Lebona o ne a ferekane hobane mosali oa hae o ne a sa thaba. O ne a sa utloisise hore na mosali o batlang ho eena. Lebona o ne a sebetsa ka thata le ho etsetsa mosali le bana ba hae ntlo le lijo hape le tsohle tse neng li hlokahala bakeng sa bophelo. O ile a lumella mosali oa hae ho reka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a e batla. Mosali oa hae o ne a sa lokela ho tšoenyeha ka letho. Ebe ke eng hape seo mosali a neng a ka se hloka? Lebona o na utloa eka mosali oa hae o ne a sa ananele mosebetsi oa hae.
Naleli o ne sa thaba hobane o ne a batla hore Lebona o bontše lerato la hae ka ho nahana lintho tse ikhethang tseo a neng a ka li etsa bakeng sa hae. Mpho eo a neng a e rata haholo ho tsoa ho Lebona e ne e le mokhabiso o mo nyenyane oa lepolanka o neng o e-na le lebitso la hae oo Lebona a neng a mo etselitse oona ka khoebong ea hae. Ho e-na le hore a ‘molelle ho reka sohle seo a neng a se batla, o ne a labalabela eke Lebona a ka reka lipalesa bakeng sa hae ka nako e ’ngoe.
Lebona le Naleli ba ile ba buoa ka litaba-tabelo tsa bona ‘me ba qala ho utloisisa litlhoko tsa motho ka mong.
Lerato la ‘Nete Ke eng?
► Ho bolelang ho rata motho e le ka’nete?
► Moithuti o lokela ho bala 1 Bakorinthe 13:4-8 bakeng sa sehlopha. Ho tsoa serapeng sena, thathamisa mekhoa le Diketso tsa lerato. Thathamisa lintho tse lerato le seng tsona le tseo lerato le sa li etseng.
PDF ea sena e fumaneha mona, hape le sehlomathisong ho app ea mehala kapa ho “Additional Files” websaeteng.
1 Bakorinthe 13 Lerato
Lerato Le Tšoana Le’ng
Seo Lerato Le Se Etsang
Seo Lerato Le Sa Tšoaneng Le Sona
Seo Lerato Le Sa Se Etseng
Ho kanna ha bonahala eka ho tsoa serapeng sena lerato le tsebahala ka seo le sengsona ho feta seo le leng sona. Empa litlhaloso tsa seo lerato le sengsona li re ruta ka seo lerato le lengsona. Haeba lerato le sena boikhohomoso, joale e be ke eng? Ke ntho e pela eona. Lerato le boikokobetso.
► Joale thathamisa tse fapaneng bakeng sa ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe eo e seng ‘nete ka lerato, joalo ka ha ho hlalositsoe ho 1 Bakorinthe 13:4-8 ‘me ho ngoliloe tafoleng e ka holimo.
Seo Lerato Le Leng Sona
Seo Lerato Le Se Etsang
Lerato la ‘Nete:
Ha se feela boikutlo (le ha boikutlo hangata bo tsamaea le lerato).
Le fanoa ka boikhethelo, eseng ka lebaka la tlhokahalo.
Ha le na moeli; ha le itšetlehe ka Diketso tsa motho e mong.
Ke ka boomo, eseng ka phoso.
Le bitsa theko
Le bona se molemohali bakeng sa motho e mong.
Le iponahatsa ka ho fana.
“Hobane Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ‘notši…” (Johanne 3:16). Lerato la ‘nete le iponahatsa ka ho fana. Hona ha se kamehla ho ho fana ka ntho e tšoarehang, mpho e ka sebelisoang kapa ea bolokoa. Ka nako e ’ngoe mpho ke mantsoe a lerato. Ka nako e ’ngoe mpho ke nako: hoba le motho le ho fumaneha h’a o hloka. Ka nako e ’ngoe lerato le fanoa ka Diketso tsa tšebeletso kapa kamo ea lerato. Molimo Ntate o re ratile hoo a re fileng se molemo seo a neng a e-na le sona, Mora oa hae a ‘notši, e le hore re tsebe hoba bana ba hae le rōna. Ha re rata ba bang e le ka’nete, le rōna re tla fana.
Lerato la ‘nete ha le na moeli. Ha le itšetlehe ka boitšoaro kapa ho tšoaneleha ha ea ratoang. Ha le re, “Haeba u etsa sena ‘me u nkhahlisa ka tsela ena, Ke tla u rata; empa haeba u etsa hoo ‘me u sa nthabise, Nkeke ka o rata.”
