Thupelong ena, re tla ithuta haholo ka lelapa le phelang ‘moho ka hara sebaka se le seng. Mefuta e mengata e fapaneng ea batho e theha lihlopha tse lulang lelapeng hammoho 'me li bitsoa malapa. Ho na le malapa a nang le motsoali a le mong, malapa a arohantsoeng ke tlhalano, malapa a kopantsoeng ke lenyalo la bobeli, malapa a amohetseng bana, malapa a nang le meloko e mengata le malapa a amohetseng bana le batho ba baholo ba tsoang ka thoko ha nakoana.
E mong le e mong oa rōna o na le mohopolo oa kutloisiso ea seo lelapa le se bolelang. Puisano ka lelapa e hlahisa boikutlo bo fapaneng ka ho rōna ho latela boitsebelo ba rōna ka bo-mong.
Ka moo Bongoana bo re tlelang ka teng
Mohlomong u na le mehopolo e monate e fetileng ea bongoana ba hau, kapa mohlomong u sokolisoa ke khalefo ka lebaka la se u hlahetseng bongoaneng. Mohlomong litho tsa lelapa la hau hangata le ea thusana le ho khothatsana, kapa mohlomong ba ea qobana ‘me b’a loana ha ba le ‘moho. U kanna oa ikutloa e ka lelapa leno e bile motheo o tiileng le thuso bakeng sa bophelo ba hau, kapa mohlomong le utloahetse e ka ke toronko, tikoloho e bohloko eo e neng e le taba-tabelo ea hau ho e phonyoha. Mohlomong ha u bona malapa a shebahalang a phela hantle ho feta la hau, u ikutloa eka lelapa la hau le u fositse.
Kutloisiso ea rōna ka malapa a bo rōna e molemo hobane e susumetsa kutloisiso ea rōna ka bophelo le kutloisiso ea hore na Molimo ke mang. Bibele e buoa ka ha Molimo ele Ntate oa batho ba hae. Likamano tsa rōna le batsoali ba rōna —haholo-holo bo-ntat’a rōna —li bopa mohopolo oa rōna ka Ntat’a rōna ea maholimong. Haeba ntat’a rōna oa botho a ne a le sieo, e le mohlekefetsi, a sa tsotelle, a lebeletse ho etsetsoa, a batla lintho li etsoe ka moo eena a hopotseng ka teng, a etsa liqoso ka lintho tse fetileng, kapa a utlosa bohloko ka mokhoa ofe kapa ofe, mohopolo oa rōna ka Molimo joalo ka ntate ho ne ho ka ba bobebe hore o senyehe. Ho fihlela re ba le setsoalle le Molimo ka Lentsoe la hae ka bophelo ba Jesu le ka motsamao oa motho kamong le eena, ho kanna ha-eba boima ho ‘mona e le Ntate ea molemo. Ruri ke ntate ea molemo eo ka nako tsohle a sirelatsang le ho fana ho bana ba hae. U mamela le ho buoa le bana ba hae, oa ba tataisa ‘me u nyakalatsoa ke bophelo bo botle ba bona. Molimo o ka re thusa ho bopa bocha kutloisiso ea rōna ka eena ha re tsoela pele ho mo tseba.[1]
Kamoo Liphapang Tsa Moea li re Amang Kateng
Ba bang rōna re lahliloe ke malapa a rōna hobane re le balateli ba Kreste. Jesu o itse re lokela ho lebella litlhoriso ho tsoa ho litho tsa malapa a rōna tse sa lumeleng ka lebaka la boinehelo ba rōna ho eena. Libakeng tse ngata balumeli b’a ekoa, ba hlabisoa lihlong, ba lahloa, ba hlekefetsoa kapa ba bolaoa ke litho tsa malapa a bona tse lahlileng Kreste.
► Moithuti o lokela ho bala Mattheu 10:21-22, 28, 32-39 bakeng sa sehlopha. Ka mora ho bala temana tsena, buisanang ka lipotso tse latelang:
Ho latela serapa see, balumeli ba lokela ho lebella eng?
Ke litšepiso life tse fanoeng moo?
Balumeli ba lokela ho nahana joang ka litlhoriso?
Ba bang ba rōna ba kanna ba seke ba feta hara litlhoriso tsa malapa empa leha ho le joalo ba kanna ba e-ba le bothata ba likamano ka lebaka la tumelo ea rōna. Mohlomong likamano tsa malapa a rōna li bohla, li arohane kapa li na le moeli ka lebaka la hore joalo ka balumeli bophelo ba rōna bo fapane haholo le bophelo ba litho tsa malapa a rōna. Re kanna ra se utloisisehe kapa ho se hlomphuoe. Bao re tsoalanang le bona ba kanna ba sitisa bosebeletsi ba rōna, le Jesu o fetile hara mathata ana (Mareka 3:21, Johanne 7:3, 5), ka baka leo ha rea lokela ho makala ha re hlaheloa ke tse tšoanang.
[1]Ho ithuta hore na u ka nchafatsa kutloisiso ea hau joang tabeng ea hore na Molimo ke mang, sheba Thuto 4 ea Spiritual Formation, hotsoa Shepherds Global Classroom.
Uena le Lelapa Leno
Ka metsotso e seng mekae, u tla itsebisa baithuti ‘moho le uena ka sehlopheng, empa u ke ke oa bolela feela lebitso la hau, u tla itlhalosa hore na u mang ho latela lelapa leno.
