Seo Thuto e Reretsoeng ho se Fihlela
Qetellong ea thuto ena, baithuti ba lokela ba be ba ka:
(1) Utloisisa le ho araba bonyopa ka talimo ea Bibele.
(2) Ba le boleng ba motho ka mong e le ea jereng setšoantšo sa Molimo.
Search through all lessons and sections in this course
Searching...
No results found
No matches for ""
Try different keywords or check your spelling
25 min read
by Stephen Gibson
Qetellong ea thuto ena, baithuti ba lokela ba be ba ka:
(1) Utloisisa le ho araba bonyopa ka talimo ea Bibele.
(2) Ba le boleng ba motho ka mong e le ea jereng setšoantšo sa Molimo.
Busaba o hlahetse naheng ea Asia. O ne a thabile há nyaloa ke rakhoebo ea monyenyane ‘me ba lebeletse ho phela ka thabo. Lilemo tse ‘maloa tsa feta ‘me Busaba a e-so be le bana. Ngaka ea ba bolella hore Busaba a ke ke a khona ho ba le bana. Monna oa hae o ne a hloname haholo a bile a halefile. Qetellong o ile a etsa qeto ea ho hlala Busaba le ho nyala mosali e mong. Hona joale Busaba e tsofetse. O lula ntlong e nyenyane a le mong ’me ha a na beng ka eena ba amehang bophelong ba hae. Kaha ke Mobuddha, o tšepa hore ka letsatsi le leng bophelong bo tlang o tla ba le bana ’me lihlong tsa hae li tla fela.
► Haeba u ne u le moruti motseng oa Busaba’, u ne u tla re’ng ho eena? Molaetsa oa Bokreste ho Busaba ke ofe?
Thutong ena re tla sheba tsela ea Bibele tabeng ea ho hloka bana.
Hang ka mora hore Molimo o bope monna le mosali ba pele, o ba boleletse hore ba be le bana ‘me ba ngatafatse sechaba sa batho ‘me ba tlatse lefatše (Genese 1:28).
Testamenteng ea Khale, Molimo o tšepisitse tlhohonolofatso eseng feela ho motho ka bo mong empa ho meloko e mengata ea lelapa. Mohlala, Molimo o tšepisitse Abrahama litlhohonofatso tse ke keng tsa ea ho Abrahama ka boeena empa melokong e latelang. Molimo o tšepisitse Abrahama hore litloholo tsa hae li tla tšoana le lehlabathe la leoatle ka bongata. Mora oa Abrahama Isaaka o emotsoe ka mohlolo. Joale ha lelapa le ntse le ata molokong o mong le o mong, lipalo tse ntseng li eketseha li ile tsa bontša hore Molimo o phethahatsa tšepiso ea hae.
Ho Eksoda 23:25-27 Molimo o boleletse sechaba sa Israele hore o tla ba hlohonofatsa ha ba kena lefatšeng la bona le lecha. Molimo a tšepisa Israele ho hlohonofatsa lijo tsa bona, ho folisa maloetse a bona, ho se lumelle bonyopa kapa ho senyeheloa ke mpa le ho timetsa lira tsa bona. Litšepiso tsena li ne li itšetlehile ka kutlo ea Iseraele, ’me Molimo o ile a hlalosa litlhoko tsa hae (tse kang taelo ea Eksoda 23:32). Litšepiso li ile tsa etsoa ho sechaba eseng ho batho ka bomong. Batho ka bomong ba ne ba tla angoa ke kutlo e akaretsang kapa ho se mamele ha sechaba. Mohlala, motho a ka ’na a kula, kapa mosali a ka ’na a hloka ngoana, eseng ka lebaka la sebe sa hae empa hobane a ne a le sechabeng se neng se sa tšepahale ho Molimo. Ka hona, mosali ea se nang ngoana a ka ’na a se ke a hlokofatsoa ke sebe sa hae.
Deuteronoma 7:12-15 ke serapa se nang le litšepiso ho sechaba sa Israele. Ho tla ba le nala, ho ke ke ha e-ba le bokuli le bonyopa ba batho le liphoofolo. Temana ea 12 e re Ba-Iseraele ba ne ba tla fumana litlhohonolofatso tsena haeba ba ne ba ka mamela Molimo hobane Molimo o entse selekane le bo-ntat’a bona. Motho Iseraeleng e ne e ka ba mofutsana, kapa mosali a ka be a se na ngoana, haeba sechaba se ne se sa tšepahale ho Molimo.
