Susanna Wesley o ile a tsoala bana ba 19, empa ka lebaka la maemo a mehla eo, ba robong ha baa ka ba phela nako e telele. Bana ba 10 bao a ba hōlisitseng ba ne ba kenyelletsa John le Charles Wesley. Mora oa hae John, ha a se a le moholo, o ile a mo kōpa hore a ngole tlhaloso ea mekhoa ea hae ea ho hōlisa bana, eaba o mo romella lengolo le nang le tlhaloso ena.[1]
Bana ba ne ba rutoa thapelo ea Morena hang feela ha ba se ba tseba ho buoa, ‘me ba e pheta hoseng ho hong le ho hong mantsiboea. Bana ba ne ba bala khaolo ea lengolo ‘moho letsatsi le letsatsi. Mehleng eo basali ba bangata ba ne ba sa ruteha, empa Susanna o ile a tsitlella hore bana bohle ba rutoe ho bala. O ne a beha kapele tsebo ea ho bala le ho ngola ho feta ho ithuta ho sebetsa.
Susanna o ile a re borabele ke motso oa sebe le mahlomola ’ohle. O ile a ruta bana ba hae ho laola maikutlo a bona le ho ikokobelletsa bolaoli. O ile a re ketso e ’ngoe le e ’ngoe ea kutlo e lokela ho thoholetsoa le haeba e sa etsoa ka mokhoa o phethahetseng. Liphoso li ka mamelloa, empa ho se mamele ho hong le ho hong ka boikemisetso ho lokela ho fuoa kotlo.
Lelapa le ne le lula le ja lijo hammoho, ’me bana ba ne ba ithuta ho ja se jeoang ntle le ho tletleba.
Bibele e re bolella hore, “Booatla bo tlameletsoe pelong ea ngoana...” (Diproverbia 22:15). Mopesaleme o re bana ba tsoaloa ba bua mashano, “...ba kheloha hang ha ba tsoaloa, ‘me ba bua leshano” (Dipesaleme 58:3). Hobane sena ke 'nete batsoali ba na le boikarabelo ba ho lokisa bana ba bona.
Ak'u nahane u fa ngoana ea lilemo li 3 khetho ea ho ja pompong e le 'ngoe hona joale kapa ho fuoa sekotlolo sa lipompong ka beke ho tloha joale. Esita le haeba motsoali a ne a ka hlalosetsa ngoana khetho, bana ba bangata ba ne ba tla khetha ho ja pompong e le ’ngoe hang-hang. Papiso ena e re bontša hore tlhaloso ha ea lekana ho lokisa boitšoaro bo bobe ba ngoana.
Tlhaloso ea se nepahetseng le se fosahetseng ha ea lekana ho lokisa ngoana, hobane
1. Ngoana a ke ke a utloisisa mabaka a kholo (1 Bakorinthe 13:11).
2. Ngoana ha a bone litlamorao tse feletseng le tsa nako e telele tsa Diketso tsa hae.
3. Ngoana ha e-so hole ho lekana hore a ka laola maikutlo le litakatso tsa hae ka ho bea mabaka.
Mohlomong ho ka bonahala e le bokhopo ho utloisa ngoana bohloko ‘meleng, empa motsoali ea lerato o e etsa joalo ho thibela kotsi empe le ho feta: “Ea qekisang thupa o hloile mora oa hae; empa ea mo ratang o mo otla ka nako” (Diproverbia 13:24). Mohlala, ngoana e monyenyane ea bapalang haufi le mollo a ka ’na a oela ho oona ’me a tsoa kotsi e khōlō hobane ha a utloisise kotsi eo. Empa haeba ’mè oa hae a mo otla ha a atamela haufi le mollo, bohloko bo bonyenyane bo thibela bo boholo.
Batho ba bang ba fetile ka hara tlhekefetso ea ‘mele ho tsoa ho batho ba neng ba sa ba rate. Boitsebelo boo ba bona bo etsa hore ba hloee le mohopolo feela oa mang kapa mang ea otlang ngoana ‘meleng. Leha ho le joalo, motsoali ea sa natseng khalemo e nepahetseng o bakela ngoana oa hae mathata a mangata hamorao.
► Baithuti ba lokela ho bala Diproverbia 19:18 le Diproverbia 29:17 bakeng sa sehlopha.
Khalemelo e lokela ho qala ha ngoana a se a hōlile ka ho lekaneng hore a utloisise hore o hanyetsa batsoali ba hae. Esita le ngoana e monyenyane haholo oa tseba ha a hana ho sebelisana le eena.