Pele, nahana ka likarolo ka ho fapana tseo u nang le tsona ka hara lelapa, joalo ka mora kapa morali, monna kapa mosali, ‘m’e kapa ntate, malome kapa ‘mangoane, ntate-moholo kapa nkhono. Na ho na le likarolo tse ling tseo u ka li nahanang? U kanna oa ba le tse ‘maloa.
Ke mesebetsi kapa likarolo life tseo u li bapalang ka hare ho lelapa? Na ke uena ea moholo kapa ea monyenyane? Ea tlisang chelete ka tlung? Motho ea hlokomelang lelapa? Ea hlokomelang ea holileng kapa ea nang le bokooa? Nahana ka mesebetsi e meng le boikarabello tseo u nang le tsona ka hare ho lelapa?
► Itsebise ba sehlopha sa hau, ka ho thathamisa likaralo tsa hau tse ‘maloa le mesebetsi kahare ho lelapa la hau.
► Hajoale, nka motsotso ho nahana ka moo likarolo le mesebetsi eo li susumetsang (1) kamoo u iponang ka teng (2) kamoo u talimang ba bang kahare ho lelapa leno.
Ho sa tsotellehe na u ka ikutloa joang ka ba lelapa leno ba haufi le ba hole, e ntse e le ba heno. Mohlomong lelapa leno le pshatlehile, le na le matšoao a ho utloa bohloko kapa mohlomong batho ba monela lelapa la hau hobane u bonahala u atlehile: lenyalo la hau le letle, bana ba bohlale ba phetseng hantle, lehae le tletseng ka lerato, thabo le nyakallo.
Hore na lelapa la hau le bonahala le le bobebe kapa le le matla Molimo o na le thahasello hape o nkile karalo ka hara lelapa la hau. O na le morero ka lelapa la hau.
► Ngola mabitso a ba lelapa la hau (bonyane a meloko e 3-4 ea lelapa la hau). Mohlala, mabitso a baholo ba hau (moloko oa pele), mabitso a batsoali ba hau (moloko oa bobeli), lebitso la hau le a bana beno, (moloko oa boraro), mabitso a bana ba hau kapa bachana (Moloko oa bone).
Taka naleli pela mabitso a bao u nang le likamano tse haufi le tse ntle le bona. Taka khutlo tharo pela mabitso a bao u nang le likamano tse nang le moeli le bona, sekoere pela mabitso ao u senang khokahano le bona ka lebaka lefe kapa lefe.
Na ho teng batho bao u nahanang hore ke karolo ea lelapa la hau leha le sa tsoalane hakaalo-kalo: batho ba bang teng kopanong le meketeng ea lelapa joalo ka ha e ka ke karolo ea lelapa? Ngola u be u likaliketse mabitso a bona.
Lelapa La Pele La Botho
► Lula u phetlile Bibele ea hau ka ho Genese ha re ithuta bophelo ba Adama le Eva, Abrahama le Sara.
Lenyalo La Pele
Adama le Eva ebile lelapa la pele la batho: monna a le mong le mosali a le mong, a motona a le mong le a motšehali a le mong ba kopanngoa ka lenyalo. Lenyalong la pele, Adama a re, “Hona joale ke lesapo la masapo a ka le nama ea nama ea ka; o tla bitsoa Mosali, hobane o ntšitsoe ho monna” (Genese 2:23).
Temana e hlahlamang e fana ka tlhaloso ea lenyalo ho ea ka Bibele: “Ka hona monna o tla siea ntat’ae le ‘m’ae a khomarele mosali oa hae, ‘me e tla ba nama e le ‘ngoe” (Genese 2:24). Qotso ena e tšoanang e phetiloe hape Testamenteng e Ncha ho Mattheu 19:5 le Baefese 5:31. Kopano ea nama e le ‘ngoe ea monna le mosalike boitlamo bo sa fetoloeng ke maemo, tšepiso pela Molimo le motho, e lokelang ho ba joalo bophelo bohle.
Lenyalo ke mohlolo o menahaneng hararo. Ke mohlolo oa kopano ea ‘mele eo ka eona batho ba babeli ba fetohang nama e le ‘ngoe: ke mohlolo oa popo oo ho oona malapa a mabeli a hokahanngoang ‘moho. Ke mohlolo oa semoea oo ka ona kamano ea lenyalo e fetohang setšoantšo sa kopano ea Kreste le monyaluoa oa hae, kereke.[1]
Lenyalo le bonahatsa likamano Borarong bo Teroneng
[2]Lenyalo le raletsoe ho bonahatsa semelo sa Molimo le likamano tsa hae. Molimo Ntate, Molimo Mora, Molimo Moea o Halalelang, esale ba le joalo ‘me ba lula ba e-na le kamano kamehla. E mong le e mong o oa ikhetha mosebetsing oa hae, empa kaofela litho tsa Boraro Bo Teroneng ke ntho ele ‘ngoe ka ho sa feleng ‘me ba mohopolo o mong. Kamano e pakeng tsa boraro Bo Teroneng re bona bonngoe, kopanelo ka botebo, botšepehi le lerato le sa feleng. Lenyalo la Bibele le raliloe holima kamano ena e makatsang ka botle. Moralo oa Molimo ke hore monna le mosali e mong le e mong ba hloeke leratong la bona ‘me ba itetse emong ho e mong bophelo bohle.