Lerato le nang le moeli le re, “Haeba boitšoaro ba hau bo nkhahlisa, Ke tla o putsa ka lipontšo tsa lerato tse nang le moelelo ho uena. Empa ha u sa etse seo ke se batlang, Ke tla emisa lipolelo tse nang le moelelo tsa lerato.”
Lerato la ‘Nete ha le na moeli. Le tla iponahatsa ho sa tsotellehe hore na moamoheli o etsa kapa ha a etse eng. Le tla iponahatsa leha moamoheli a sa tsebe ho arabela ka lerato; haeba a sena letho leo a ka fanang ka lona e le pusetso.
Ho bohlokoa ho lemoha hore ho rata motho ntle le moeli ha ho bolele hore hakalo-kalo re ba fa seo ba se batlang. Ha ho bolele hore re tlosa litlamorao tsa boitšoaro ba bona bo fosahetseng. Ho bolela hore kamehla re leka ho ba etsetsa se molemohali. Ho thata ho shebella moratuoa a utloa bohloko, empa haeba a etsa phoso, ho feta mahlomoleng hangata ke hona feela ho ka ba furalatsang boitšoarong ba bona bo senyang. Ka linako tse ling se molemohali ho moratuoa oa rōna ke hore a tlohelloe a sokole. Nakong tse ling, ho molemo bakeng sa rōna ho ba thusa ho tsoa tšotlehong. Hangata re hloka keletso ea bomolimo le thuso ea Moea o Halalelang ho tseba seo re lokelang ho se etsa maemong ana.
► Ke eng e neng e tla re susumelletsa ho rata ba bang ka lerato le se nang moeli?
► Moithuti o lokela ho bala Baroma 5:8 bakeng sa sehlopha.
Batho ba bangata ba utloa eka lerato la Molimo le thehiloe holim’a mesebetsi ea bona. Ka lebaka lena, ha ba utloisise hore na hobaneng ba lokela ho rata bang ntle le maemo. Empa Baroma 5:8 e re bolella hore Molimo o ne a se a ntse a re rata ha re ne re le lira tsa hae. O ile a re fa Mopholosi ha re ne re le baetsalibe. Lerato la hae ho batho bohle ha le na moeli. Lerato la hae ha lea thehoa boitšoarong ba hau kapa phethehong ea hau. Molimo o u rata ka lebaka la seo u leng sona joaloka motho, ea entsoeng ka setšoantšo sa hae.
O batla hore re rate ba bang ka tsela e tšoanang le eo eena a re ratang ka eona (Johanne 15:12, Baefese 5:2, 1 Johanne 4:11). Lebaka la pele leo ka lona re lokelang ho rata ba bang ntle le moeli ke hore Molimo o re bilelitse ho etsa joalo (Mattheu 5:43-48, 1 Petrose 4:8).
empa ho etsahale ho rata ntle le ho fana.
Lerato le tla u qosa ho hong.
Batho ba Ikutloa ba Ratoa ka Litsela tse Fapaneng
Molimo o rata ho se tšoane. O fa batho botho bo ikhethang. Ha ho batho ba babeli ba nang le mokhoa o tšoanang oa ho nahana le oa ho fetisa maikutlo a bona. Ka lebaka la ho se tšoane ha botho, litho tsa malapa a rōna li batla li fapane le tsa rōna. Liphapang tsa rōna letsatsi le letsatsi li ama likamano tsa malapa.
E 'ngoe ea litsela tseo batho ba fapaneng ka tsona ke tsela eo ba bontšang lerato ka eona le se etsang hore ba ikutloe ba ratoa, ba ananeloa le ho sireletseha likamanong tsa bona le ba bang.
Ho na le litsela tse ngata tsa ho bontša lerato, hape le litsela tse ngata tsa ho etsa hore batho ba ikutloe ba ratoa. Gary Chapman o thathamisa mekhahlelo e mehlano e meholo ea ponahatso ea lerato.[1] O li bitsa Lipuo tse Hlano tsa Lerato. E ’ngoe le e ’ngoe ea litsela tsena tsa ho bontša lerato ke mokhoa o feletseng oa boitšoaro, eseng feela ketso ea motho ka mong.
Le hoja motho e mong le e mong a hloka ho ratoa ka litsela tse hlano kaofela, ho bonahala eka batho ba bangata ba ikutloa ba ratoa haholo ke mofuta o le mong oa ho bua ho feta kamoo ba ikutloang kateng ka mefuta e meng ea lipolelo. Lipolelo tse ling tsa lerato ha li bolele hakaalo ho bona.