Bana e ne e le ba bohlokoa morerong oa Molimo bakeng sa batho ba habo. Likarolong tse ling tsa thupelo ena, re bua ka hore na bana ba lokela ho nkoa e le ba bohlokoa joang hobane ba entsoe ka setšoantšo sa Molimo. Ngoana e mong le e mong o bohlokoa ’me o lokela ho tšoaroa ka lerato le tlhokomelo. Leha ho le joalo, ka linako tse ling batho ba ikutloa hore ngoana o bohlokoa hobane a ka boloka lelapa le le matla nakong e tlang. Ka linako tse ling ntate o nka bana e le ba bohlokoa hobane ke katoloso ea boitsebahatso ba hae. Re lokela ho hopola hore Molimo o fana ka bana molemong oa hae (Malakia 2:15).
► Moithuti o lokela ho bala Dipesaleme 127:3-5 bakeng sa sehlopha.
Serapa se na ka hara Bibele se re bana ke tlhohonolofatso ho tsoang ho Molimo. Ba tšoana le lefa leo Molimo a le hlohonolofatsang. Ke moputso o tsoang ho Molimo. Ke tšireletso le tšireletseho ea lelapa nakong e tlang.
Litlhohonolofatso tse peli tseo ka linako tse ling ho buuoang ka tsona hammoho mangolong ke bophelo bo bolelele le litloholo. Jobo o ile a hlohonolofatsoa hobane o ne a e-na le bana ba leshome ’me a phela nako e telele ka ho lekaneng hore a ka bona meloko e mene (Jobo 42:13, 16). Tlhonolofatso ea Dipesaleme 128:6 ke mpho ea ho phela ho bona litloholo tsa hau.
Molimo o ile a hlohonolofatsa lelapa la Jonadabe ka tšepiso ea hore ho tla lula ho e-na le monna ea tla etella pele moloko o latelang oa lelapa (Jeremia 35:19). Molimo o ile a tšepisa lelapa la Morena Davida hore le tla lula le e-na le motho ea tla lula teroneng (2 Samuele 7:16).
Kahoo rea bona hore litlhohonolofatso tsa Molimo bakeng sa lelapa hangata li akarelletsa bana, ’me bana ke tsela eo litlhohonolofatso tsa Molimo li fetisetsoang melokong e tlang.
Ho hloka bana maemong a mang ho ka bolela hore Molimo o rohakile lelapa. Bibele e re bolella ka maemo ao ho ’ona Molimo a ileng a rohaka malapa ka nyopa. Mohlala, ka hobane kaha Morena Abimeleke o ile a etsa phoso, Molimo o ile a thibela basali bohle ba lelapa labo ho ba le bana ho fihlela a lokisa phoso ea hae (Genese 20:18). Basali e ne e se bona ba molato, empa ba ile ba hlaheloa ke litlamorao tsa sebe sa morena.
Ka mor’a hore Adama le Eva ba etse sebe, Molimo o ile a re lefatše le tla angoa ke sebe sa bona. Thohako eo e ne e akarelletsa likamano tse thata tsa batho, bohloko le masoabi tabeng ea ho beleha, mosebetsi o boima, lefatše le thata ho lengoa, ’me qetellong lefu (Genese 3:14-19). Motho e mong le e mong o hlahile le sebe sena le pele a ka etsa sebe ka bo-eena. Le Jesu, eo e neng e le hloka koli, o kene popong ea ‘mele oa motho o nang le lipehelo tsa thohako ena. Ka hona, ha rea lokela ho bolela hore mahlomola a motho ka mong ke ka lebaka la sebe sa hae. Kaofela rea tsofala, rea kula, re utloa bohloko ka litsela tse ngata, ’me qetellong rea shoa. Mathata ana, hammoho le mathata a ho beleha, kaofela ke litlamorao tsa sebe sa pele sa Adama.
Ntle ho sebe sa pele sa Adama, re angoa ke libe tsa baholo ba rōna, ka lebaka la hore Diketso tsa bona li bopile sechaba seo re tsoetsoeng ka hará sona.Re angoa ke libe tsa lelapa la rōna, tsa motse le tsa naha ka bophara. Balumeli hohle lefatšeng ba mameletse maemo a bakiloeng ke sechaba seo ba se nang taolo holima sona ba mameletse maemo a bakileng ke sechaba seo ba se nang taolo holima sona. Lelapa le ka ’na la futsaneha hobane le sebakeng se nang le bolokolohi bo fokolang le monyetla. Lesea le ka tsoaloa le e-na le sekoli ’meleng le hoja le sa ba le boikhethelo ba ho etsa sebe (Johanne 9:1-3).
Ha re tsebe mabaka a Molimo a ho fa batsoali bana kapa ho lumella banyalani hore ba hloke bana. Ka nako e ‘ngoe batho ba phelang ka sebe sa bohloasoa le borabele ba ba le bana ba bangata ‘me ha ba ba holise ka tsela e tlotlisang Molimo (Dipesaleme 17:14). Ka linako tse ling balumeli ba tšepahalang ha ba na bana. Ka sebele ha rea lokela ho nka hore sebe sa motho ea itseng se bakile ho hloka bana.