Kamano ea lenyalo la batho e lokela ho bonahatsa likamano tse ka hara boraro bo teroneng ka litsela tsena:
1. Lenyalo le lokela ho fetoha boitlamo bo ikhethang bo se nang lipehelo ho e mong.
2. Lenyalo le lokela ho ba kamano ea boinehelo ba lerato.
3. Lenyalo le lokela ho ba kamano e nang le litholoana.
Taelo Ea Pele
Nakong ea lenyalo la pele, le ileng la tsamaisoa ke Molimo ka sebele,
Molimo oa ba hlohonolofatsa, oa re ho bona: Ngatafalang, le ngatafale, le ahe lefatšeng, le le leme. Le buse lihlapi tsa leoatle, le linonyana tsa leholimo, le tsohle tse phelang, tse hahabang lefatšeng (Genese 1:28).
Ho ngatafala le ho ata ke molao oa pele oo Molimo o faneng ka ona ka Bibeng. Lenyalo le raletsoe kamano ea ho tsoala bana ea lerato le se nang boikhohomoso. Ngatafalo ka hare ho lenyalo ho isa khanya ho ‘Mopi, joalo ka ha monna le mosali ‘moho ba ntšetsa pele mosebetsi oa Molimo oa popo ‘me ba tlisa batho ba bangata kamanong ea lelapa. Ke monyetla le boikarabello bo bokakaang!
► Moithuti o lokela ho bala Dipesaleme 127:3-5 bakeng sa sehlopha. Serapa sena se sebelisa litšoantšo tsa lentsoe ho hlalosa bana. Ke eng Litšoantšo tsa lentsoe? Re ipapisitse le litšoantšo tsena tsa lentsoe, re lokela ho nahana joang ka bana ba rōna?
Bibele e re bontša hore bana ke mpho, ke letlotlo le leholo. Ha b’a lokela ho nahanoa feela e le litlamorao tsa kamano ea thobalano. Hore na maemo a tlisitseng peleho ea ngoana a matle kapa a lokile, Mofani oa bophelo o na le boikemisetso kemarong le tsoalong ea ngoana e mong le e mong, ho kenyeletsa ‘na le uena. Molimo o na le morero ka motho e mong le e mong, ho sa tsotellehe mabaka a tsoalo ea motho.
Ee, bana ke mpho e tsoang ho Molimo, empa hape ke mpho ea batsoali ho Molimo.
Mme na ha a ka a etsa e le nngwe? Leha ho le jwalo o ne a ena le masala a moya. Hona hobane’ng? E le hore a ka batla peo ea bomolimo. Joale, le hlokomele meea ea lōna, ’me ho se ke ha e-ba le ea mong ea sitetsoeng mosali oa bocha ba hae (Malakia 2:15).
Bana ke tšepo e tlotlehang. Molimo o lebeletse batsoali ho holisa bana ba bona ho phethahatsa sepheo sa hae. Molimo o batla ho sebelisa bana ba rōna ho ntšetsa pele ‘muso oa hae (Genese 18:19). Molimo o re tšepetse ho lokisetsa bana ba rōna bophelo ba ho mo sebeletsa (Deuteronoma 6:2). Ha re ba holisetse ho re sebeletsa kapa ho phethahatsa litoro tsa rōna. Re lokela ho ba talima e le metsu e loketseng ho nepa seo Molimo a se beihleng bakeng sa bona.
Ho Oa le Ho Pshatleha Ha Lelapa la Botho
Ho Genese 3, lelapa le leng le le leng le phethahetseng le kileng la e-ba teng, le ile la oela boemong ba ho pshatleha le ho ba tlhokong e feletseng ea molopolli. Adama le Eva ba ile ba etsa sebe, ‘me thohako ea lefu ea oela moloko oohle oa batho. Kamano ea Adama le Eva lipakeng tsa bona ba le babeli, ea senyeha ka ho sa feleng ‘me ba arohana le Molimo.
Monna le mosali ka bobeli ba oeloa ke lithohako tse eketsehileng:
Pelehi e tla ba bohloko.
Banna ea e-ba hore ba sebelise matla a bona hampe.
Moralo oa Molimo o phethahetseng bakeng sa lelapa o ile oa sotheha ka lebaka la hore batho ba ile ba amohela mashano a Satane.
Genese 4 e tsoela pele ho senola ho pshatleha ha lelapa le oeleng la botho.
Ela hloko Genese 4:1, boimana ba pele le tsoalo. Temana ena e akaretsa nako ea likhoeli tse robong—nako pakeng tsa kemolo ea ngoana le tsoalo ea hae. Khefutsa hanyanyane o nahane hore na ekaba likhoeli tseo tse robong tsa boimana ba Eva bo ne bo utloahala e ka eng, h’a ne a leka ho arolelana tšabo le thabo ea hae le Adama. Ho ne ho se motho ea ka mo fang keletso, hape ho se ea ka arabang lipotso tsa hae. Mpa ea hae e neng e ntse e hola, ho raha ha ngoan’a hae le mosebetsi oa ho tsoala, ‘moho mahlaba a mpa le bohloko, kaofela e bile ntho tse hlahelang ‘m’e e mong le e mong khetlo la pele. Ha ho makatse hore ebe Eva o ile a buoa mantsoe ana ka tsoalo ea Kaine, “Ke fumane monna ea tsoang ho Jehova” (Genese 4:1).