Lipuo tse Hlano tsa Lerato
Batho ba bontša Lerato ka:
1. Mantsoe a tiisetso
2. Nako ea boleng
3. Limpho
4. Liketso tsa ts’ebeletso
5. Kamo ea ‘mele
Ka mokhoa o tšoanang, batho ba ela hloko le ho amohela lerato ka litsela tseo tse hlano.
Puo ea Mantlha ea Lerato
Boholo ba batho ka tlholeho ba ela hloko le ho bonahatsa lerato pele ka tsela e le ’ngoe kapa tse peli mekhoeng eo e mehlano. Haeba litho tsa lelapa li sa bonahatse lerato la bona ho molekane kapa ngoana puong ea pele ea lerato ea motho eo, molekane eo kapa ngoana a kanna a ikutloa a sa ratoe, leha ba ka bontšoa lerato ka tsela tse ling.
Mosali e mong a kanna a bonahatsa lerato la mantlha ka ho fana ka nako ea hae ho bao a ba ratang. O leka ho fumaneha ho buoa le hape le ho kenana le bao a ba ratang. O nka nako ho etsa mesebetsi e itseng ‘moho le bona. Ka ho tšoana, hobane eo tsela ea pele eo a bonahatsang lerato ka eona, ke tsela eo ha bobebe haholo a lemohang lerato la ba bang ho eena. O ikutloa a ratoa haholo ha motho e mong a mofa nako ea hae. Ha monna oa hae a morekela limpho kapa a etsa ho hong bakeng sa hae, taba ha e bolele ho hongata ho eena ho feta ha monna oa hae a ka nka nako ea boleng le eena.
Monna e mong a kanna a bontša lerato ka ho ama ’mele. O haka mosali oa hae le bana ’me oa thaba ha ba mo haka ’me ba batla ho ba haufi le eena. A ka ’na a haka metsoalle ea hae kapa bonyane a phaphatha mahetla kapa a sututsa kapa a se utloane le bona ka lerato. A ka ’na a ananela mosebetsi o boima oa mosali oa hae bakeng sa lelapa la bona, empa mosebetsi hase oona o etsang hore a ikutloe eka oa mo rata. O ikutloa a ratoa ha a lula pela hae ’me a mo lumella hore a mo pota-potile ka letsoho, kapa ha a mo ama ka litsela tse sa tšoaneng tsa lerato.
Koloi e na le tanka ea mafura. Ha tanka e se na letho, koloi ha e sebetse. Ha motho a fumana lerato ka tsela eo a hlokomelang le eo a hlokang lerato ka eona, le fana ka mafura a maikutlo. Ha tanka ea maikutlo ea motho e tletse, o na le kholiseho le matla bakeng sa mathata. O khona ho sebelisana le ba bang haholoanyane. O khona ho rarolla likhohlano haholoanyane. O ikutloa a susumelletseha ho ntlafatsa le ho fihlella. O ikutloa a e-na le tšusumetso ea ho tsoelapele le ho fihlella tse itseng.
Ha motho a sa fumane lerato ka tsela eo a batlang ka eona, o haelloa ke mafura a maikutlo. Motho ea joalo ke ka seoelo a etsang boiteko ba ho fihlella kapa ho phahamisa boemo haeba a ikutloa a sa ratoe.
Ha re utloisa e mong bohloko hangata qalong ea puo ea mantlha ea lerato, a kanna a se lemohe hore na re mo rata ha kae. Taba ena ke ‘nete, ho sa tsotellehe hore na rōna re ikutloa re ba rata joang. Re tlameha ho busiana ka lerato la rōna ka tsela eo ba e utloisisang.
Haeba re utloisoa bohloko ke motho e mong ka puo ea hae ea pele ea lerato, joale ho ba hobe le ho feta. Mohlala, haeba mantsoe a tiisetso e le tsela ea bohlokoa ka ho fetisisa eo re ka bontšang lerato ho ngoana oa rōna ka eona, mantsoe a rōna a nyatsang a utloisa ngoana bohloko ho feta haeba a ne a e-na le puo e fapaneng ea lerato ea mantlha.
