba rōna. Haeba re ananela ‘nete ena re elelloa hore Molimo o khetha se lokileng le se sa lokang le hore re ikarabella ho eena. Boitsebiso ba rōna bo re thusa ho utloisisa boemo bo nepahetseng bo halalelang.
► Kutloisiso ea motho ea boitsebiso ba hae e ka fetoha mokhoa oa boitšoaro ba hae joang?
Kutloisiso e nepahetseng ea botona le botšehali
Re na le tsebo ea hore batho batho le liphoofolo tse ngata li arotsoe ka botona le botšehali. Re ka boela ra nahana Molimo ke monna kapa mosali, empa hoo e kaba phoso. Molimo ke motho ea nang le tlholeho e ka holimo ho botona kapa botšehali., o bile teng le pele botona le botšehali li e-ba teng. Ka bobeli, libopeho tsena tsa batho li hlaha setšoantšong sa Molimo (Genese 1:27). Ka bobeli botona le botšehali ke ponahatso ea setšoantšo sa Molimo.
Setšoantšo sa Molimo ha se feela ntho e kenyelelitsoeng ho ba karolo ea bophelo ba motho. Setšoantšo sa Molimo ha se feela libopeho tse itseng tse fanoeng ho rōna joalo ka tsebo ea ho rata, kananelo ea botle le kutloisiso ea botle le bobe. Tlholeho ea motho kaofela ke ponahatso ea Setšoantšo sa Molimo. Ha ho letho ntle ho Setšoantšo sa Molimo ho ka talingoang e le seo re leng sona. Pele ho tsohle re libopuoa feela tse entsoeng ka setšoantsó sa Molimo. Ha ho boemo bofe kapa bofe ba botho bo lokelang ho lumelloa ho ba qalo ea boitsebiso ba rōna kapa motheo oa boitšoaro ba rōna.
Khetho ea Molimo ka botona kapa botséhali ba motho ka mong ke karolo ea moralo oa hae oa hore na motho eo o tla bonahatsa Setšoantšo sa Molimo joang. Batho ba bang ba sitoa ho amohela semelo sa bong seo Molimo o ba fileng sona. Ba bile ba leka ho phela joalo ka motho oa bong bo fapaneng le ba hae. Batho ba bang ba leka leho fetola ‘mele ea bona ka ho seoa ke lingaka. Hona ke tšenyo e kotsi popong ea Molimo hobane ruri motho a ke ke a fetola bong ka ho fetola ‘mele oa hae. Motho ka mong o motona kapa o motšehali bophelo bohle ba hae– eseng feela ‘meleng. Molimo o batla re motlotlise le ho bontša Setšoantšo sa hae botoneng le botšehaling boo a bo fileng e mong le emong oa rōna.
Tekanyetso ea Molimo bakeng sa Boits’oaro bo Nepahetseng
► Moithuti o lokela ho bala BaHebheru 13:4 bakeng sa sehlopha.
Temana ena e re bolella hore lenyalo le lokela ho hlompheha haholo. Sebe sa thobalano ke tlhomphollo ho lenyalo. Molimo o tla ahlola manyala a thobalano.
► Moithuti o lokela ho bala 1 Bakorinthe 6:18 bakeng sa sehlopha.
Libe tsa thobalano li kenyeletsa menahano ka takatso ea thobalano, bofebe, ho boka, thobalano ea bana ba motho, peto, tlhekefetso ea ngoana ka motabo, Liketso tsa bosodoma, le lits’oants’o tsa bootsoa.
Menahano ka takatso ea thobalano: ho nahana ka boikhethelo ketso ea thobalano le motho eo eseng molekane oa hau.
Bofebe: thobalano lipakeng tsa batho ba sa nyalanang.
Ho boka: thobalano ea motho ea seng a nyetse ho eo eseng molekane oa hae.
Thobalano ka motabo: Thobalano le mong ka uena ea haufi eo e seng molekane oa hao.
Peto: Tlhekefetso ea thobalano, ho qobella motho ho etsa thobalano khahlanong le thato ea hae.
Tlhekefetso ea ngoana ka motabo: ketso ea thobalano le motho ea e-song ho be moholo ho lekanang ho ka etsa qeto eo kapa ho laola litakatso tsa thobalano.
Liketso tsa bosodoma: Thobalano pakeng tsa batho ba bong bo tšoanang.
Litšoantšo tsa bootsoa: Ho ngola, litšoantšo le livideo tse etselitsoeng ho baka maikutlo a thobalano ka ho bontša bofeela kapa thobalano.
Kaofela tsena ke ho thunthetsa likamano tsa lenyalo.
Hopola—tlala e ‘ngoe le e ‘ngoe e re khalisang ‘meleng ke ho nka monyetla ka bohloki boo ka nepo bo ka fihleloang ke Molimo. Pehelo e le ‘ngoe e halalelang ea thobalano ke ea lenyalo. Thobalano ea bosholu… ke monate oa hang feela empa hoo ho jala chefu takotsong ea semoea ho fihlela re lakatsa se tlo re bolaea qetelong. Thobalano ea ho ikutsoa ha ho letho leo e tlo le etsa haese ho timetsa thahasello ea ntho tsa khalalelo, ho loka le boteng ba Molimo bophelong ba rōna.
Lirapeng tse ngata, Diproverbia e hlokomelisa ka hore ho hlepha boitšoarong ba thobalano ho senya bophelo ba motho ‘me ho isa lefung (Diproverbia 2:16-19 le Diproverbia 6:24-29, 32-33 e le mohlala).[1]
Robertson McQuilkin o ngotse hore
[Sepheo sa Molimo ka thobalano ea botho] se sentsoe mehopolong hantle feela joalo ka ha ho ne ho ka etsahala ketso ka bo-eona. Ha a ka a bopa e motona le e motšehali feela; o ba bopile e mong ‘bakeng sa e mong ka tlamahano ea le rato la ka ho sa feleng, tlamahano e sa feleng ea lenyalo, bonngoe bo seheletsoeng holim’a semelo sa hae. Ho phethahatsa sepheeo sena se holimo, kamano ea lerato e lokela hoba e ikhethang le boikitlaetso e be bo hlolang ka ho sa feleng ho seng joalo, ha se bonngoe. Botšepehi haholo-holo ke ntho ea kelello. Lerato le ikhethang, boitlamo bo sa feleng, le ho tšepana hoa ba babeli ho senyeha pele ka kelellong.[2]
► Baithuti ba lokela ho bala 1 Bakorinthe 6:9-11, 15-20 le Mattheu 5:27-30 bakeng sa sehlopha.
Sechaba se seng le se seng se na le maikutlo a setso mabapi le likamano pakeng tsa banna le basali. Maikutlo ana a setso a na le litekanyetso tse tlase ho feta litekanyetso tsa boitšoaro ba Bibele. Litso tse ngata li na le melao e hlokahalang feela bakeng sa ho boloka sechaba se hlophisehileng. Ba lumella sebe sa thobalano ha feela se laoleha hantle hore se seke sa ba hlahisa hampe. Boemo ba Bibele ba boitšoaro bo fapane.