Nako ea feta, temaneng e latelang re ithuta ka bokhachane ba bobeli le tsoalo. Joale Adama le Eva ba na le lelapa la batho ba bane. Karolo ea bobeli ea temana e tšoanang ke kakaretso ea mesebetsi ea bara ba bona. Temaneng ea boraro, bashanyana bana, e se e le banna ba tiileng, hape litemaneng tse latelang re bala pale e bohloko ea phenetho khetlo la pele. Mora e moholo oa Adama, a bolaea ngoan’abo ka lebaka la lefufa le mona. Na u ka inahanela ho tšosa ha taba ee, ho sareloa, lipotso, le bohloko?
Karabo ea hau lipotsong tseo e kanna ea e-ba “Ee! Kea e nahana. Ebile, ke ile ka hlaheloa ke ntho e tšoanang!” E re ke u khothatse: Ha u mong. Lelapa la hau le ka lopolloa! Ho na le litaba tse molemo bakeng sa lelapa ka leng.
Gordon Wenham oa ngola hore,
Molaetsa oa Genese... ke pale ea mohau o hlolang ho sa tsotellehe sebe sa motho, oa mohau o hlōlang esita le malapeng a robehileng ke sebe. Buka ena e qala ka mokhoa o phahameng oa ho bōptjoa ha lefatše ho fihla sehlohlolong ka ho bōptjoa ha moloko oa batho ka setšoantšo sa Molimo ’me Molimo a phatlalatsa sohle seo A se entseng se ne se le molemo haholo... Ke khaolong ea 3 feela moo lintho li qalang ho senyeha, ka ho se mamele, [khohlano], le lefu tse nkelang kutlo, kutloano le bophelo sebaka. Lintho li mpefala le ho feta khaolong ea 4... ’me li fihla [boemong bo tlaase ka ho fetisisa] khaolong ea 6, moo ho boleloang hore lefatše le tletse bobe (Genese 6:11, 13).[4]
[1]The Woman’s Study Bible, (Thomas Nelson, Inc., 1995), 9.
[2]“lenyalo ke… ponahatso ea semelo sa Molimo joalo ka moetsi e moholo oa selekane le ‘moloki oa sona. Ka hara selekane, lintlha tsa bohlokoa ke ho tšepahalla kano le botšepehi, e seng boikutlo.”
- Robertson McQuilkin, selelekela sa tsamaiso ea Bibele
[3]Ho bohlokoa ho supa hore tsoaloeangoana e ne e se karolo ea thohako. Bohloko ba tsoalo ea ngoana ke litlamorao tsa thohako, empa tsoalo ea ngoana ka bo-eona esale e le moralo o hlollang oa Molimo bakeng sa ho hlahisa moloko o latelang. Leha e le hona ho sebetsa ha e-so ka e e-ba thohako, empa ho e-na le hoo boima ba mosebetsi ebile thohako. Ebile, litaelo tse ling tseo Molimo o li faneng ho Adam le Eva ho Genese 1:28 li bonts’a hore re etselitsoe ho sebetsa! Mosebetsi ke e’ngoe ea litsela tseo ka tsona re bonahatsang sets’oants’o sa Molimo.
[4]Gordon Wenham a ngola ho Family in the Bible, e hlahlobiloe ke Richard S. Hess le M. Daniel Carroll R., Grand Rapids, MI: Baker Academic, 2003, 29
Ho Pshatleha Ka Hara lelapa la Abrahama.
Ho feta moo ka ho Genese, re bala ka Abrahama, ntat’a sechaba sa Baheberu (Genese 11:27-25:11).[1] Ebile ka lelapa la Abrahama Molimo a neng a tla tlisa Molopolli lelapeng lohle la botho.
Genese 11 e thathamisa leloko la Abrame, eo e neng e le setloholo sa mor’a Nooe, e leng Sema. Genese 11:30 e re bolella hore mosali oa Abrame e leng Sarai, e ne e le nyopa. Temana eo ke temana ea likhapha, tlhonamo, bohloko ba pelo, pherekano, ho tepella, bohale le masisapelo. Ho ba bangata ba e balang, ha u ka kenya lebitso la hau sebakeng sa Sarai temaneng ena, tseba hore ha u mong.
Ho ba ka ratang ho ba le bana empa ba se na tholoana ea popelo, ho bala litemana tse kang Genese 1:28 le Dipesaleme 127:3-5 ho baka bohloko bo boholo le mesarelo. Ho tloaelehile ho utloa eka ho hloka ngoana ke kotlo kapa thohako.
‘Nete ke hore, ha ho ea seng bohlokoa ho Molimo ka lebaka la ho hloka ngoana. Ha u oa lebaloa. Bonyopa ba hau, ha bo bolele hore lelapa la hau ke lelapa le liphoso. Ba bang ba ba bile le masoabi tšoanang a tebileng.
Tsela eo banyalani ba sebetsanang le bonyopa ka eona, e kaba ka bobeli kapa ka bo mong, e molemo haholo. Liqeto tse se nang bohlale li ka lebisa keketsehong ea mathata, joaloka ha re tla bona bophelong ba Abrame le Sarai.
Ho Emela Tšepiso
Ka mora lefu la ntat’ae, Abrame e ile ea e-ba mopatriareka oa lelapa labo. Molimo o ne a tšepisitse ho etsa Abrame sechaba se seholo (Genese 12:2) ‘me a tšepisa ho neha litloholo tsa hae lefatše la Kanana (Genese 12:7). Abrame o ne a le lilemo li 75 (Genese 12:4) ‘me o ne a le moholo ho Sarai ka lilemo tse leshome (Genese 17:17). Sarai e ne e le mosali ea botle bo sa tloalehang ka lilemo tse 65 (Genese 12:11), e ntse e le nyopa hape e se e le nako a fetile lilemo tse tloaelehileng tsa ho beleha.