[1]Mehopolo e mengata thutong ena e thehiloe holim’a mosebetsi oa Gary Chapman, The Five Love Languages: How to Express Heartfelt Commitment to Your Mate, (Northfield Publishing, Chicago, 1995)
Ho Hola ka hara Lerato la Rōna Bakeng sa E mong ho E mong
Thutong ea 1, re ithutile kamoo Molimo o bopetseng batho bohle kamano le eena hape le ba bang. Lipolelo tsa lerato ke karolo ea bohlokoa ea kamano e 'ngoe le e 'ngoe. Ke habohlokoa hore re utloisise litsela tseo ka tsona balekane ba rōna, bana le litho tse ling tse haufi tsa lelapa ba ikutloang ba ratoa haholo. Tsebo ena e re thusa ho bonahatsa lerato la rōna ho bona ka litsela tse nang le moelelo haholo ho bona ka bo mong.
Ke ka seoelo lenyalo le bang seo batho ba lebeletseng hore le be sona. Hangata batho ba nyahamisoa ke ho se tšoane pakeng tsa bona le balekane ba bona. Ha ho tluoa tabeng ea lipolelo tsa lerato, ho ka ’na ha bonahala eka boemo bo molemo ka ho fetisisa ke hore batho ka bobeli ba be le puo e tšoanang ea lerato ea mantlha. Ho se utloisisane ho hongata le ho ferekana ho ne ho ka qojoa haeba li ne li tšoana ka tsela ena. Leha ho le joalo, liphapang tse kang tsena li ka matlafatsa manyalo haeba balekane ba lenyalo ba ikemiselitse lenyalong la bona le ho hōla leratong la bona emong ho e mong.
[1]Mokhoa oa ho leka ho utloisisana, ho ikamahanya le maemo, le ho bontša tlhokomelo ka litsela tse nang le moelelo o hōlisa motho ka mong ’me e ba pontšo e babatsehang ea lerato la sebele. Ha re ntse re sebeletsa litho tsa malapa a rōna ka ho bontša lerato ho bona ka litsela tse etsang hore ba ikutloe ba ratoa, re hōla kutloisisong ea rōna le bothong ba rōna.
Ha ho tluoa tabeng ea ponahatso ea lerato ho balekane le litho tse ling tsa malapa a rōna, ho bohlokoa ho lemoha hore re ke ke ra bonahatsa lerato feela ka litsela tsa rōna, kapa ra bontša lerato ha re ikutloa re rata joalo. Lerato ke khetho le boitlamo, le susumetsoang ke boleng ba kamano. Liketsahalong tse ling, Re tla lokela ho ithuta litsela tse ncha tsa ho bontša lerato. Mohlomong e kanna eaba ha rea holela ka hara lelapa le neng le bonahatsa lerato ka tsela e itseng, empa setho sa lelapa kajeno se hloka ho ratoa ka tsela e joalo. Maemong a kang ana, ho bontša lerato ka tsela e sa tloaelehang ho ka ’na ha re makatsa kapa ha re phutholohe qalong, empa re ka ithuta! Ho bohlokoa hore le ka mohla u se ke ua itšoara joaloka ha eka ke mosebetsi o sa thabiseng kapa tšitiso ho bontša lerato la rōna. Haeba ho bonahala eka re etsa lintho ka lebaka la ho tlamea, pontšo ea rōna ea lerato e ke ke ea bontša lerato la sebele.
► Baithuti ba lokela ho bala Baroma 12:9-10, 16 le 1 Petrose 3:7-8 bakeng sa sehlopha. Ho tsoa mangolong ana, bolela mabaka a 'maloa ao re lokelang ho tsotella hore na litho tsa malapa a rōna li ikutloa li ratoa ka litsela life.
Ho bohlokoa ho hopola hore lerato ke boitlamo ba boitelo ba ho batla molemo o moholo oa motho e mong.
Re tsoetsoe le semelo sa boikhohomoso. Lerato la ‘nete ho ba bang ha le tle ka tlholeho ho mang kapa mang oa rōna. Lerato la sebele le khoneha ka mosebetsi oa Moea o Halalelang lipelong tsa rōna (Baroma 5:5). Joaloka balumeli, re tlameha ho ithuta ho ba le mokhoa oa ho nahana oa Kreste, joalokaha Pauluse a hlalositse ho BaFilipi 2. Ha re etsa joalo:
Re ke ke ra susumetsoa ke tabatabelo ea boithati (temana ea 3)
Re ke ke ra ba le pono e pharalletseng ea bohlokoa ba rōna (temana ea 3)
Nahana ka ba bang ba bohlokoa ho mpheta (temana ea 3)
Re ela hloko lithahasello tsa ba bang (temana ea 4)
Re tlameha ho etsa boitlamo ba ho hola leratong la rōna bakeng sa malapa a rōna. Re lokela ho ithuta ho ela hloko litlhoko tsa bona le ho batla litsela tsa ho li arabela. Seo re se habileng e lokela e be ho bontša lerato la rōna ho bona ka litsela tseo ka tsona ba tla ikutloa ba ratoa.