Rea tseba hore Molimo a ka kenella ka pholiso le tlhohonolofatso neng kapa neng ha a khetha, empa ka kakaretso, balumeli ba mamella maemo a lefatše. Re emela ka tumelo nako eo ka eona Molimo a tla nchafatsa pōpo ea hae (Baroma 8:18-23).
Ha se toka ho beha molato holima mosali ka tlhokeho ea ngoana, joalo kaha eka sebe sa hae se bakile thohako. Ka ho tšoana, ha lesea le e-shoa pele le hlaha, hangata lefu hase ka lebaka la ntho leha e le efe eo ’mè a e entseng. Batho ka bomong ba utloa bohloko ka litsela tse ngata ka lebaka la sebe sa Adama, libe tsa ba bang, le boemo bo akaretsang ba lefatše. Kaha e mong le e mong o entse sebe, batho ba arolelana molato oa boemo ba lefatše’, empa batho ka bomong ba utloa bohloko ka litsela tse sa tšoaneng.
Jesu o bontšitse lerato la Molimo h’a ne a folisa le ho etsa mehlolo e meng. Nalaneng eohle e ngotsoeng ka Bibeleng, re bona mehlolo e mengata ea Molimo bakeng sa batho ba hae.
Molimo o batla re phele ka thabo le kantle ho tšotleho lefatšeng le letle (Genese 1:28, 31, 1 Timothea 6:17). Leha ho le joalo, ntho ea pele eo Molimo a tlang pele ho eona ke ho re pholosa sebeng e le hore re ka thabela kamano e sa feleng le eena. Poloko ea baetsalibe e nka nako hobane batho ba tlameha ho etsa qeto ea ho baka le ho lumela. Haeba Molimo a ne a ka felisa mahlomola ’ohle hona joale, ke batho ba ’maloa ba neng ba tla baka, hobane ba ne ba ke ke ba utloisisa bobe ba sebe. Kahoo hona joale, mahlomola ka kakaretso a tlameha ho tsoela pele ha evangeli e ntse e boleloa lefatšeng ka bophara. Re ke ke ra lebella hore mehlolo e rarolle mathata ’ohle a rōna ’me e tlose mahlomola ’ohle a rōna, le hoja ka linako tse ling Molimo a re etsetsa mehlolo. Qetellong, mahlomola ’ohle a tla fella ho ba tlang kamanong le Molimo. Empa khabareng, Molimo o sareloa le rōna mahlomoleng a rōna (Johanne 11:35) ’me o re tšelisa ka litsela tse ngata (2 Bakorinthe 1:3-7).
E ’ngoe ea mehlolo ea Molimo ke ho etsa mosali ea se nang ngoana ’mè oa bana (Dipesaleme 113:9).
Bibele e tlaleha bonyane ka makhetlo a tšeletseng ha Molimo a neha mosali ea se nang ngoana mora. Le hoja Molimo a ’nile a etsa mohlolo ona ka makhetlo a mang a mangata, tsena ka makhetlo a tšeletseng li ile tsa tlalehoa hobane bana e ne e le ba bohlokoa nalaneng. Isaaka o tsoetsoe ke Sara, (Genese 21:1-3). Jakobo le Esau ba tsoetsoe ke Rebeka (Genese 25:21, 25-26). Josefa o tsoetsoe ke Ragele (Genese 30:22-24). Samsone o tsoetsoe ke mosali oa Manoa (Baahlodi 13:2-3, 24). Samuele o tsoetsoe ke Anna (1 Samuele 1:20). Johanne o tsoetsoe ke Elisabetha(Luka 1:13, 57).
Ketsahalong e ’ngoe le e ’ngoe ho tsena tse tšeletseng, banyalani bana ba ne ba utloile bohloko hobane mosali o ne a se na ngoana. Tlalehong ea Bibele, Molimo ha aa ka a beha mang kapa mang molato ka ho hloka ngoana ha mosali eo. Bibele ha e fane ka moelelo oa hore Molimo o ne a sa thabisoe ke motsoali leha e le ofe. Luka 1:5-7 e re Sakaria le Elizabetha ba ne ba lokile ka pela Molimo, ba mamela litaelo tsa hae ka botlalo, empa ba ne ba se na bana ho fihlela botsofaling. Ha ho tlaleho ea hore leha e le ofe oa batsoali litlalehong tsena tse tšeletseng o ile a baka kapa a bolela sebe ha a ntse a rapella mohlolo. Melaetsa ea Molimo e eang ho batsoali ha e bolele lebaka leha e le lefe la hore ba ne ba e-s’o be le bana. Liketsahalo tsena li bontša ’nete ea hore batho ha baa lokela ho jarisoa molato ka bomong ka lebaka la ho hloka bana.