[3]Lilemo tsa ‘na tsa feta, ‘me ho se ngoana, leha tšepiso ea Molimo e ne e nchafalitsoe ka ho hlaka ho Genese 13:14-17. Abrame o bonahala a lahlile tšepo ka khonahalo ea ho ba ntat’a ngoan’ahae, hobane ka ho Genese 15:2-3 o bolella Molimo hore mohlanka oa hae ke mojalefa oa hae. Molimo a araba ka hore, “Enoa e ke ke ea ba mojalefa oa hau; empa ea tla tsoa maleng a hau, e tla ba mojalefa oa hau” (Genese 15:4). Joale Molimo oa neha Abrame setšoantšo sa bobeli sa tšepiso ea litloholo tse se nang palo ke bongata, ‘me Abrame a lumela Morena (Genese 15:6).
U se u ka nahana hore na lilemo tsena tsa ho ema li ne li utloahala e ka eng ho Sarai:
Leha likahlolo kapa lipolelo tsa batho li bile bohloko hakaalo ho Sarai, e bile bohloko bo jang eena a le mong, e bile ho phoqeha ha hae [ho hlabang] ho neng ho utloisa bohloko ka ho fetisisa. O ne a sa laba-labele feela phethahatso ea tšepiso ea ho ba ‘m’e empa hape o ne a laba-labela tlhompho le tlotla e fuoang bo-‘me’ ka hara motse moo ho ona ho ba ‘m’e e neng e le eona ntho ea bohlokoa. Rea tseba hore ho hloka peo ha monna e kanna ea e-ba lebaka la ho se emare ha mosali, empa ho ne ho se tsebo e joalo lefatšeng la Sarai, chebahalo ea Sarai e le mosali, e le ea nang le boleng, e ne e lutse ho tsoaleng le ho hlokomela bana. H’a ka a fumana tlhompho ka hobane feela e le motho ea lokileng le ho tšepahala, empa e le ka ho tsoalla monna oa hae bana ba batona ba bajalefa. Popelo e se nang letho e ne e bolela bophelo bo senang letho.[4]
Litharollo Tsa Batho Le Litholoana Tse Bosula
[5]Ha Abrame a ne a le lilemo tse 85, Sarai a ba le mohopolo—tharollo eo ka eona Abrame a neng a ka ba le ngoana. Lekhabunyane la Sarai la mosetsana, e ne e kanna ea e-ba lona le ba tsoallang ngoana! (Genese 16:1-4). Empa seo Abrame le Sarai ba neng ba hopotse hore e tlaba tharollo e pethileng, sa senya khotso ka hare ho lelapa la bona nakong eo Hagare a emolang. Se neng se bonahala e ka se lokile ea e-ba se fosahetseng haholo. Teko ea bona ea ho thusa Molimo ho phethahatsa tšepiso ea Hae, ea tlisa likhohlano le ho hloka kutloano. Ha batho ba sitoa ho tšepa moralo le nako ea Molimo ho pshatleha ha likamano le ho utloisana bohloko e ba litlamorao.
Lilemong tse latelang ho ile ha hlaha khohlano, bohloko, ho se utloane, bothata ba puisano, khalefo, ho lahloa kherehloa le ho nyahama ho fetisang (Genese 16-21), eseng ka tlung ea Abrame le Sarai feela, empa le ka hara lelapa la mochana oa bona Lota.
Malapa A Liphoso
Abrame o ne a khethiloe ke Molimo ho ba ntat’a sechaba se seholo, lesika la mali ao Jesu a neng a tla hlaha ho oona! Ho bonahala eka Abrame o ne a senya moralo oa Molimo, joalo ka litho tse ling tsa lelapa la hae! Taba ea bona e bile mohlala oa lelapa le liphoso.
Ho Genese 49:33, Abrahama le Sara, Isaaka le Rebeka, Jakobo le basali ba hae, ba ne ba se ba shoele kaofela. ‘Moho le bana ba Jakobo ebile lelapa la tlokotsi ea ho hloleha ke liphoso. Ho loana, likhang, khethollo, thetso, ho lahloa, litlholisano tsa bana ba thari, peto, thobalano ea bana ba motho, e bile karolo ea pale ea lelapa la bona. Ha ho le le leng la mantsoe ao le hlalosang lelapa le atlehileng le nang le khotso!
Ka masoabi, pale esale e ipheta ka hara Bibele kaofela le lefatšeng lohle ka mengoaha ho tloha nakong eo leha ho le joalo, ka hare ho malapa ana ho bile nako tsa menyaka, lipale tse ntle tsa lerato, esita le banna ba ‘maloa ba lokileng.
Ka hara tsena tsohle, Molimo ha a ka a lahla moralo oa hae oa ho lopolla batho. Molimo ho oa ka oa fetola sepheo sa hae ka lelapa. Ha u tsoela pele ho bala Testamente ea khale, o tla fumana sehlooho se se tle sa topollo se ntse se tsoelapele ka hara pale ea lelapa la BaHebheru. Liketsahalo tse ngata li ne li supa pele ho Jesu. Nyehelo ea Abraham ka Isaaka, Paseka le ho phonyoha ha Ba-Israele bokhobeng Egepeta; topollo ea Rahaba le ho kenyeletsoa ha hae hara batho ba Molimo; le liketsahalo tse ling tse ngata li bontšitse ka bokhabane tšepiso ea hore Mopholosi o tla tla ho lopolla batho.