Ka masoabi, likereke tse ling li latela boitšoaro ba setso sa tsona ho e-na le boitšoaro ba Bibele. Ba ahlola batho bao sebe sa bona se leng pepeneneng le ho ba bohlasoa empa hape ba ananela sebe se tšoanang ha se etsoa ke batho ba tsebang ho se pata kapa ho laola litlamorao tsa sona.
Litemana tsena li re bolella hore batho ba etsang libe tsena ha se balumeli ‘me ba keke ba kena leholimong. Ba bang ba balumeli ba Bakorinthe ba ne ba entse libe tsena nakong e fetileng empa ba pholositoe.
Thuto efe kapa efe e tlohelang libe tsena ho motho ea ipolelang hore ke molumeli ke thuto ea bohata. Ha motho a ipolela hore ke molateli oa Kreste empa a etsa sebe sa thobalano kereke e laeloa ke mangolo ho mo tlosa kerekeng le ho se mo nke e le molumeli (1 Bakorinthe 5:11-13).
Baetapele ba kereke ba lokela ho bea mohlala o motle oa boitšoaro. Ha kereke e lumella baetapele ba khumamelo ho tena ka tsela e bolefatše kapa ho tantsa ka tsela ea lefatše kahara kereke ba fana ka maikutlo a hore litakatso tse fosahetseng tsa thobalano li nepahetse. Ba fana ka maikutlo a hore sebe sa thobalano se tloaelehile.
Mekhoa ea ho apara ea sechaba e ka 'na ea fana ka maikutlo a hore motho ha a apare hantle ntle le ho pepeseha' meleng ho baka khoheli ea thobalano. Ka linako tse ling litho tsa kereke li oela phosong ena, haholo-holo liketsahalong tse khethehileng. Ba nahana hore ha ba ea apara hantle ntle le ho latela mokhoa oa ho apara oa sechaba sa bona. Kereke e tlameha ho ruta hore hoo ho fosahetse molumeli ha a lokela ho bakela ba bang litakatso tse fosahetseng. 1 Timothea 2:9-10 e re bolella hore balumeli ba lokela ho tena le ho etsa ka tsela eo motho e mong le e mong ea mo talimang a bone hore o phela ka hloko bophelo ba bohloeki ‘me ha a ikemisetsa ho etsa sebe kapa ho isa ba bang tekong.
[1]Gary Thomas, Sacred Marriage (Grand Rapids, MI: Zondervan, 2000), 210.
[2]Robertson McQuilkin, An Introduction to Biblical Ethics, 2nd ed. (Wheaton, IL: Tyndale House Publishers, Inc., 1995), 216.
Litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro
Litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro ke ho ngola, litšoantšo, kapa “livideo” tse etselitsoeng ho baka maikutlo a thobalano ka ho bontša bofeela kapa thobalano.
Marang-rang a etsa hore litšoantšo tsa bootsoa li fumanehe habonolo lefatšeng ka bophara. Baruti ba bangata ba baholo le baeta-pele ha baa ka ba tobana le liteko tse tšoanang hobane marang-rang a ne a le sieo ha ba sa le banyenyane. Ba ka ’na ba se utloisise hantle hore na moloko o mocha o tobane le eng. Empa batho ba tlameha ho rutoa ho sebelisa melao-motheo ea Bibele likhethong tsa boithabiso.
Litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro li fosahetse hobane li etselitsoe ho etsa hore motho a nahane ka Diketso tsa bohlola, bofebe le mefuta e mengata ea boitšoaro bo hlephileng ba thobalano. E khahleha ho motho ea nang le litakatso tsa boetsalibe. Litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro li mema le ho nolofalletsa motho ho kopanela Diketsong tsa boitšoaro bo bobe tseo Molimo a li nyatsang. Jesu o ile a re ho khetha ho inahanela lintho tsena ke sebe. (Mattheu 5:28).
Litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro le tsona li fosahetse hobane li nyenyefatsa batho le likamano li theolela thobalano boemong ba ketso ea boikhohomoso feela. Li etsa batho eka ke lisebelisoa feela tsa boinyakalatso ba batho ho ena le ho bona boleng ba Setšoantšo sa Molimo ho bona se reretsoeng likamano tse phelang.
Litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro li fetola motho lekhoba. Litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro joaloka sebe se seng le se seng li fetola motho lekhoba. (Johanne 8:24, 2 Petrose 2:19). Motho ea sebelisang litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro o utloa bohloki bo matla bakeng sa tsona. A ka se ipone a phela ka ntle ho tsona ho ka shebahala eka ho eena bophelo bo feela le ho hloka monate ntle le menahano eo a e fumanang ho tsona. Joalo ka bokhoba bo bong le bo bong, takatso e ea ja, 'me mosebelisi o qala ho tela lintho tse ntle bophelong ba hae.
[1]Litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro li tsoella pele. Mosebelisi o hloka lintho tseo haholo li hlakileng le tse sothehileng. O tla qala ho thabela mehopolo e ka beng e ile ea mo nyontšetsa le ho mo tšosa pele.
Litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro li senya mosebelisi. Mosebelise o sitoa ho tiisetsa le ho thabela kamano ea lerato. Litakatso tsa hae e ba tseo e seng tsa tlholeho tse sa khotsofaleng. O hloka kutloelo bohloko tlhekefetsong ea ba bang ‘me a thabile hore ba utloe bohloko molemong oa boinyakalatso ba hae.
Ho nahana Diketso tsa litlamorao tsa litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro ho na le litlamorao likelellong le ‘meleng ea babohi joaloka ha ekare ba ne ba nkile karolo ka sebele.
Litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro li hlahisa maemo a sa utloahaleng a etsang hore kelello e be le likarabo tse matla tsa menyaka ho feta kamoo e neng e ka ba le tsona likamanong life kapa life tsa tlhaho tsa thobalano.[2] Kelello e khomarela monyaka ona oa boemo bo holimo-limo boo e seng ba tlholeho ka baka la sena kelello e lula e batla litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro tsa boemo bo phahameng tse litsila haholo hore ‘mohi a lule a nyakaletse. Liphetoho tsa maro a kelello li ka qetella li bakile hore ‘mele oa motho o sitoe ho nyakallatsoa ke thobalano e tloaelehileng ea ‘nete bophelong. Karolo ea boko e etsang hore re etse liqeto ea senyeha le eona ka baka la boteng bo bongata ba lero.
Molimo o ralile ketso ea thobalano e le ntho e tlamahanyang likamano. Lero le tsoang bokong nakong ea thobalano le tlamahanya maikutlo a baetsi ‘moho e mong ho e mong ho tiisa kamano ea bona. Ena ke mpho e tsotehang lenyalong. Le ha ho le joalo ho boha litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro ho tlamahanya ‘mohi le tsona.
Molato le lihlong tsa tšebeliso ea litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro li arola batho, li ba thibela ho khona ho hokahana le batho ba bang likamanong tse phetseng hantle. E boetse e senya tšepo ka hara kamano ea lenyalo.