Ho nepahetse hore re rapele hore Molimo a fane ka tlhohonolofatso ea bana, empa qetellong, re tlameha ho amohela qeto ea Molimo. Ha rea lokela ho nka hore ke thato ea Molimo ho fana ka ngoana maemong ’ohle, joalo feela kaha Molimo a sa folise boemo bo bong le bo bong ba ho kula kapa ho tlosa mahlomola a mofuta o mong le o mong.
Moapostola Pauluse o ile a rapela ka makhetlo a mararo ka ntho eo a neng a re e tšoana le phatsa nameng ea hae (2 Bakorinthe 12:7-10). Ha re tsebe hore na bothata bo itseng e ne e le bofe, empa ho bonahala eka e ne e le ntho ea ’mele. E ne e le ntho eo a neng a tšepile hore Molimo o tla e fetola, kahoo a rapella mohlolo. Molimo o ile a mo bolella hore ho e-na le ho tlosa phatsa, o ne a tla fana ka mohau o neng o tla ba moholo ho feta bofokoli. Pauluse o ile a bolela hore bofokoli bona bo khethehileng bo ne bo tla tlisetsa Molimo khanya hobane bo ile ba mo thusa ho bontša matla a Molimo. Pauluse o ile a tsoela pele ho bolela hore o tla thabela mefokolo le mahlomola, hobane li fana ka boemo e le hore Molimo a ka tlotlisoa.
Moapostola Pauluse e ne e le monna ea nang le tumelo e khōlō, empa hase kamehla a neng a amohela mehlolo eo a neng a e batla. O ile a amohela thato ea Molimo. Le hoja kamehla re khetha mohlolo oa tlhohonolofatso o tsoang ho Molimo, re tlameha ho amohela liqeto tsa Molimo. Ka linako tse ling o tlotlisoa haholoanyane ke tsela eo a sebetsang ka eona mefokolong ea rōna.
► Fana ka mohlala oa nako eo ka eona Molimo a ileng a bontša tlhokomelo ea hae bophelong ba hao ntle le ho etsa mohlolo oo u neng u o tšepile.
Litloaelo ha li tšoane kaofela ka tsela eo li nkang bana e le ba bohlokoa ka eona. Linaheng tse ling, malapa a batla ho ba le bana ba bangata. Bana ba ka thusa ka mosebetsi o tšehetsang lelapa. Litho tsa lelapa le leholo, le bo-motsoala le bo-malome le ba bang, ba sireletsa le ho hlokomela litho ha ho hlokahala. Mosali e mong le e mong lelapeng le leholo o batla ho eketsa litho ka ho ba le bana. Monna ea nang le bana ba bangata, haholo-holo bara, ke oa bohlokoa lelapeng le leholo. Lelapa le lebelletsoe ho hlokomela litho tse tsofetseng tsa lelapa.
Linaheng tse ling, malapa a mangata a lula metseng e meholo kapa litoropong ’me a tšehetsoa ke mosebetsi oa bo-ntate le bo-’mè. Toropong, bana ha ba khone ho thusa lelapa. Bana ba qosa chelete e ngata ho ba Hlokomela le ho ba kenya sekolo. Ha nako e ntse e ea, ha malapa a ntse a lula motseng ka meloko e ’maloa, a ka ’na a batla bana ba fokolang. Malapa a mangata a litoropong a batla ngoana a le mong kapa ba babeli feela.
Bohlokoa ba bana bo matla litsong tse ngata hoo banyalani bohle ba tlamehang ho ba le bana e le hore ba ikutloe ba hlomphuoa le ho nkoa ba le bohlokoa. Mosali ea se nang bana o ikutloa hore o hlōlehile karolong ea hae ea bohlokoa ka ho fetisisa. Mosali ea sa nyaloang o ikutloa a hlajoa ke lihlong hobane ha a na bana ’me ha aa ka a khetheloa ho ba mosali oa motho.
Litsong tse ngata malapa a batla ho ba le bara ba etellang pele le ho matlafatsa lelapa molokong o latelang. Barali ba nkoa ba se bohlokoa haholo. Bana ba banana ba ka bolaoa ba e-so ho hlahe kapa ba lahloa kherehloa. Linaha tse ling li entse hore e be tlōlo ea molao ho fumana bong ba lesea le e-s’o tsoaloe hobane malapa a mangata haholo a bolaea barali ba e-s’o tsoaloe. Re tseba ho tsoa mangolong hore banana ba na le seriti le boleng bo lekanang le ba bashanyana, hobane kaofela li entsoe ka setšoantšo sa Molimo (Genese 1:27). Ka hona, malapa a latelang Kreste a lokela ho ananela bara le barali ka ho lekana, ho sa tsotellehe hore na ke eng e tloaelehileng setsong sa bona.