[1]Molimo o ile a fetolela mabitso Abrame le Sarai ho Abrahama le Sarah ka ho Genese 17:5, 15.
[2]Talima Thuto ea 10 bakeng sa ho eketsehileng sehloohong sena.
[3]Molimo o sebeletsa ho re etsa ba tšoanang le Jesu. Ka nako e ‘ngoe Molimo o etsa hore re eme, hobane nakong ena ea ho ema, a ka etsa mosebetsi lipelong tsa rōna o neng o ke ke oa etsahala ka mokhoa o mong.
[4]David le Diana Garland, Flawed Families of the Bible, Grand Rapids, MI: Brazos Press, 2007, 21-22
[5]“Molimo o na le mabaka a halalelang a ho ema ha re ntse re kopa joalo kaha a ile a etsetsa Elizabetha (Luka 1:7, 13), le ho re etella pele re e-so itokisetse, joalo kaha a ile a etsetsa Maria (Luka 1:34). Ha re mo utloa hape re Mo khumamela, O oa re tataisa, ruta, le ho fana bakeng sa moralo oa Hae o sa lekangoeng ke seo re ke keng ra se nahana.”
- E nkiloe ho: Shauna Letellier, Remarkable Advent
Pholiso le Mohau oa Molimo ka hara Malapa
Baefese 5 e re bolella hore Molimo o thehille lenyalo hore e be setšoantšo sa kamano e lipakeng tsa Jesu le monyaluoa oa hae Kereke. Joalo kaha Kreste, e leng hlooho, a fana ka eena bakeng sa Kereke, ka kahoo monna e mong le e mong, joaloka hlooho ea mosali oa hae, o lokela ho fana ka bo-eena bakeng sa hae. Ka ho tšoana, Mosal e mong le e mong o lokela ho latela mohlala oa kereke joalo ka ha kereke e inehela tlasa Kreste, mosali e mong le e mong o tlameha ho ikokobelletsa monna oa hae.
Ho oa ha moloko oa motho ho ile ha senya moralo o motle oo Molimo o bileng le oona qalong bakeng sa malapa a batho ‘me ha tlisa litlamorao tse senang likamano tsa lenyalo. Lelapa le leng le le leng le tobane le litlamorao tsa ho oela sebeng ha batho. Leha ho le joalo,
Jesu o tlile ho lopolla ntho tsohle ho kenyeletsa le lenyalo. O tlile ho lopolla le ho busetsa lintho tsohle tse sentsoeng ke sebe. Moo re neng re hloloa ho phela ka moralo oa Molimo, bakeng sa lenyalo, Jesu o phethahalitse litekanyetso tsa Molimo ka ho botlalo. Jesu o ratile kereke hoo a bileng a e shoela. Ka bokhabane o ipeile tlaša moralo oa Molimo Ntate. Jesu ke phetheho e feletseng e bileng e nepahetseng ea moralo oa Molimo le ea seo manyalo a rōna a hlolehang ho se etsa: rata ‘me u ikokobetse.[1]
► Jesu ke mohlala joang oa sebōpeho seo motho a nyetseng a lokelang ho ba le sona?
Jesu h’a phethahatse feela thato ea Molimo ka boikokobetso ba hae bo phethahetseng, le lerato la hae le phethehileng, empa o etsa hore banna le basali ba hlole litloaelo tse senyang tse tloaelehileng ho batho ba oeleng. Ka mohau oa hae, banna le basali ba ka phethahatsa morero oa Molimo ha ba phela ka Moea o Halalelang (Baefese 5:18).
Ha ho lelapa le phethehileng, empa Molimo o laba-labela ho pholosa kapa ho lopolla lelapa le leng le le leng. Mohau oa Molimo o ka sebetsa ka hare ho malapa ho etsa hore batho ka bo mong ba fetohe seo Molimo o neng o ba reretse ho ba sona qalehong. Ha batho ka bo ‘mong ka hara malapa ba khetha ho latela litaelo tsa Molimo, kutlo ea bona e thusa ho hlola tse ling tsa likhaello le mefokolo tse tloaelehileng lelapeng le leng le le leng. Litlamorao tsa ho oa, tse fetolang likamano tsa botho li fokotseha ha re inehela thatong ea Molimo.
Mohlala, ha monna ea tšabang Molimo a mamela litaelo tsa hae ka ho Baefese 5, eba o hlola litloaelo tsa tlhaho tsa ho sebelisa ka boikhomoso matla a hae holima mosali. Kutlo ea hae ho Molimo e tlisa ho fola ha e ntse e fokotsa litlamorao tse kotsi tsa ho oa. Kutlo ena e ka boela ea khothatsa mosali oa hae ho ikokobeletsa eena monna oa hae.
Ha mosali a ikokobeletsa monna oa hae e le kutlo ho taelo ea Molimo (Baefese 5:24), eena o ntse a hlola litloaelo tsa hae tsa sebe sa tlhaho tsa ho se utloe bolaoli ba monna oa hae. Kutlo ea hae ho Molimo e’a buseletseha, e thusa kamano ea bona ho tšoana le kamoo Molimo a neng a e raletse lenyalo ka teng (1 Bakorinthe 11:3, 1 Petrose 3:1-7).