Tsebeliso ea litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro e ka isa khatellong ea maikutlo ho ‘mohi.
Pono e hlahisoang ke litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro ka nako e ‘ngoe e ka lebisa ntoeng le tlhekefetsong kahara likamano tsa ‘nete tsa thobalano.
Baruti le batsoali ba lokela ho laea bacha ka likotsi tsa litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro. Batsoali ha b’a lokela ho fana ka tšebeliso e se nang moeli ea marangrang ho bana hobane ba hloka kholo ea ho hanela teko. Mang le mang ea sokolisoang ke teko ea ho sebelisa litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro o lokela hore khafetsa a lule a fana ka tleleho ea tlholo le ho hloleha ho motho ea tšepehang hape ea tletseng khalalelo. Ho hloeloa hangata ke molumeli ea holileng ho ka thusa motho ea sokolang ho boloka boitlamo ba hae bo hloekile e be o ba le tsoelo-pele tlholong.
► Ke ketso life tseo o ka li fang batho ho ba thusa ho ba sireletsa khahlanong le ho lemalla litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro? Kereke e ka thusa joang?
[1]“Satane o batla ho utsoa, ho hlaba le ho timetsa (Johanne 10:10) khotsofalo ea hau ea thobalanoo le Litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro ke sesebelisoa sa hae sa boikhethelo. Litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro li tšepisa motho khotsofalo ea thobalano empa hantle li tlosa bokhoni ba rōna ho e thabela ntho ea ‘nete.”
- The Freedom Fight
[2]Litaba tsohle tse ka hara serapa see le tse ‘ne tse hlahlamang li nkiloe ho https://thefreedomfight.org, Sesebelisoa se khothaletsoang sa Bibile bakeng sa ba batlang tokoloho litlamong tsa tsa tšebeliso ea mapona-pona.
Tlhekefetso ea bana/ peto
Ho hlekefetsoa ha bana ke ho kopanela liphate le ngoana. Ke khopamiso ea thobalano. E khopo ka mabaka a mangata, ho kenyelletsa:
E hanana le maikemisetso a matle a Molimo bakeng sa thobalano ka hara lenyalo la selekane (BaHebheru 13:4).
E utsoa bongoana ba hae – ngoana o se a tseba lintho tseo a sa tšoanelang ho li tseba.
E utsoetsa ngoana boroetsana ba hae (I BaThesalonika 4:3-7).
E fana ka boikutlo boo e seng ba ’nete ka ho ba molato; ngoana o ba ketsong e fosahetseng empa h’a tsebe kapa ho lumelloa ho etsa khetho ea ‘nete.
E baka hore ngoana a etse qeto ea thobalano eo a senang tsebo e lekaneng ho ka e etsa.
E etsa hore bana ba be boemong boo baka etsang boitšoaro bo fosahetseng ka moso hobane ba ikutloa ba le litsila kapa ba sena thuso (Mattheu 18:6).
E eketsa moleko oa hore ngoana a kopanele Diketsong tse sothehileng kapa tse hlekefetsang nakong e tlang.
E hlekefetsa ba tsietsing ba ke keng ba itšereletsa.
E ntša kotsi motho e mong ea bopiloeng ka Setšoantšo sa Molimo ea nang le boleng bo phethehileng (Genese 1:27).
Tlhekefetso ea bana ka nako e ‘ngoe e etsahala ka hara malapa le hara metsoalle. E kanna ea seke ea belaelloa hobane litho tsa lelapa le metsoalle li ea tšeptjoa ‘me ngoana o tšaba ho bolella mang kapa mang ka se etsahetseng.
Peto e qobella motho (ebang ke ngoana kapa motho e moholo) ho etsa thobalano ntle le tumello ea hae. Peto e mpe ka mabaka a mangata a tšoanang le a hore ho hlekefetsa bana ke bobe (Deuteronoma 22:25-27).
Mofuta o mong oa thobalano ke ho koeteloa Ka thekisetsano ea batho. Lefatše ka bophara, bana le bacha ba koeteloa ke batho bao ba sa ba tsebeng kapa ho rekisoa ke litho tsa malapa ebe ba sebelisoa e le liotsoa kapa ho etsa lits’oants’o tsa bootsoa. Malapa a futsanehileng a sitoa ho sireletsa bana ba ona khoebong ena e litšila hobane ba le tsieting ea chelete. E mong o etsa phaello empa bana ha ba lematsoe feela ‘meleng empa ba senyeha hampe kelellong le boikutlong. Hona ke khatello ea boetsalibe ho mafutsana le ba senang mang oe eo Molimo o tlang ho e ahlola (Diproverbia 14:31).
Libe tsena tse khahlanong le bana li roba Molimo pelo (Mattheu 18:10-14, Dipesaleme 146:7-9). Ba etsang libe tsena, ba ke ke ba phonyoha kahlolo (I BaThesalonika 4:6, Ezekiele 7:8-9). Balumeli ba lokela ho aba lerato le kutloelo bohloko ea pelo ea Molimo ‘me ba sebeletse ho sireletsa, ho pholosa le ho folisa ba entsoeng makhoba (Diproverbia 24:11-12, Jobo 29:12-16, Dipesaleme 72:12-14).
Ntloabe
Ho pholla litho tsa botona kapa botšehali ke ho li susumetsa bakeng sa ho ithabisa kapa ho imolla tsitsipano ea thobalano.
Bibele ha e tšoele ka kotloloho taba ena ka mathe ka bo eona e le mpe. Leha hole joalo, ntloabe e ka isa mohopolong oa takatso ea thobalano, tšebeliso ea litšoantšo tse manyala tse hlephisang boitšoaro, le bohlola, tseo kaofela e leng sebe (Mattheu 5:27-28, Mattheu 15:19-20).
Ho pholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa ha se bohlale hobane ho etsa motho lekhoba: Khafetsa o ho etsang, ke khafetsa o tlang ho ikutloa o tlameha ho etsa ka mehla le ka mehla.
Ka linako tse ling ho pholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa ho supa taba e tebileng haholoanyane, e kang mathata a maikutlo kapa a kamano, kapa tlhekefetso ea nakong e fetileng ea likamano tsa botona le botšehali.
► Baithuti ba lokela ho bala 1 Bakorinthe 6:12-13, 18-20 le I BaThesalonika 4:1-8 bakeng sa sehlopha.
Molimo o ralile bonngoe ba ‘mele lenyalong ho thusa ho kopanya monna le mosali boikutlong le semoeeng (1 Bakorinthe 6:16-20, Malakia 2:15).
Ba bangata... ba nka hore ho pholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa ho ka ba thusa ho sebetsana le ho ba masoha ho fihlela ba nyalana. Leha ho le joalo, ba hlōleha ho hlokomela hore ha mokhoa ona o tloaeleha, o ka ’na oa tsietsing botle le kamano e haufi-ufi ea likamano tsa botona le botšehali tsa lenyalo nakong e tlang.