Haeba lelapa le e-na le tlhokahalo e matla ea ho ithorisa ka ngoana, le ka ’na la hana lesea le holofetseng ’meleng kapa kelellong. Linaheng tse ling, bana ba bangata ba nang le bokooa ba mahaeng a likhutsana hobane batsoali ba bona ba ne ba sa ba batle. Tšoaro ena ea bana e fosahetse, hobane ba entsoe ka setšoantšo sa Molimo ’me ba bohlokoa mahlong a hae, ho sa tsotellehe bokhoni ba bona kapa mefokolo ea bona.
Litsong tse ling mokhoa oa ho nyala sethepu o itšetlehile ka bohlokoa ba bana. Monna o batla ho atisa bana ba hae ka ho ba le basali ba ’maloa. Bibele e re bolella hore morero oa Molimo ke hore monna a be le mosali a le mong (Genese 2:22-24, 1 Timothea 3:2).
Testamente ea Khale e tlaleha linako tseo ka tsona mosali a neng a fa monna oa hae lekhabunyane la mosali e le hore a be le bana. Mosali o ne a fumana boemo ho bana ba lekhabunyane la hae. Ragele le Lea, basali ba Jakobo, e mong le e mong o ile a fa Jakobo lekhabunyane la mosali e le hore a fumane boemo ka bana ba eketsehileng.
Tšebeliso ea makhabunyane ho eketsa bana e bakile likamano tse ferekaneng. Sarai o ile a nehelana ka Hagare ho Abraham, ka tebello ea hore boemo ba hae bo tla phahama ha Hagare a e-ba le ngoana (Genese 16:2-6). Hagare o ile a ima ‘me a ikutloa a se a phahametse Sarai ka boemo. Sarai a mo hlokofatsa habohloko, a leka ho iketsetsa matla a hae.
Lelia o hlahetse naheng ea Afrika Bophirimela. Ka mor'a ho nyaloa lilemo tse tharo o ne a ntse a se na ngoana. Moetlong oa Lelia’, ho hōlisa ngoana ha ho tlose mosali lihlong tsa ho se be le ngoana oa hae. Lelia o ile a fumana mosali lelapeng le futsanehileng la motseng ea neng a le moimana ’me a lokisetsa ho reka lesea la hae. Lelia o ne a apara ho hong ka tlas'a hempe ea hae ho etsa hore a shebahale eka ke moimana ka likhoeli tse 'maloa. Ha nako ea hore lesea le hlahe e fihla, Lelia o ile a iketsa eka o ea sepetlele ho ea beleha, eaba o khutlela hae le lesea le tsoang motseng.
Ha lelapa le ipatlela bana haholo-holo bakeng sa molemo oa bona, ba kanna ba sitoa ho bona bohlokoa ba ngoana e le motho ea bopiloeng ka setšoantšo sa Molimo. Ba kanna ba hana ho rata le ho amohela ngoana ea nang le bokooa. Ba kanna ba hana morali hobane ba batla mora. Ba etsa mosali ea se nang bana a ikutloe a le lihlong a bile a se na thuso. Ha ba fumane bohlokoa ba ho nka bana bao eleng likhutsana kapa ba senang lehae. Diketso tsena le boitšoaro li fosahetse hape li na le boikhohomoso. Re rohaka ‘Mopi oa rōna ha re tšoara batho ka bomong hampe ka lebaka la le leng la mabaka ana (Eksoda 4:11, Diproverbia 14:31).
Henry VIII ne e le morena oa England ho tloha 1509-1547. O ne a batla mora ka thata. Ka lebaka la hore mosali oa hae ea bileng le morali le mora ea sa kang a phela, Henry o ile a mo hlala ‘me a nyala mosali e mong. Ha mosali oa hae oa bobeli a hloleha ho ba le mora, o ile a moqosa ka teko ea ho liha ‘muso ‘me a laela hore a bolaoe.
Litaba tsa mahlale a bongaka li pakile hore peo ea monna ke eona e khethollang bong ba ngoana. ‘Mele oa mosali hao laole hore na o tla ba le mora kapa morali. Leha ho le joalo, banna ba bangata ba halefela basali ba bona ka lekaba la hore ba na le barali ho-ena le bara.