Likamano tsa lelapa libohlokoa haholo ho Molimo. Ke ka lebaka leo Molimo a fileng malapa litaelo tse tlisang pholo le pusetso.
Ho na le lirapa tse ngata mangolong tse buoang ka bohloki ba hore batsoali le baholo ba rute bana ba bona le litloholo litsela tsa Molimo. Re tla buoa ha khutšoanyane ka tse tharo.
► Moithuti o lokela ho bala Baefese 6:4 bakeng sa sehlopha. Temana ee e bolelang?
Ke morero oa Molimo hore batsoali ba rute bana ba bona ho tseba le ho utloa Molimo. Tsela eo batsoali ba etellang pele, ba laeang, ba lokisang hape ba koetlisang bana ba bona e lokela ho bonahatsa tsela eo Molimo o etsang tsena tsohle baneng ba hae.
► Moithuti o lokela ho bala Dipesaleme 78:1-8 bakeng sa sehlopha. Araba lipotso tse latelang:
Ke meloko e mekae ea malapa e boletsoeng serapeng see?
Boikarabello ba moloko o mong le o mong ke bofe?
Meloko e tlileng pele e lokela ho ruta e menyenyane eng?
Dipesaleme 78 e tletse mohau oa Molimo o khapatsehang le lereko. E re bolella ka mosebetsi oa hae ka hare ho lelapa la Israele ho tloha nakong eo ba neng ba tloha Egepeta ho isa pusong ea Morena Davida. Dipesaleme tsena li lokela ho fa babali tšepo ka maemo a malapa a bona.
► Moithuti o lokela ho bala Deuteronoma 6:1-9 bakeng sa sehlopha. Ha u talimile serapa see, ke lintho life tseo rōna joalo ka batho ba Molimo re lebeletsoeng ho li etsa?
Lengolo lena ke karolo ea puo ea Moshe ho Ba-Israele, pele ba kena Lefatšeng la Pallo leo Molimo a neng o ba baletse lona. Ba ne ba ithuta ho ba batho ba Molimo, le hore na ho boleloang ka hoba oa Molimo. Li’nete tse litemaneng tsena e ntse e le motheo oa ho phela joalo ka bana ba Molimo.
Molimo o re laela hore ka kutlo eohle re mamele Lentsoe la hae—ho etsa seo a se lebeletseng ho tsoa ho rōna! (temana 3-4).
Re lebeletsoe:
1. Ho rata Morena ka lipelo tsa rōna tsohle, moea le matla(temana 5).
2. Ho boloka lentsoe la Molimo lipelong tsa rōna (temana 6).
3. Ho ruta bana ba rōna ka mafolo-folo ho latela Lentsoe la Molimo (temana 7).
4. Ho boloka Lentsoe la Molimo likelellong tsa rōna le ka pela rōna kamehla (temana 8-9).
Elelloa hore melao ena e etselitsoe meloko eohle (temana 2). Molimo o bea batsoali le baholo boikarabellong ba ho ruta bana ba bona le litloholo ho mo phelela. Nako e kae? Ka matsatsi ‘ohle a ho phela ha rōna (temana 2). Molimo o re bolella hore batsoali ba lokela ho ruta bana ba bona litsela tsa hae letsatsi lohle, letsatsi le leng le le leng, hohle moo ba eang le lintho tsohle tseo ba li etsang (temana 7-9).
Thuto ea semoea ho bana e ne e le boikarabello ba motsoali. Ho ruta ho ne ho etsahala letsatsi le letsatsi ka mohlala oa batsoali hape le ka ho pheta-pheta molao. Bohlokoa ba molao ona bo ne bo bonoa ka boikhathatso boo batsoali ba neng ba e ea ho ea ruta bana ba bona. Hona ho ne ho fetisa ho ruta lintlha tsa molao feela; e ne e lokela ho ba ponahatso ea mokhoa oa bophelo o rokeletsoeng le tsela ea bophelo ba letsatsi le leng le le leng. Boiqapi bo ne bo hlokahala, ho ruta melaoana ea Molimo ha ho ntse ho phathahanoe ka mesebetsi ea lelapa.[1]
Batsoali h’a ba tlameha hore feela ba rute likelello tsa bana ba bona, e mpa le lipelo ka ho tšoana. Ba lokela ho ruta bana eseng feela li’nete ka Molimo empa le ho kenya tšebetsong ho phela kamanong le Molimo le kutlong ho eena. Batsoali ba ruta bana ba bona ka litaelo tsa molomo le ka mehlala. Ka bobeli li bohlokoa.
Serapa sena se ka bonahala se le bobebe empa se bohlokoa haholo. Lic tsena le melao li fana ka sepheo le tataiso bakeng sa batho ka bo mong le bakeng sa malapa. Ha batsoali ba tsoelapele ho batla ho tseba Molimo ka ho feletseng le ho mo utloa ka botlalo linthong tsohle, ba ruta bana ba bona ho etsa ho tšoanang. Batsoali ba lokela ho ba le boikutlo ba bophelo bohle ba ho ithuta le ho mamela. Ona ke mohlala ho bana ba bona, ’me o fa bana ba bona ho lapela Molimo.
► Ke life litsela tse bonahalang tseo ka tsona batsoali ba ka rutang bana ba bona letsatsi le leng le leng?
Lelapa—Lebala la Koetloiso bakeng sa Ho Rata Ba Bang
► Moithuti o lokela ho bala 1 Johanne 4:7-13, 19 bakeng sa sehlopha.