Rōna joalo ka batšoali hape re lokela ho ruta bana ba rōna ho ela hloko ba bo bona, batsoali, le baholo ka tsela tsena. Bana ba rōna ba hloka ho ithuta ho rata le ho sebeletsa malapa a bo bona. Ba ka ithuta ho bontša lerato bakeng sa malapa a bona ka litsela tse molemo ka ho fetisisa. Re tlameha ho ruta ka mohlala. Hape re lokela ho ipha nako ea ho ba hlalosetsa mehopolo ena le ho ba tataisa ho e kenya ts’ebetsong likamanong tsa bona.
► Ke litsela life tseo ka tsona batsoali ba ka thusang bana ba bona ho ithuta lerato lena la ho iphahamisa ho ba bang, ho qala ka malapa a bona?
[1]“Morena a ke a le holise, le a le atise leratong la ho ratana le ho batho bohle, joalokaha le rona re le etsa ho lona.”
- 1 BaThesalonika 3:12
Puo ea Lerato1: Mantsoe a Tiisetso
Batho bao puo ea bona ea mantlha ea lerato e leng mantsoe a tiisetso ba ikutloa ba ratoa haholo ha ba bang ba sebelisa mantsoe ho bontša kananelo ho bona. Haeba puo e ka sehloohong ea lerato ea mosali’ e le mantsoe a tiisetso, monna oa hae o ne a ka bontša lerato la hae ho eena ha a ntse a bua le eena kapa ka eena. O ne a ka mo ngolla lengolo, a mo bolella mabaka a tobileng ao a mo ananelang ka ’ona. A ka ’na a bua le motho e mong ka botho bo botle kapa mosebetsi oa mosali oa hae. Ha mosali oa hae a utloa mantsoe a hae, o ikutloa a ratoa a bile a nkoa e le oa bohlokoa.
Re ka kopa keletso ho metsoalle ea rōna ka tsela e tiisang bohlokoa ba eona. Mehlala:
“U lula u eketsa pono e thusang, kahoo ke batla ho fumana maikutlo a hau ka...” ena
“U na le boitsebelo tabeng ena, 'me nka rata keletso ea hau.”
“U tseba ho hongata ka ___ ho mpheta, kahoo haeba u na le litlhahiso kapa likhothaletso bakeng sa ka, nka thabela ho li utloa.”
Mantsoe ohle a tiisetso a tlameha ho buuoa ka botšepehi. Ho seng joalo, ha a na thuso kapa a utloisa bohloko. Mantsoe a tiisetso a sa tšepahaleng a fokotsa likamano tsa 'nete. Ha lia thehoa ’neteng, kahoo ea mametseng a ke ke a tšepa tšusumetso ea sebui.
Mantsoe a tiisetso a nang le netefaletso a tiile ‘neteng. Ha se a ‘mampheli-pheli kapa ho feteletsoa. Tiisetso e tiileng e hlahisoa ho tsoa pelong. Se boleloang ke seo sebui se hlileng se se utloang le ho se lumela.
Mantsoe a tiisetso a ka susumetsa motho ea mametseng hore a tsoele pele ho hōla le ho atleha nakong e tlang empa le ka mohla ha aa lokela ho laola. Ha rea lokela ho leka ho laola ba bang ka mantsoe a tiisetso.
► Moithuti o lokela ho bala Baefese 4:29 bakeng sa sehlopha. Ke tlhaloso efe e fanoeng moo bakeng sa ntho tse sa lokelang ho buuoa? Mantsoe a rōna a lokela ho fihlella eng? Na mantsoe a mang a lokile maemong a itseng e seng ho a mang?
Seo re se buoang ho ba bang se lokela hoba se lokileng le se mosa. Lintho tseo re li bolelang li lokela ho fa Molimo menyetla ea ho sebetsa bophelong ba bao re buoang le bona. Seo re se buoang se lokela hoba se ahang, eseng se heletsang. Se lokela ho phahamisa bophelo le pholiso, ‘me e se ke ea eba se senyang.