Ho pholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa ho fana ka tsebo e fosang sepheo sa bohlokoa sa thobalano, ho kopanngoa ha ba babeli ho fetoha nama e le ‘ngoe ‘meleng le moeeng… Ho pholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa ha hoa lokela ho sebelisoa e le ho nkelang sebaka ketso ea thobalano e tloaelehileng hape e phetseng hantle ka hara lenyalo.[1]
Motho ea sa nyalang o lokela ho etsang haeba ho pholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa e le bothata bophelong ba hae? Leha eba motho a etsa feela ntloabe bakeng sa ho tlosa takatso ea thobalano, ho ntse ho le bohlokoa ho e haneloa ka baka la liteko tse teng le hore ho pholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa ha ho fihlelle sepheo sa Molimo ka thobalano.
Haeba ho na le mofuta ofe kapa ofe oa boitšoaro bo bobe bophelong ba bona, ba tlameha ho ipolela le ho lahla sebe seo. Hangata ba lokela ho fana ka tlaleho ea tlhōlo le ho hlōleha ho moeletsi ea hōlileng ea tšabang Molimo ea tla ba rapella le ho ba eletsa.
Haeba ho pholla litho tsa botona kapa botšehali ho li khotsofatsa e le litlamorao tsa mathata a maikutlo kapa a kamano kapa tlhekefetso ea nakong e fetileng ea thobalano, ho fumana tlhabollo ho tsoa ho moeletsi oa Mokreste ea hloahloa ho loketse.
[1]Dr. Tim Clinton and Dr. Diane Langberg, The Quick-Reference Guide to Counseling Women, (Grand Rapids, MI: Baker Books, 2011), 185.
Seo Bibele e se Buang ka Ketsahalo ea Bosodoma
Molimo o thehile lenyalo hoba kamano ea boitlamo ea bophelo bohle pakeng tsa monna le mosali. Molimo o ile a bona hoba Adama o hloka mothusi (Genese 2:18). Lentsoe mothusi le bolela motho ea sebetsang le e mong, e le mothusi ka ho thusa ka litsela tse fapaneng tse molemo. Molimo o bopile mosali e seng monna e mong hoba Mothusi oa Adama (Genese 2:22). Qetello ea pale ea pōpo e fana ka molao-motheo o akaretsang oa lenyalo bakeng sa batho bohle – lenyalong, monna le mosali ba fetoha ntho e le 'ngoe ka tsela e ikhethang (Genese 2:24).
Jesu o ile a bua ka moralo oa lenyalo oa Molimo’ (Mattheu 19:4-6). O ile a bua ka temana ea Genese 'me a bolela hore monna le mosali ba kopana ho ba motho ea nang le kamano e ikhethang, e sa feleng.
Moapostola Paulosi o entse lipolelo tse ngata ka lenyalo. O itse lenyalo ke tšoantšiso e re rutang ka kamano pakeng tsa Kreste le kereke (Baefese 5:22-33). Serapeng sohle sa Baefese, o entse lipolelo ka kamano pakeng tsa banna le basali ba bona. O qotsitse lipolelo ho tsoa ho Genese le Mattheu mabapi le likamano tse ikhethang pakeng tsa monna le mosali oa hae (Baefese 5:31). Ho hlakile ho tsoa serapeng sena hore lenyalo ke kamano pakeng tsa monna le mosali.
Buka ea Levitike e fana ka tšebeliso e qaqileng ea molao oa Molimo ho Iseraele. E bolela hore hore monna a robale le monna e mong joalo ka mosali ke manyala (Levitike 18:22). Kotlo ea Diketso tsa bosodoma e ne e le lefu ho barupeluoa ka bobeli, hobane ka bobeli ba entse manyala (Levitike 20:13).
Ka nako e’ngoe batho ba re Levitike ha e sebetse bathong ba bophelo ba joale. Ke ‘nete hore tse ling tsa litaelo ho Levitike li ne li e-na le bohlokoa ba mekete. Leha ho le joalo, litaelo ka ho Levitike 18-20 lithibela manyala a mang a thobalana, joalo ka thobalano le baamani ‘moho, thobalano le liphoofolo, le botekatse ba morali. Litaelo tse ling ka hara khaolo ena li thibela ho etsa sehlabelo ka ngoana, ho utsoa, ho khumamela litšoantšo, ho etsa setholo hampe kapa lifofu, ho tlatlapa mofutsana, le ho etsa hampe mofetta-ka tsela kapa mojaki ha e-no, le hoba le sekala sa bohata. Ho hlakile hore litaelo tsena ke tšebetso ea sekala sa Molimo bakeng sa boitsoaro le toka e sebetsang bathong bohle, libakeng tsohle ka nako tsohle.
► Moithuti o lokela ho bala Baroma 1:18-32 bakeng sa sehlopha.
Serapa sena se qala ka polelo ea hore kahlolo ea Molimo e tlela bohle bao ka boomo ba etsang borabele khahlanong le Moliomo. Serapa se bolela hore ka mora hore batho ba lahle tsebo ea Molimo o ‘notsi oa ‘nete, ‘Mopi, ba fetohile bakhumameli ba litšoantšo ba rapelang lintho tse ipopetsoeng. Ho hana ha bona ’nete ho ile ha lebisa sebeng sa likamano tsa botona le botšehali, esita le ho isa bohōleng ba Diketso tsa bosodoma. Temana ena e bolela hore thobalano pakeng tsa batho ba bong bo tšoanang e khahlanong le seo e leng sa tlhaho. Batho ba bang ba boletse hore temana ena e bua ka peto ea batho ba ratanang le batho ba bong bo tšoanang, empa temana ena e re batho hammoho ba entse phoso 'me ba fumana kahlolo bakeng sa eona, kahoo e bua ka mosebetsi oa boithaopo hammoho. Serapa sena se tsoela pele ho thathamisa mefuta e mengata ea sebe ’me se hlalosa boikutlo ba ho fetohela Molimo.
Moapostola Pauluse o thathamisitse Diketso tsa bosodoma le libe tse ling tseo Molimo a li nyatsang (1 Bakorinthe 6:9-10, 1 Timothea 1:9-10).
Maikarabello a Kereke
Likereke tse ling li ’nile tsa sokola ho fumana mokhoa oa ho bontša lerato ho batho ba sebeng sa likamano tsa botona le botšehali. Likereke tse ling li ’nile tsa lokafatsa mefuta e sa tšoaneng ea sebe sa ho thobalano e le ntho e tloaelehileng le ea tlhaho le e ke keng ea qojoa.
► Ke afe a mang a maikarabello a kereke mabapi le boitšoaro ba thobalano?
Ho ruta le ho rata ho loka
Ka nako tse ling kereke e bonahala e e sa tsotelle mefuta ea boitšoaro bo bobe ba ho thobalano eo ba nahanang hore ha e kotsi hakaalo ebile ha e sothehe hakaalo. Mohlala, ba ka ’na ba nahana hore bacha ba bangata, ba sa nyaloang ba tla kopanela liphate ho e-na le ho ba ruta ho hlōla moleko. Balumeli ba lokela ho tšehetsa tekanyetso ea Molimo ea bophelo bo halalelang ’me ba boloke likamano tsa botona le botšehali bakeng sa lenyalo.