Monna ea bitsoang Seretse le mosali oa hae ba bile le barali ba babeli. Ha mosali oa Seretse a ea sepetlele ho pepa ngoana oa boraro, Seretse o ne a hopotse hore o tla ba le mora. Ngoana oa boraro ea e-ba morali. Seretse o ne a halefile hoo a ileng a hana ho ea sepetlele ho etela mosali oa hae le ho ea lefa sekoloto sa sepetlele.
Ho Jobo 24, Jobo o fane ka tlhaloso e telele ea Diketso tsa monna ea mobe. Ketso e le ‘ngoe e boletsoeng ke hore monna ea lonya o tšoara mosali ea se nang bana hampe (Jobo 24:21). Molimo ha a thabisoe ke ha mosali ea senang bana a tšoaroa ka ho mo hlokela mosa.
► Morabe oa hau o bona bohlokoa ba bana joang? Ke mabaka afe ao ka oona batho ba batlang ho ba le bana?
► Ke ho hloka toka ho fe ho etsahalang ka lebaka la meetlo le setso sa hau?
Diketsong tse tšeletseng tse ngoliloeng mangolong ha Molimo a fana ka mora ho mosali ea senang bana, batsoali ha ba ka ba beoa molato ka tsela efe kapa efe ka lebaka la ho hloka bana pele. Haele hantle, banyalani ba ile ba khethoa ka ho khethehileng ke Molimo hore e be batsoali ba bara ba khethehileng. Zecharia le Elizabeth ba ne ba bitsoa ba lokileng (Luka 1:5-6). Ha rea lokela ho nahana hore mosali ke nyopa hobane a sa khahlisa Molimo.
Jobo 24:21 e re ho tšoara mosali oa nyopa hampe ke ketso ea motho a khopo. Molimo ha a ahlole kapa ho tšoara mosali oa nyopa hampe, le rōna ha rea lokela ho etsa joalo.
Ho Isaia 56:4-5 Molimo o buoa le monna ea sitoang ho ba le bana. Molimo o re ha monna enoa a ka utloa Molimo ‘me a phela selekaneng sa hae, o tla ba le boemo le seriti se fetang seo a neng a kaba le sona ka ho ba le bara le barali.
Moapostola Pauluse o ne a ipitsa ntate oa Timothea (1 Timothea 1:2) le Tite (Tite 1:4) le Onesimu (Filemone 10). O ne a ipitsa ntat’a balumeli ba Korinthe (1 Bakorinthe 4:15). E ne e se ntate oa bona oa letsoele empa oa semoea. Ho ba ntat’a bona oa semoea ho ne ho fetisa ka bohlokoa.
Mattheu 12:46-50 e re bolella ka nako eo ‘m’e oa Jesu le bo-buti’ae ba tlileng ho ‘mona ha a ne a ruta. Jesu a botsa balateli ba hae, “’Mè ke mang, le bana beso ke bo mang?” Eaba o re batho ba etsang thato ea Molimo ke bo-abuti’ae, le bo-ausi ba hae, le ‘m’e oa hae. Rea tseba hore Jesu o ne a tsotella lelapa la hae; le ha a le sefapanong o ile a etsa tlhophiso ea tlkokomelo bakeng sa ‘m’e oa hae (Johanne 19:26-27). Empa Jesu o ne a re lelapa la semoea le bohlokoa ho feta la letsoele.
Lelapa la tumelo ha le tlose bo teng ba la letsoele, empa sebaka sa motho ka hara lelapa la tumelo le mo fa boitsebiso ba bohlokoa. Mantsoe abuti le ausi a sebelisoang kerekeng a bontša bohlokoa ba kamano ka hara lelapa la tumelo (BaKolose 1:2).
Debora e ne e le moporofeta ea neng a sebeletsa e le moahloli oa Israele (Baahlodi 4:4). Debora o bile a etella pele sechaba sa Israele ntoeng sebakeng sa tokoloho ho sechaba se hatellang. Ho Baahlodi 5:7, Debora o ne a ipitsa ‘m’e oa Israele. Bibele ha e-so ka e bolela bana ba letsoele ba Debora, empa e ne e le ‘m’e oa Israele hobane o ne a hlokomela batho boetapeleng ba hae.
Moapostola Petrose o itse basali ea latelang mohlala oa Sara ke barali ba hae (1 Petrose 3:6). Nahana ka boemo bo holimo bo fuoang Sara ka polelo eo! Ke boemo bo mabapi le mohlala oa tumelo le kutlo, e seng karolo ea hae e le ‘m’e oa Isaaka.
Batho bohle ba bolokehiloeng ke Mohau ka tumelo ba bitsoa bana ba Abrahama (Bagalata 3:7). Abrahama o filoe tlotla e phahameng ea ho ba ntat’a balumeli ba limilione. Ho tsoa mohlaleng oa Abrahama le Sara rea bona hore Molimo o hlompha bo-ntate le bo-’m’e ba semoea haholo.