Lihlooho tsa Tiisetso
Ho na le mefuta e fapaneng ea mantsoe a tiisetso. Ha se mantsoe ohle a tiisetso ao e leng a boleng kapa bohlokoa bo tšoanang. Mantsoe a boemo bo phahameng a tiisetso a hloka boinahano le boikitlaetso bo bongata ho tsoa ho motho ea fanang ka oona; Ho kanna ha utloahala ho sa tloaeleha ho a buoa ka naka tse ling; empa mantsoe ao a bolela lerato ka litsela tse matlahali le tse nang le moelelo o haholo.
Thoriso ea Chebahalo
Ho rorisa chebahalo ea motho e kaba tsela e ’ngoe ea fana ka tiisetso, haholo haeba e bontša kananelo ea boikitlaetso kapa tsela eo ba bonahatsang semelo sa bona kateng. Leha ho le joalo, ho rorisa chebahalo ea motho ke tiisetso e sa tebang, haholo-holo ha e sa amane le sebōpeho sa motho.
Batho ba ratehang ka ho fetisisa bao hangata ba rorisoang, ba na le ho hloka boitšepo ka chebahalo ea bona, hobane joale ba qala ho utloa eka boleng ba bona bo itšetlehile holim’a thoriso, ‘me ba nahana hore e lokela ho phethehala.
Boleng ba botho ha bo tsoe ho khahleho. Hape, ho na le meeli ho seo batho ka bo mong ba ka se etsang ho eketsa chebahalo ea bona e khahlang mahlo a motho. Ka ‘baka la lintho tsena, mofuta ona oa tiisetso ha o oa lokela o sebelisoe ho feta tekano.
Thoriso ea Likatleho le Ts’ebeletso
Tsela e ’ngoe ea ho tiisetsa motho e mong ka mantsoe ke ho mo babatsa ka seo a se fihletseng. Motho ea buoang o nka nako ho bonahatsa kananelo ea seo motho e mong a se entseng, ho e-na le hore a nkele mesebetsi ea hae lefeela.
Mehlala:
Mosali o rorisa monna oa hae ka ho fihlela mokolokotoane o boima oo a neng a sebeletsa ho o fihlela.
Monna o lemoha le ho leboha mosali oa hae ka seo a se entseng ho mo thusa ka morero oo a neng a sebetsana le ona.
Litho tsa lelapa li rorisa mophehi ea ba phehetseng lijo tse hlabosang hore li ba natefele.
Ha o thoholetsa le ho rorisa katleho e itseng kapa tšebetso, leka ho qoba hore motho eo a nahane hore lerato la hau le itšetlehile holim’a ho sebetsa ha hae. Mohlala, ho bolella mora oa hau hore u motlotlo ka eena hobane a sebelitse hantle tlhahlobong ho ka etsa hore a utloe eka u tlo fokotsa lerato la hau ho eena ha a ka sebeletsa tlaase. Tsela e le ’ngoe ea ho tiisa boleng ba motho ke hore “Ke thabile hore o sebelitse hantle tlhahlobong. Ke motlotlo ka uena ha u nkile boikabello ba ho ithuta le ho etsa ka matla ohle.” Empa kamoo o ka etsang kateng, se ke oa hloloa ho thoholetsa likatleho tse bohlokoa ho bona.
Ho Ela Hloko Semelo le Boikitlaetso
Ho molemo ho rorisa semelo sa motho le boikitlaetso bo entseng hore a atlehe ho e-na le hore feela o rorise mosebetsi o motle. Mohlala, ngoana semathi o lokela ho rorisoa haholo ka lebaka la boikitlaetso ba hae ka tatellano le ho ba le moea o motle ho e-na ho rorisetsoa ho hapa papali. Hase batho ba bangata ba ka sebetsang hantle kamehla, empa motho a ka khetha ho bontša semelo se setle, hape semelo se bohlokoa haholo.
Ho Keteka Motho ka Seo a Leng Sona
Netefatso e ntle e ela hloko limelo tsa motho e mong: litsoboti tsa botho, semelo se ikhethang, le sebōpeho se ikhethang. Mofuta ona oa thoriso o matla ho feta thoriso likatleho hobane e itšetlehile holim’a boleng ba motho ka seqo, e seng holim’a maemo a ka fetohang.
Mehlala:
“Bana ba khaloa ke uena! U tseba ho ba hlalosetsa lintho, hape o na le mamello ea lipotso tsa bona.”
“Ke u phetlela sefuba, hobane ke fumane hore oa tšepeha.”