Molaetsa oa kereke o lokela ho hlaka joalo ka lipolelo tsa Bibele. Molimo o tla ahlola ba etsang thobalano kantle ho lenyalo (BaHebheru 13:4). Balumeli ha ba lokela ho thabela motho oa ketso tsa manyala a thobalano. Balateli ba Kreste ha baa lokela ho etsa metlae ka boitšoaro bo bobe ba thobalano. Lefatše le ruta hore sebe sa thobalano se lokela ho laoloa ka hloko ho qoba boimana le maloetse, empa molaetsa oa kereke ke oa bohlokoa haholoanyane. Kereke e lokela ho ruta hore sebe sa thobalano se lebisa masoabing, malapeng a senyehileng, moleko o eketsehileng le ho se khotsofale, le molato.
Ho rera Evangeli
Kereke e lokela ho rata baetsalibe bohle ‘me e fane ka lereko la Molimo le tsoarelo.
Hase sebe ho oela tekong; le Kreste o ile a lekoa, empa a seke a etsa sebe (BaHebheru 4:15). Kereke ha e ea lokela ho etsa hore motho a ikutloe a lahliloe ‘me a se na tšepo ka baka la liteko, le tsona liteko tsa ketso ea thobalano ke litsila. Litakatso tse fosahetseng ha li tšoane ho bohle empa e mong le e mong o tsoetsoe a e-na le semelo sa sebe le likhaello kapa mefokolo semoeeng e bakang litakatso tse fosahetseng.
Moruti a kanna a ikutloa eka há na koetliso e nepahetseng bakeng sa ho thusa motho ea nang le litakatso tse fosahetseng empa a ka hlabolla le ho thusa motho ea nang le bothata bona joalo ka ha a ka thusa motho ofe le ofe ea nang le sebe. (likarolo tse peli tse latelang tsa thuto ena li fana ka boeletsi bo eketsehileng, e tobileng ea ho thusa balumeli hore ba hlōle moleko oa boitšoaro bo bobe ba ho thobalano.)
► Kereke e lokela ho arabela joang ha setho sa kereke se entse boitšoaro bo bobe ba ho thobalano?
Ho tsosolosa moetsalibe
Bagalata 6:1 e re kereke e tlameha ho leka ho khutlisetsa setho se entseng sebe. Seo ha se bolele hore motho o lokela ho boloka boemo ba bosebeletsi kapa a khutlisetsoe boemong ba bosebeletsi kapele ka mor’a hore a etse sebe. Tsosoloso e bolela ho amoheloa hape kopanong le tlhokomelong ea kereke. Haeba setho se baka e le ka’nete, se tšoareloa ke Molimo le kereke. Kereke e lokela ho fana ka boikarabelo ba moea ho mo thusa ho boloka tlhōlo le ho ba matla moeeng. Ha molumeli ea tsosolositsoeng a phela ka boikarabello, butle-butle a ka tsosolosa tšepo ea lelapa la hae la tumelo.
Haeba moroetsana ea sa nyaloang a ima, kereke ha e ea lokela ho moleleka kopanong le boliseng ba kereke ntle le ho etsa teko ea tsosoloso ea moea. Haeba a baka ‘me a ipeha tlasa bolisa ba semoea, oa tšoareloa. Sebe sa hae ha se sebe ho feta sa monna ea entseng ketso. Ka nako e ‘ngoe moroetsana o ahloloa hampe ka baka la hore litlamorao tsa sebe sa hae li le pepeneneng.
Libakeng tse ling, kereke e tšoara ngoana ka tsela e fapaneng hobane o hlahetse ka ntle ho lenyalo, empa hoo ho fosahetse hobane hase molato oa ngoana. Hore kereke e rate le ho amohela ngoana ha ho bolele hore ba lokafatsa sebe.
Ho sireletsa ba tlokotsing
Lichabeng tse ling, batsoali ba ikutloang ba hlajoa ke lihlong ka lebaka la boimana ba morali oa bona ea sa nyaloang ba ba tekong ea ho bolaea ngoana ea e-s’o tsoaloe e le hore ba boloke botumo ba lelapa la bona. Empa ha ho mohla ho nang le lebaka le utloahalang la polao (Eksoda 20:13). Ngoana e mong le e mong ea e-s’o tsoaloe o entsoe ka setšoantšo sa Molimo’ (Genese 9:6, Dipesaleme 139:13-14). Ngoanana eo o tlameha ho sireletsoa, ho ratoa le ho hōlisoa.
Ho fanaka mekhoa ea ho tsoa bofutsaneng
Kereke ke lelapa la tumelo. Ha hoa lekana hore kereke e nyatse libe. Kereke e tlameha ho hlokomela litho tsa eona. Mohlala, motho ea tšehetsoang ka lichelete ke Diketso tsa boetsalibe a ka ’na a hloka thuso ho hlahisa tšehetso e ’ngoe ea lichelete.
Mohlala, baroetsana ba bangata ba ne ba kena kereke e kholo ‘me ba binela sehlopha sa eona. Malapa a bo-bona a ne a fumanehile. Baroetsana ba ne ba ena le likamano tse litšila tsa marato le banna e le hore ba fuoe chelete ea ho thusa malapa a bo-bona. Kereke e lokela ho etsa joang boemong boo?
► Kereke ea hau e lokela ho etsa eng ho thusa batho ho lahla bophelo ba sebe?
Thuso ho ba tiiselitseng moleko
Re buisane ka lihlooho tse ngata tse thata thutong ena. Ho ka etsahala hore ebe ba bangata ba balang thuto ba ’nile ba loana le tse ling tsa litaba tsena. Babali ba bang ke baeta-pele ba likereke ba hlokang ho tseba ho eletsa balumeli ba bang ba tobaneng le liteko.
Ho sa tsotellehe mofuta oa teko, ho na le boitšoaro bo itseng le tsela ea ho nahana e ka thusang molumeli ho hlola.
Molateli oa Kereste o tla thusoa ke:
1. Ho ikanela kamano ea hau le Kreste ka ho feletseng (Mattheu 16:24-27). Teko ea boitšoaro bo bobe ba thobalano, joaloka meleko eohle, ke tlhaselo ea Satane moeeng oa hau (1 Petrose 2:11). O batla feela ho utsoa, le ho hlaba, le ho timetsa (Johanne 10:10). U tlameha ho baleha ho pholosa bophelo ba hau (2 Timothea 2:22).
2. Ho ba le sebete sa hore Jesu o oa hlokomela (Dipesaleme 139:1-3, 1 Petrose 5:6-10). O hlokomela tumelo ea hau, litlhoko tsa hau tsa nama le bohloeki ba hau. Bothong ba hae, ka tlhōlo o ile a mamella liteko tsa ’mele le tsa kelello tseo re tobaneng le tsona, ’me o na le mohau oo re o hlokang hore re hlōle (BaHebheru 4:14-16).