Moapostola Pauluse o hlalositse melemo ea ho se nyale/loe. Motho ea sa nyaloang a ka tsepamisa maikutlo ho khahliseng Molimo ntle le boikarabelo bo bong bo bongata (1 Bakorinthe 7:32-35). Le ha motho ea sa nyaloang a se na ngoana, Pauluse o ile a re ho ba lesoha ho molemo haeba motho a ka phela bophelo bo hloekileng. Ka lebaka la polelo ena, re ka ba le bo’nete ba hore ho ba lesoha ke thato ea Molimo bakeng sa batho ba bang.
Joaloka bosoha, ho na le melemo ea ho hloka bana. Feela joaloka ha Molimo a e-na le menyetla e khethehileng bakeng sa masoha, o na le menyetla bakeng sa ba nyetsoeng empa ba se na bana. Le hoja ba sa ka ba khetha ho hloka bana, ba lokela ho etsa sohle se matleng a bona ho sebeletsa Molimo.
Ka bosoha, ho hloka bana, le boemo leha e le bofe boo re nang le bona, re ka tšepa hore Molimo o tla sebetsa ka rōna ho tlisa melemo ea moea ho rōna le ho ba bang (Baroma 8:28).
Ho na le bana ba bangata ba hlokang batsoali ba bahlokomelang. Ho ka etsahala hore ebe ha ho motho ea ka khahlanang le tlhoko ena bophelong ba bona ntle le haeba batho ba bang kapa banyalani ba lelapa la tumelo ba ka etsa boiteko ba ho bontša.
Re bilelitsoe ho hlahisa ‘mele ea rōna e le sehlabelo ho Molimo, ho phela ka boinehelo ho Molimo (Baroma 12:1).
1. Bana ke tlhohonolofatso e tsoang ho Molimo, ho nepahetse hore banyalani ba rapelle hore Molimo o ba fe bana.
2. Ho fosahetse ho nahana hore kamehla ke thato ea Molimo ho fana ka ngoana ka mohlolo. Hase kamehla a khethang ho fana ka ngoana, feela joalokaha a sa etse mohlolo kamehla bakeng sa litlhoko tsohle tse ling.
3. Ho fosahetse ho bea molato ho mosali kapa banyalani bohloking ba bona ngoana. Boemo ba both obo angoe ke sebe sa Adama, sebe sa baholo ba rōna, le sebe sa sechaba sa bo rōna.
4. Re lokela ho rata le ho ananela bara le barali ka ho tšoanang hobane ke batho ba entsoeng ka setšoantšo sa Molimo.
5. Motho e ka ba ntate kapa ’mè oa moea ea susumetsang meloko e mengata esita le ntle le bana ba tlhaho.
6. Molimo o fana ka menyetla e khethehileng ea tšebeletso ho batho ba sa nyaloang le ba se nang bana.
7. Re lokela ho inehela ho Molimo le ho mo tlotlisa maemong ao a re khethelang ona.
Ka bomalimabe, likereke libakeng tse ngata li latetse meetlo ea tsona ho feta Lentsoe la Molimo ha li sebetsana le taba ea ho hloka bana.
Moruti o lokela ho ruta batho ba habo ho talima ho hloka bana ka pono ea Bibele, haholo-holo joaloka ha ho akaretsoa karolong e fetileng.
Haeba moruti a rapella banyalani ba se nang bana mohlolo, ha aa lokela ho beha boikarabelo ba tumelo ho mosali kapa monna. Ha Jesu a folisa ngoana e monyenyane kapa a tsosa bafu, motho ea folisitsoeng kapa ea tsositsoeng o ne a se na tumelo bakeng sa mohlolo oa hae. Haeba Moruti a e-na le kholiseho ea hore Molimo o batla ho etsa mohlolo, moruti o lokela ho ba le tumelo le ho se sole mosali kapa monna ka ho se be le tumelo.
Ho Baroma 12:15, re boleletsoe ho lla le ba llang. Moruti o lokela ho hlokomela mesarelo ea batho ba phutheho ea hae. O lokela ho nka bohato ba ho khothatsa le ho tšelisa ba saretsoeng ka lebaka la ho hloka bana kapa ho lahleheloa ke ngoana. Batsoali ba sareloa le haeba ngoana a e-s’o tsoaloe. Hopola hore mosali le monna ba utloa bohloko, le hoja ba bo bontša ka litsela tse sa tšoaneng. Moruti h’a lokela ho emela batho ba mahlomoleng hotla ho eena ‘bakeng sa tlhabollo. Moruti o lokela ho ruta phutheho ea hae ho khothatsana le ho tšehetsana.