E amanang haufi-ufi le mofuta ona oa tiiso, ke ho lemoha kamoo Molimo a sebetsang kateng bophelong ba motho e mong’, ho ba nolofalletsa ho ba ka tsela e itseng kapa ho etsa ntho e itseng.
Mehlala:
“Ke rata ho bona kamoo Molimo a u sebelisang kateng bophelong ba batho ba bacha bao o ba rutang. E mong oa bona o ile a mpolella hore o batla ho phelela Jesu ka lebaka la ho talima bophelo ba hau!”
“Ke lumela hore Molimo o tlo u thusa ka mosebetsi ona o qholotsang oo u o abetsoeng. Ke tlo u rapella!”
Lipolelo tsa thabo le teboho bakeng sa boteng ba motho le kamano ke a mang a mantsoe a matla ka ho fetisisa a tiisetso. A hlalosa bohlokoa ba motho.
Mehlala:
“Likopano tsa lelapa ka mehla li bohlokoa haholo ha o le teng.”
“Ke rata ho ba le uena.”
“U bohlokoa ho nna, ’me kea u rata!”
Lintlha tsa Bohlokoa tse Amanang le Mantsoe le Tiisetso
1. Le ka mohla u se ke ua nyatsa kapa ua soma litšobotsi tsa ’mele tsa motho. Batho ba na le litšobotsi tsa 'mele bophelong bohle ba bona. Le ka mohla u se ke ua fa motho lebitso la bosoasoi le ipapisitseng le sebōpeho sa 'mele, haholo-holo sekoli.
2. Ho tiisa matla, litšoaneleho le boitšoaro bo botle ho susumelletsa ea mametseng hore a tsoele pele ho hōla ho tsona. Ho supa liphoso ha se hangata ho thusang.
3. Ho fana ka keletso ho ka bolela phoso ho ea mametseng. Netefatso e ka thusa motho hore a ikutloe a sireletsehile ha a ntse a fumana keletso. Haeba u hloka ho fa motho keletso, fana ka tiiso e matla hammoho le keletso.
4. Litlhahiso ka mokhoa oa litletlebo ha li khothatse. Mohlala, ho bolela hore mosebetsi o ne o lokela hore o be o se o entsoe, kapa ho bontša ho hlajoa ke lihlong ka lebaka la ho hlōleha ha motho e mong ho o etsa, ha ho thuse. Lipolelo tsena li etsa hore motho a ikutloe eka o se a hlōlehile; haeba a ka etsa mosebetsi ka mor’a nako, o ntse a tla ikutloa hore o hlōlehile.
Mantsoe a Hlabang
Motho ea hlokang haholo mantsoe a tiisetso o utloisoa bohloko haholo ke mofuta o fapaneng oa mantsoe. Ho nyatsuoa ho bohloko haholo ’me ho etsa hore a belaele bohlokoa ba hae joaloka motho. Mantsoe a hoashang, a halefileng a baka kotsi ea maikutlo eo ho eona motho a ke keng a fola ka botlalo. Sena ke ’nete haholo-holo ha sebui se sa utloisise bohloko boo mantsoe a sona a bo bakileng ’me le ka mohla a sa kōpeng tšoarelo.
Feela joaloka ha mantsoe a matla ka ho fetisisa a tiisetso a amana le bohlokoa ba motho’, le lipolelo tse mpe ka ho fetisisa, tse utloisang bohloko ka ho fetisisa ke tlhaselo ea botho. Mohlala, “ke lakatsa eka nka be ke eso kopane le uena.”
Lipolelo tse mpe tse latelang ke tse phatlalatsang ho hong ka motho’ oa bohlokoa “U ____.” Lipolelo tse senyang mabapi le boitšoaro li kenyelletsa tse qalang ka “U lula u le___” kapa “Ha u kebe u ____.” Lipolelo tseo li fana ka maikutlo a hore ho ke ke ha etsahala hore motho a ntlafale ka lebaka la mefokolo, e ke keng tsa fetoha.
Haeba motho a lemetse—haholo-holo haeba a lemetse puong ea hae ea mantlha ea lerato—ka tlhaho o tla leka ho ikhula likotsing tse ling. Batho ba sebelisang mantsoe a bohla hangata ha ba buoe mantsoe a monate, kahoo ea utloang ha a na tšepo ea hore a ka fumana tšoraro e ntle ka ho fetola boitšoaro ba hae. A ke ke a susumelletseha ho ntlafatsa boitšoaro ba hae hore a ka fumana lerato.