3. Ho se lumele mashano a Satane (Johanne 8:44). Satane a kanna a u bolella hore “Jesu ha tsotelle, kapa a ka be a tlositse takatso ea thobalano eo e leng eona e u ferekanyang.” 1 Petrose 5:7-8 e re bolella hore Jesu oa tsotella, ‘me Satane ke eena ea ratang ho re timetsa. Satane ka maqheka a kanna a u qosa ka hore u moetsalibe ka hobane u e-na le takatso ea thobalano (Tshenolo 12:10).
4. Ho tsepamisa maikutlo ho Jesu ka Boena le ho mo rorisa ka seo a leng sona (Dipesaleme 105:3-4). Satane o tlo batla ho timetsa tumelo ea hau le kamano ea hau le Molimo ka ho lekoa hona (Johanne 10:10). Empa sepheo sa Jesu ka teko eena ke hore tumelo ea hau e tle e tiee le hore u tle u bebofalloe ke ho mo tlotlisa (1 Petrose 1:5-9). Ha u tsepamisa maikutlo ho rorisa Jesu, le eena o ba teng ho u thusa (Dipesaleme 46:1).
5. Ho nahanisisa lentsoe la Molimo (Dipesaleme 119:9). Ho bala, ho mamela le ho thuisa lentsose la Molimo ho tla u thusa ho ema ka tlholo nakong ea teko. Ha Jesu a ne a lekoa, o sebelisitse mangolo ho hlola (Mattheu 4). Re tlameha ho etsa ho tšoanang.
6. Ho leboha Jesu ka litakatso tsa hau tsa thobalano leha u ntse u rapella matla a ho hlola ho lekoa (2 Bakorinthe 12:7-9). U ka leboha ka litakatso tsa hau tsa tlholeho, hobane tsona ke karolo ea morero oa Molimo bakeng sa botho ba hau ‘me li u qobela ho itšetleha ka Jesu le ho batla matla ho eena. Bofokoli ba hau bo fana ka monyetla oa ho hola leetong la hau le eena.
7. Ho lula ho ikarabella ho bonyane motho a le mong ea holileng Molimong (Bagalata 6:2). Ho buleha le ho tšepa motho e mong (oa bong bo tšoanang le ba hau) ea seng a le pele ka leeto la hae la tumelo ho tla u thusa haholo. O tla tseba ho u rapella le ho u eletsa. Ho buoa le eena ka mathata a hau ho tla u thusa ho boloka bohloeki le ho lula o khothetse tumelong ea hau.
8. Ho sebeletsa ba bang le ho shebana le bohloki ba bona (BaFilipi 2:3-5). Loana khahlanong le ho tšoenngoa haholo ke litlhoko le litaba-tabelo tsa hau ka ho sebeletsa batho ba bang.
9. Ho nyalana le motho ea nepahetseng ka nako ea Molimo (Diproverbia 5:15, 18-19). (Thuto tse latelang li buoa ka ho etsa khetho e nepahetseng bakeng sa lenyalo.)
► Ke mohopolo ofe o mocha ho uena ho ee? Ke ofe o u fumaneng o e-na le thuso bophelong ba hau?
► Ke maitšoaro afe a mang kapa tsela ea ho nahana e u thusitseng?
Bohloeki pele ho lenyalo
Bacha ba tobane le ho lekoa ho matla pele ba ka kena lenyalong. Ho bohlokoa ho bona ho hopola hore ba hloka molekane oa bophelo bohle ea tla tšepahala. Ha ba lokela ho kena kamanong le motho ea ipatlelang boithabiso ba nakoana bo sa iseng lenyalong.[1] Ha ba lokela ho kena kamanong le motho eo e seng molumeli ea inehetseng ho Molimo (1 Bakorinthe 7:39). Ba lokela ho sheba feela motho eo e tlang ho ba molekane ea tšepehang oa lenyalo le motsoali ea molemo.
Mocha ea batlang ho ba le lenyalo le letle, o lokela ho tšepeha, molateli ea ikanetseng Kreste le hore motho ea nepahetseng a tle a hoheloe ke eena (Diproverbia 3:4-8). Motho o bontša botho bo botle ka boitšoaro bo loketseng le moaparo o itekanetseng (1 Timothea 2:9-10). Batho ba sa itšoareng hantle ha ba e-na le batho ba bong bo fapaneng, ba bontša hore ba ikemiselitse ho kena likamanong ba ipapisitse le litakatso tse fosahetseng. (I BaThesalonika 4:1-7). Motho ea aparang ka tsela e bakang litakatso tse fosahetseng o hohela motho ea batlang ho ithabisa ntle le boitlamo (Diproverbia 7).
Molimo o file batsoali, baruti le baeta-pele ba bang ba Bakreste ba fanang ka tataiso ho ba bang mabapi le boitšoaro, moaparo le khetho ea likamano. Ha bacha ba ikokobelletsa baeta-pele bana ka ho mamela Molimo, ba tla ba le litlhohonolofatso tse khōlō ka ho fetisisa tsa Molimo ’me ba tla sireletsoa kotsing e khōlō le melekong.
► Baithuti ba lokela ho bala 1 Petrose 5:5 le BaHebheru 13:17 bakeng sa sehlopha.
Ke boikarabelo ba bana le bacha ho ikokobelletsa bohlale le boetapele ba batsoali ba bona le balaoli ba moea. Ke boikarabello ba baetapele bana ho thusa bacha ho phela ka tlholo molekong.
► Baithuti ba lokela ho bala Baroma 13:14 le 1 Bakorinthe 10:13 bakeng sa sehlopha.
Molimo ha a lumelle balumeli ho ba maemong a moleko ho feta seo ba khonang ho se hanela le ho baleha haeba ba ikemiselitse. Bacha ba na le boikarabelo ba ho baleha moleko (2 Timothea 2:22). Leha ho le joalo, batsoali ba lokela ho thibela bocha ba bona ho hlaheloa ke moleko o sa hlokahaleng ka hohle kamoo ho ka khonehang. Ho na le bonyane litsela tse tharo tseo batsoali ba etsang sena ka tsona:
1. Ka ho fana ka litaelo tse hlakileng mabapi le seo bana ba lokelang ho se etsa le seo ba sa lokelang ho se etsa, hore na ba tsamaee le bo mang le moo ba lokelang ho ea (Baefese 6:1-4). Batsoali ba se lumelle bana ho ba libakeng tseo e leng hore kholo ea bona ha ea lekana ho ba sireletsa tekong. Mohlala, ha mohlankana le moroetsana ba le ‘moho sebakeng se thotseng, joang kapa joang ba kena molekong oa ho etsa se fosahetseng.
2. Ka ho neha bacha ba bona boikarabelo boemong ba ho lekoa. Mosoali o lokela ho rapela le bacha le ho botsa lipotso ka bophelo ba bona. Ke katleho e kaka’ng ea boikarabelo a tla itšetlaha holima matla a kamano pakeng tsa motsoali le ngoana. Haeba ngoana a sa tšepe motsoali hore o na le lerato, kamohelo le ho fana ka tšehetso, ngoana a ke ke a bolela ho hloleha ho fe kapa ofe.