Moruti o lokela ho etellapele phutheha ka ho aha likamano le ho tsotella batho ba holileng ba se nang bana. Litho tsa lelapa la tumelo li lokela ho ba tšoara joalo ka batsoali kapa bo-ntate moholo nkhono ka ho ba bontša lerato, ho qeta nako le bona, le ho ba thusa ka litlhoko tse khonehang.
Moruti o lokela ho thusa batho ba esong ho nyaloe le ba se nang bana ho sebeletsa le ho hlohonofatsa kereke le sechaba sa moo ba phelang. Moruti o lokela ho bolela bohlokoa ba motho e mong le e mong lelapeng la tumelo.
► Morabeng oa hau batho ba talima bana joang? Ba talima ho hloka bana joang?
► Balumeli morabeng oa hau ba talima bana joang? Balumeli ba tloaetse ho talima ho hloka bana joang?
► Kutloisiso ea hau ka bo-nyopa e fetohile joang kapa hona ho phephetsoa ka ho ithuta melao-motheo ea mangolo e hlahisitsoeng thutong ee?
► Na ho na le banyalani ba ka 'nang ba loana le ho hloka thari ka hara lelapa la hau la kereke? Haeba ho joalo, kereke ea hau e ka tšehetsa joang le ho fana ka sebaka se sireletsehileng bakeng sa ho arolelana mathata le bona?
Ntate oa Leholimo,
Kea o leboha ka malapa a Bo-kreste. Kea o leboha ka banna le basali ba o phelelang, le ka seo ba nkang karolo ka sona ‘musong oa hau.
Re rapella baratani ba fetang ka har’a ho hloka bana. Re rapela hore o ba ts’elise le ho khothatsa lipelo tsa bona. Ba thuse ho tseba hore lerato la hau ho bona le tihile, ho tsotellehe ho hloka bokhoni ba bona ba hoba le bana.
Haeba e le thato ea hau ‘bakeng sa bona hore ba be le bana ba tsoang thekeng la bona, re o ts’epela ho phethahatsa ka nako eo e leng ea hau. Hore na o ba fa bana bao e le ba bona kapa chee, ba thuse ho fetoha bo ntata le bo m’e’ ba semoea ho ba bang.
Thusa balumeli bohle ho talima motho e mong le e mong a e-na le boleng joalo ka ba entsoeng ka sets’oants’o sa hau.
Amen
(1) Ngola pampiri e maqephe a mabeli eo ho eona u tla:
Hlalosa tsela eo sechaba sa heno se talimang litaba ke eona mabapi le bana le ho hloka bana.
Hlalosa thuto ea mangolo ka bana.
Hlalosa thuto ea mangolo ka ho hloka bana.
Hlalosa ho latela melao ea mangolo hore na hobaneng batho ba nyalaneng ba sa lokelang ho beoa molato ka ho hloka bana ha bona.
(2) Khothatsa ntseng ba sebetsana le ho hloka bana.
Khetho 1: Hlalosa ka mongolo hore na u ka bonts’a kutloelo bohloko le tsotello joang ho motho eo mo tsebang ea ntseng a sebetsana le mahlomola a ho hloka ngoana. Ka ho totobala bolela ntho tse ling tseo o ka li etsang kapa ho li buoa tseo e ka bang tlhohonolofatso moena kapa khaitseli ea hau ho Kreste.
Khetho 2: Ngolla motho e mong eo o motsebang ea ntseng a sebetsana le mahlomola a a ho hloka bana pampits’ana ea khothatso. Leka ho utloisisa seo a fetang har’a sona. Etsa hore a tsebe hore o tsotella kamoo a ikutloang kateng. ‘Molelle hore o ntse o mo rapella. Nakong eo o mo fang pampits’ana eo, e ba teng ho mo mamela kapa ho bonts’a tsotello ea hau ka tsela e lokelehang.
Pele o tsoelapele ka thuto ea 11, sehlopha se lokela ho ithuta le buisana ka Sehlomathiso B. Hona ke puisano e khutsoane ea taolo ea pelehi, e leng sehlooho se bohlokoa se amanang le lenyalo le lelapa.
SGC exists to equip rising Christian leaders around the world by providing free, high-quality theological resources. We gladly grant permission for you to print and distribute our courses under these simple guidelines:
All materials remain the copyrighted property of Shepherds Global Classroom. We simply ask that you honor the integrity of the content and mission.
Questions? Reach out to us anytime at info@shepherdsglobal.org
Total
$29.00By submitting your contact info, you agree to receive occasional email updates about this ministry.
Download audio files for offline listening
No audio files are available for this course yet.
Check back soon or visit our audio courses page.
Share this free course with others