Ka nako tse ling batho ba halefileng ba buoa lintho tse utloisang bohloko hobane ba batla ho utloisa motho e mong bohloko. Ka nako tse ling, sebui se na le maikemisetso a matle, leha ho le joalo mantsoe a hae a ntse a utloisa bohloko. Batho ba bang ba sebelisa mantsoe a fosahetseng ho leka ho qobella motho hore a be le boitšoaro bo nepahetseng, empa hoo ha ho mohla ho sebetsang.
► Moithuti o lokela ho bala BaKolose 3:8 bakeng sa sehlopha. Balumeli ha b’a tlameha ho tsoelapele ho etsa sebe khahlanong le Molimo hape le khahlanong le ba bang ka litsela tsena.
Bakeng sa Puisano ea Sehlopha
► Ka mantsoe a hau, hlalosa lerato la ‘nete. Hobaneng Moea o Halalelang a tlameha ho re thusa hore re tsebe ho rata ba bang joalo ka ha re lokela?
► Hlalosa se boleloang ke ho rata motho ntle le maemo. Bohlokoa ba lerato le se nang moeli la Molimo ke bofe ho uena?
► Ke hobaneng ha ho le bohlokoa haholo ho bontša lerato ho molekane oa hau kapa ngoana ka puo ea bona ea mantlha ea lerato?
► Ho amohela mantsoe a tiisetso ho bile le thuso joang ho uena?
► U bontšitse joang lerato la hau ho litho tsa lelapa la hau ka mantsoe a tiisetso bekeng ee?
Thapelo
Ntate oa Leholimo,
Kea leboha ka ho nthuta ka lerato la 'nete, le se nang moeli. Kea leboha ha u hlalositse Lentsoeng la hau le ho bontša lerato la hau ho 'na.
Nthuse ho ithuta ho rata le ho sebeletsa lelapa la ka joaloka ha Kreste a ne a nthata le ho ntšebeletsa. Nthuse ho tsepamisa maikutlo boiketlong ba molekane oa ka, bana baka, bana beso le batsoali.
Kea leboha ka ho nkhopotsa bohlokoa ba mantsoe ao ke a buang. Ke masoabi ka mantsoe ao ke a buileng a utloisitseng ba bang bohloko le ho u hlompholla. Ke kopa o nthuse ho hopola hore mantsoe a ka a tlameha ebe a tiisang, a hahang le a folisang.
Amen
Mesebetsi ea Baithuti ea Thuto ea 8
(1) Bua le banyalani ba nang le lenyalo le matla, ba botse lipotso ho ithuta bophelong ba bona. Ha u qetile moqoqo, ngola lirapa tse peli mabapi le lintlha tseo ba li arolelaneng le eng kapa eng eo u batlang ho e sebelisa lenyalong la hau.
Mona ke e meng ea mehopolo ea lipotso tse ka botsoang:
Ho na le phapang efe pakeng tsa botho ba hao e ammeng kamano ea hao?
E mong le e mong oa lōna o hōlile joang ka lebaka la liphapang tsee?
U ile ua tlameha ho fetola litebello tsa hau, pono le boitšoaro ba hau joang e le hore u ka hlomphana le ho sebeletsana?
Ke litsela life tse sebetsang tseo u bontšang lerato la hau ho e mong?
Molekane oa hau o etsa eng kapa o buoa eng e u thusang ho tseba hore ua ratoa?
Kamano ea hau le molekane oa hau e amme kamano ea hau le Molimo joang?
(2) Ho Diproverbia 31:10-31 mongoli o kenyelletsa mantsoe a mangata a tiisetso bakeng sa mosali oa hae. Litlhaloso tsa boitšoaro ba hae le mantsoe a hae li re bolella ka botho ba hae. Ke lintho tsa mofuta ofe tseo a li tiisang mosaling oa hae? Sheba lintho tsena serapeng:
SGC exists to equip rising Christian leaders around the world by providing free, high-quality theological resources. We gladly grant permission for you to print and distribute our courses under these simple guidelines:
No Changes – Course content must not be altered in any way.
No Profit Sales – Printed copies may not be sold for profit.
Free Use for Ministry – Churches, schools, and other training ministries may freely print and distribute copies—even if they charge tuition.
No Unauthorized Translations – Please contact us before translating any course into another language.
All materials remain the copyrighted property of Shepherds Global Classroom. We simply ask that you honor the integrity of the content and mission.