3. Ka ho fa bacha keletso ea Bibele. Batsoali ba lokela ho thusa bacha ba bona ho ithuta ho talima maemo ka ho ba le melao-motheo ea Bibele ka likelellong tsa bona (Diproverbia 4:1-9, Diproverbia 7:1, 4-5). Ba lokela ho buoa le bacha ba bona ka likotsi tseo ba li bonang. Ba lokela ho thusa bacha ba bona ho talima likhetho tse fapaneng tseo ba tla lokela ho li etsa. Ba ka thusa bacha ba bona ho nahanela pejana ho nako mabapi le hore na ba ka qoba ho lekoa joang, le hore na ba etse joang haba tobana le ho lekoa.
Kereke e tlameha ho fapana le setso sa eona ha e sireletsa boitšoaro ba Bibele. Litso tse ngata ha li nke sebe sa thobalano e le se tebileng. Ba lebeletse hore bacha ba sa nyaloang ba be le likamano tsa thobalano pele ho lenyalo. Kereke ha ea lokela ho sekisetsa sebeng. Kereke ha ea lokela ho nka hore sebe sa thobalano hara bacha se tloaelehile. Molimo o re ba boitšoaro bo bobe ha ba na lefa ’musong oa Kreste (Baefese 5:5).
► Kereke e ka thusa bacha joang ba sokolisoang ke ho lekoa ke lefatše?
► Baithuti ba lokela ho bala Baefese 5:3-7 le BaHebheru 13:4 bakeng sa sehlopha.
Nako ea kamano ea pele ho lenyalo, ha se nako ea hore kamano ea thobalano e qalehe. Ho e-na le hoo ke nako eo ka eona monna le mosali ba etsang bo’nete ba hore ba arolelana lintho tse tlang pele semoeeng le Bibeleng. Ke nako ea hore ba thehe kutloisisano e mong ho e mong e ba lumellang ho tšepana ho lekana ho etsa boitlamo ba moshoelella e mong ho e mong. Haeba ba sa khone ho fihlella tšepano, semelo sa e mong ho e mong ba lokela ho khaotsa kamano ‘me ba se ke ba nyalana.
Batho lichabeng tse ling ba liehisa lenyalo hobane setso sa bona se lebeletse hore lenyalo e be mokete o majabajaba, o bitsang chelete e ngata. Hangata, banyalani ba lula hammoho ka lilemo tse ngata ’me ba ba le bana ha ba ntse ba liehisa lenyalo. Ho banyalani ba bang, litšenyehelo tsa lechato la bona li ba utloisa bohloko ka lichelete nako e telele ka mor’a moo hobane ba sebelisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba nang le eona bakeng sa mokete oa lenyalo ’me ba ka ba ba alima chelete. Kereke e lokela ho ba mokhatlo oa tumelo o fanang ka mohlala o fapaneng oa lenyalo. Lenyalo la Bokreste ke la monna le mosali ba inehetseng ho e mong le ho Molimo 'me ha baa lokela ho hloka litšenyehelo tse ngata tse liehisang lenyalo kapa tse utloisang bokamoso ba banyalani bohloko.
► Ke litsela life tseo lenyalo la Bokreste le lokelang ho fapana le meetlo ea lenyalo sechabeng?
Ho ruta bana sepheo sa Molimo le melao ea thobalano
Bana ba bona le ho utloa litšupiso tsa thobalano. Ba utloa maikutlo a batho mabapi le se nepahetseng le se fosahetseng. Qetellong bana ba tla ba le maikutlo a ho kopanela liphate, litakatso le meleko, kahoo ho habohlokoa haholo hore batsoali ba Bakreste ba hlalose seo Molimo a se buang ka likamano tsa botona le botšehali. Bana ha baa lokela ho tseba lintlha tse mabapi le likamano tsa botona le botšehali, hobane ha ba e-so hōle ka ho lekaneng hore ba ka nyaloa, le hore tsebo e tla ba fa liteko tse sa hlokahaleng.
Bana ba lokela ho tseba moralo oa Molimo le boikarabello ba bona bakeng sa ho ba le kutlo ho eena. Ba lokela ho tseba hore ba na tla tobana le teko. Ba lokela ho ikemisetsa ho utloa Molimo le ho laola litatso tsa bona tsa thobalano ho fihlela ba nyetsoe.
Lingoliloeng tse latelang li molemo bakeng sa ho ruta bana pono ea Bokreste ka likamano tsa botona le botšehali ntle le ho bua ka lintlha tse qaqileng tsa likamano tsa botona le botšehali. E ngotsoe ka tsela e bonolo, ka tsela eo u ka buang le bana ka eona.
Ho buoa le ngoana
► Bala le ngoana Genese 2:7, 18-24.
Serapa sena se re bolella ka moo Molimo o bopileng monna oa pele le mosali ‘me a ba bea kamanong e ikhethang.
Molimo o ralile lenyalo e le kamano e khethehileng pakeng tsa monna le mosali. Banyalani ba na le lerato le khethehileng bakeng sa e mong. Karolo ea kamano ea bona ke thabo e khethehileng eo ba nang le eona ha ba kopanya 'mele ea bona boinotšing ketsong e bitsoang thobalano. Molimo o ile a qapa likamano tsa botona le botšehali ho thabisa monna le mosali le ho etsa hore ka linako tse ling mosali a be le ngoana.
Kaha likamano tsa thobalano li fana ka thabo e khethehileng hakana, monna le mosali ba na le takatso ea tlhaho ea ho bona le ho tšoarana ’mele le ho thabela tlhokomelo ea e mong.
Ka Bibeleng, Molimo o re bolella hore likamano tsa thobalano li molemo ’me li loketse monna le mosali. Empa Molimo o boetse o re bolella hore thobalano e fosahetse haholo ho batho ba sa nyalanang. Molimo o re file melao e mabapi le thobalano bonyane ka mabaka a mane:
(1) Monyaka oa thobalano o etselitsoe lenyalo.
Molimo o entse hore likamano tsa thobalano e be karolo e khethehileng ea kamano ea lenyalo. Le hoja ho ka khoneha hore monna leha ofe kapa ofe le mosali ofe kapa ofe ba ithabise hammoho ka tsela ena, thabo ke e khethehileng ka ho fetisisa lenyalong, hobane motho e mong le e mong o fuoa motho e mong ka ho feletseng a le mong. Bakeng sa batho ba sa nyalanang, thobalano ha e na moelelo oo, 'me ba ke ke ba ba le kamano e feletseng eo Molimo a e rerileng. Ka baka leo, motho ea ntseng a le monyenyane haholo hore a ka nyaloa a se ke a etsa thobalano. Batho ha b’a lokela ho etsa thobalano hofihlela ba entse boitlamo ba lenyalo le ho etsa mokete oa lenyalo ponts’eng ea batho. Motho o lokela ho etsa thobalano le molekane oa hae feela.
(2) Litakatso tsa thobalano li matla haholo.
Ha se phoso ho ba le litakatso tsa thobalano, hobane li hloliloe ke Molimo. Empa ho fosahetse ho eketsa ka boomo takatso ea ho etsa ntho eo Molimo a sa e batleng. Ka lebaka lena:
Ntle ho lenyalo, motho ha lokela ho etsa ntho tsena tse bakang hore litakatso tsa thobalano li be matla joalo ka ho talima ka maikemisetso kapa ho nahana ka ‘mele oa motho e mong.