Sehlooho sa serapa sena ke lerato. Ho tseba Molimo ka monono oa seo a leng sona, re tlameha ho e mong le e mong. Lentsoe e mong ho e mong le kenyeletsa lelapa la rōna. Le leng la mabaka ao Molimo o re fileng lelapa ke hore re tle re ithute ho rata ba bang. Ha re ntse re ithuta ho bontša lerato ho ba lelapa la rōna (leha ho le thata), re fetoha ba tšoanang le Molimo—hobane Molimo ke lerato! (temana 8).
Ha litho tsa lelapa—e kaba tsa moea kapa tsa nama—ba ratana, ba bontša hore ba tsoetsoe ke Molimo (temana 7). Ha ba ntse ba ratana, lerato la Molimo le phethahatsoa ka ho bona (temana 12).
Molimo ha a lebelella feela hore re rate ba bang, o re ratile pele (temana 9-11, 19). O re ratile ka ho romela Jesu ho tla ba tefo ea libe tsa rōna (temama 10). Lerato la Molimo ho rōna ke tšusumetso ea lerato la rōna ho ba bang (temana 11).
Ho rata lelapa la rōna ho kanna ha e-ba bonolo ho ba bang empa ha e-ba thata haholo ho ba bang, empa kaofela ha rōna bohle re kaba le seo re se hlokang ho utloa molao oa Molimo—Molimo o phela ka ho rōna ka Moea o Halalelang (temana 12-13).
Molimo o re biletsa ho ratana e mong ho e mong, ho kenyeletsa batsoali ba rōna, balekane, le bana. Ho rata lelapa la rōna ha ho bolele hore re lumelle ho fosahetseng kapa bobe. Ha ho bolele hore ha re li hloke hore re be le boikarabelo. Ho bolela hore re batla se lokileng bakeng sa litho tsa lelapa la rōna ‘me re ikemiselitse ho fana ka rōna molemong oa bona.
[1]The Woman’s Study Bible, Thomas Nelson, Inc. 1995, 292
Bakeng sa Puisano ea Sehlopha
► Ka mantsoe a hau, hlalosa tse ling tsa litsela tseo ka tsona lenyalo le bonahatsang likamano Borarong bo Teroneng.
► Bolela ka moo Molimo o folisitseng lenyalo le sentsoeng ke sebe.
► Hlalosa hore na kutlo ho Molimo e folisa le ho busetsa joang se sentsoeng ke sebe.
Thapelo
Nka motsotso ho rapela le ho leboha Molimo ka lelapa la hau. Rapella lelapa la hau. Rapella tse bohloko le ho hlolela, mekete le menyaka. Etsa mantsoe a hlahang ho Deuteronoma 6:4-9 a hau, ka ho a etsa thapelo ea boinehelo le ho ithapalatsa.
Mesebetsi ea Baithuti ea Thuto ea 2
(1) Tseba Deuteronoma 6:4-9 ka hlooho. Qalong ea kopano ea sehlopha se hlahlamang, ngola kapa u phete serapa sena ka hlooho.
(2) Ka ho Deuteronoma 6:1-9, Molimo o lebeletse lintho tse ‘ne hotsoa ho rōna. Ka thapelo le ka ‘nete eohle itekole likarolong tsena tse ‘ne.
Re lebeletsoe:
Ho rata Morena ka pelo eohle ea rōna, moea le matla (temana 5).
Ho boloka Lentsoe la Molimo lipelong tsa rōna (temana 6).
Ho ruta bana ba rōna ho se phetse ho latela lentsoe la Molimo (temana 7).
Ho boloka lentsoe la Molimo likelellong tsa rōna le ka pela rōna ka linako tsohle (temana 8-9).
Ngola serapa sa thapelo ea maikutlo ka e ‘ngoe le e ‘ngoe ea tsena. (Ha u oa lebelloa ho arolelana seo o se ngotseng le moetapele oa sehlopha empa u lokela ho tlaleha hore u entse mosebetsi.)
(3) Ka bophelo ba Abrahama le Sara re ithuta ka keketseho ea nako ea ho ema. Nahana ka lipotso tsena:
Ke neng u kileng oa lokela ho emela nako ea Molimo? U ile oa ithuta eng nakong tsee tsa ho ema?
Ke ha kae u tšepa litšepiso tsa lentsoe la Molimo? Na u ntse u sokolisoa ke tšepiso hona joale? Na ho sokola hoo ho ama lelapa la hau? Joang?
Na u kile oa leka ho etsa ntho e ‘ngoe bakeng sa hau kapa lelapa la hau ka ntle le ho tšepa Molimo? Litlamorao e bile life?
Ho hloka mamelo le tumelo ho ama malapa hampe joang?
Ngola kakaretso ea lirapa tse tharo ho arabela sehlooho sena. (ha u oa lebelloa ho arolelana sengoloa sena le moetapele oa sehlopha empa u lokela u etse tlaleho ea hore u entse mosebetsi.)
SGC exists to equip rising Christian leaders around the world by providing free, high-quality theological resources. We gladly grant permission for you to print and distribute our courses under these simple guidelines:
No Changes – Course content must not be altered in any way.
No Profit Sales – Printed copies may not be sold for profit.
Free Use for Ministry – Churches, schools, and other training ministries may freely print and distribute copies—even if they charge tuition.
No Unauthorized Translations – Please contact us before translating any course into another language.
All materials remain the copyrighted property of Shepherds Global Classroom. We simply ask that you honor the integrity of the content and mission.