Ka ntle ho lenyalo, motho ha’a lokela ho tšoara motho ka tsela e tla phahamisa litakatso tsa e mong tsa thobalano.
Motho ha lokela ho khetha ho nahana ntho tse fosahetseng.
Motho ha’a lokela ho sheba litšoantšo kapa “livideo” ho thabela ho bona batho ba etsa lintho tse fosahetseng.
Motho ha lokela ho tena ka tsela e bakelang ba bang hore ba batle ho etsa kapa ho nahana ntho e sa lokang.
Motho ha lokela ho itšoara kapa ho buoa ka tsela e bonahalang eka o batla ho etsa ntho tse fosahetseng.
(3) Litakatso tsa rōna li ke ke tsa re tataisa.
Liphoofolo li laoloa ke maikutlo le litakatso tsa tsona. Ha re liphoofolo; re batho ba entsoeng ka setšoantšo sa Molimo. Ka lebaka lena, re tlameha ho nahana ka seo re lokelang ho se etsa, ebe re etsa liqeto tse nepahetseng. Ha rea lokela ho laoloa ke maikutlo le litakatso tsa rōna. Ka linako tse ling ho nepahetse ho etsa seo re se batlang; ka linako tse ling ha ho joalo. Litakatso tsa rōna li ke ke tsa re bolella ha thobalano e nepahetse. Ho e-na le ho mamela maikutlo a rōna, re tlameha ho latela litaelo tsa Molimo tse tsoang Bibeleng ka thuso ea Moea oa Molimo.
(4) Thobalano ka nako e ‘ngoe e hlahisa bana.
Molimo o entse hore bana a tsoe kamanong ea lerato. O entse moralo oa hore bana ba hloke lilemo tse ngata hore ba hōle lelapeng le ba ratang le le ba tsotellang. Ngoana eo ’mè oa hae le ntate oa hae ba sa nyalanang hangata ha a na ’mè le ntate eo ba ka mo hlokomelang ho fihlela e se e le motho e moholo.
Ha re hlokometse lintlha tse ‘ne tse thathamisitsoeng ka holimo, batho ba batlang ho khahlisa Molimo le bophelo bo botle, ba tla latela tataiso ea Molimo. Ba tla theha mekhoa e hlokolosi ho ba thusa ho hanela moleko oa ho se mamele Molimo.
Thapelo ea ngoana
Molimo ea lokileng,
Kea leboha ka ho nketsa (moshemane kapa ngoanana). Kea leboha ka morero oa hau o khethehileng, o motle oa lenyalo. Ke kopa o nthuse ho u rata le ho u mamela bophelo bohle ba ka. U bona tsohle tseo ke li etsang, 'me u tseba tsohle tseo ke li nahanang. Ke kopa o nthuse hore ke mamele litaelo tsa hau tsa bophelo kamehla. Ke batla hore mehopolo ea ka le Diketso tsa ka li u khahlise. Nthuse ho thusa metsoalle ea ka ho u mamela ka ho ba mohlala o motle ho bona. Ka nako e nepahetseng, ha ke se ke hōlile, nthuse ho ba (monna kapa mosali) eo u batlang hore ke be eena. Kea u rata, Molimo!
Amen
Thapelo
Ntate oa Leholimo,
Kea leboha ha u re entse ka setšoantšo sa hau oa fa bophelo ba rōna sepheo le moelelo. Kea u leboha ha u entse botona le botšehali, ho re thusa ho bonahatsa Setšoantšo sa hau.
Kea u leboha ka moralo le sepheo sa hau se setle ka thobalana ea batho lenyalong.
Re bakela litsela tseo re sa kang ra mamela Lentsoe la hau ka tsona. Ke kopa o re hlatsoe, o re tšoarele, o re halaletse ka lebitso la Jesu (1 Bakorinthe 6:11). Re lokolle bokhobeng ba sebe (Baroma 6:6-7). Joale re hlahisa ’mele ea rōna ho uena, re itlama ho etsa se nepahetseng mahlong a hau (Baroma 6:13-14).
Re nolofalletse ho ithuta mekhoa ea ho nahana le boitšoaro bo lokileng (1 Timothea 4:7, Dipesaleme 23:3). E se eka mehopolo le Diketso tsa rōna li ka lula li khahlisa mahlong a hau (Dipesaleme 19:14). Kea leboha ka ho re tšepisa ho re fa tlhōlo nakong eohle ea moleko (1 Bakorinthe 10:13).
Amen
Mesebetsi ea Baithuti ea Thuto ea 4
(1) Bala Bagalata 5:16-6:9 ha u ntse u nahana lihlooho tse buisanoeng thutong ena. Araba lipotso tse latelang ka mongolo:
Phapang ke efe pakeng tsa litakatso tsa nama (5:16) le Diketso tsa nama (5:19)?
Ke life ntho tse peli tse tšepisitsoeng ba etsang Diketso tsa nama (5:19-21, 6:7-8)?
Ke joang molumeli a ka bang le matla a ho se mamele litakatso tsa nama (5:16, 22-23, 25)?
Ke life tse ling tsa li’nete tseo balumeli ba lokelang ho lihopola nakong ea ho lekoa tse tla ba thusa ho hlola? (bolela bonyane tse ‘ne serapeng sena.)
Ke life lintho tseo balumeli ba laeloang ho lietsa serapeng see? (bolela bonyane tse ‘ne serapeng sena.)
Ke maikarabello afe a balumeli emong ho e mong (Bagalata 6:1-2, 6)?
(2) Bala Baroma 6:1-23. Araba lipotso tse latelang:
Ke life ntho tseo serapa see se bolelang e le ‘nete ka molumeli e mong le e mong? (thathamisa lintho tse 6-8.)
Ke likhetho life tseo balumeli ba lokelang ho li etsa ka lebaka la seo e leng 'nete ka tsona? (Thathamisa lintho tse 6-8.)
Ke hobaneng ha molumeli a ka lebella ho hlōla nakong ea teko ea ho etsa sebe? (Ngola serapa.)
(3) Bala Baroma 8:1-14. Ngola thapelo o ipapisitse le li’nete tsa serapa sena.
(4) Boloka ka hloohong Baroma 6:11-14 le BaKolose 3:5-7. Qalong ea sehlopha se hlahlamang, ngola kapa u phete ka hlooho lirapa tsena.
SGC exists to equip rising Christian leaders around the world by providing free, high-quality theological resources. We gladly grant permission for you to print and distribute our courses under these simple guidelines:
No Changes – Course content must not be altered in any way.
No Profit Sales – Printed copies may not be sold for profit.
Free Use for Ministry – Churches, schools, and other training ministries may freely print and distribute copies—even if they charge tuition.
No Unauthorized Translations – Please contact us before translating any course into another language.
All materials remain the copyrighted property of Shepherds Global Classroom. We simply ask that you honor the integrity of the content and mission.