Tokiso e ngata e tlameha ho phethoa ha ngoana a sa le monyenyane a bile a le bonolo (Diproverbia 22:15). Joalo ka ha letsopa le thatafala ha nako e ntse e tsamaea ‘me le ba thata haholoanyane ho boptjoa hore le be sebōpeho ng se hlokoang, le semelo sa ngoana se ba thata haholo ho bopeha ha nako e ntse e feta. Haeba ngoana a phehella ho se mamele batsoali ba hae ka mor'a lilemo tse 10, batsoali ha ba atlehe khalemong ea bona, ‘me menyetla ea bona ea ho fihlella katleho qetellong e ntse e fokotseha haholo. Khalemo ea ‘meleng e theoha butle-butle ha ngoana a ntse a hola. Ke phoso hore motsoali a nahane hore khalemelo e tla ba bonolo ha ngoana a se a hōlile; ho tla ba thata haholoanyane ’me qetellong ho se khonehe.
Ha ngoana e e-ba motho e moholoanyane, a ke ke a hlola a lokisoa ’meleng joaloka ha e sa le ngoana. Mohlankana kapa moroetsana o hloka tlhompho le haeba boitšoaro ba bona bo e-so hōle. Motsoali a ka sebelisa mefuta e meng ea khalemo joalo ka ho fokotsa nako ea boithabiso ea ngoana kapa nako ho sheba thelefono kapa liketsahalo tse ling tsa bophelo, empa puisano e nang le lerato e hlokolosi e tla ba eona e bohlokoa ka ho fetisisa. Motsoali o lokela ho ela hloko hore motho e mocha o etsa liqeto tsa sebele, ‘me laha e le motsoali a e-na le tšusumetso, a ke ke a thibela motho e mocha ho phethahatsa boikhethelo ba hae le ho bona litlam orao tsa liqeto tse joalo.
Batsoali ba bang ha bana bo’nete ba hore na ba lokela ho tiisa hakae ha ba fana ka kotlo ea ‘mele ho ngoana. Haeba ngoana a ntse a bonahala a le bohale hape a le borabele kamor’a khalemo, khalemo e ne e se na matla a lekaneng (molao-motheo ona ha o sebetse tabeng ea ngoana ea seng a holile haholo hore a ka khalemeloa ka katleho ka kotlo ea ‘mele). Khalemo e tlameha ho ba matla ho lekana hore ngoana a ikoahlahele ho se utloe ha hae ebe o khetha ho ikokobeletsa botsamaisi. Khalemo ha e-ea lokela ho ntša kotsi. Khalemo e bakang matetetso kapa metoa letlalong e lulang ho feta metsotso e se mekae ekaba e matla haholo.
Bibele e sebelisa papiso ea kotlo ea nama ho hlalosa tsela eo Molimo a sebetsanang le bana ba hae ka eona.
► Baithuti ba lokela ho bala Diproverbia 3:11-12 le BaHebheru 12:5-8 bakeng sa sehlopha.
Lirapa tsena tsa lengolo lena li re bolella hore Molimo o khalemela bana ba hae hobane a ba rata. Ka ho tšoanang, ntate o khalemela mora oa hae hobane oa mo rata. Taeo e nepahetseng ke pontšo ea lerato. Ho hloka taeo ke ho hloka lerato.
Khalemo ea ho utloa ka letlalo e ruta ngoana boitšoaro hobane o ithuta ho hanela ho lekoa, ka ho tseba hore otla fuoa kotlo haeba a ka etsa phoso. Ha a ntse a hana ho lekoa hore a etse hampe, o hlaolela semelo se matla. Ha a se a holile, o tla hanela moleko hobane a utloisisa litlamorao eseng ka lebaka la kotlo ea ‘mele. Leha ho le joalo, ngoana ea sa khalengoeng joalo-joalo o fetoha motho e moholo ea fokolang haholo hore a ka hanela moleko leha a tseba hore taba eo empe ho eena.
Nahana motsoali ea fang ngoana oa hae pong-pong feela bakeng sa lijo tse matlafatsang hobane ngoana a e batla. Ha a batle ho koatisa ngoana, empa o baka kotsi ngoaneng. Ka ho tšoana, motsoali eo kamehla a inehelang boitšoarong ba ngoana o baka kotsi semelong le maemong a bo-kamoso ba ngoana. Bibele ebile e re motsoali ea joalo o hloile ngoana oa hae haeba a sa mo laee (Diproverbia 13:24).
Ngoana ea phelang ka hara ntlo e se nang meeli ha thabe. Meeli e tlisa tšireletso. Haeba ngoana a utloa hore o fumana seo a se batlang ka ho ngangisana le ho qabana, o tla se etsa ka linako tsohle, empa a ke ke a thaba. Bana ba thaba ha ba sireletsehile hape ba tataisetsoe ka hara meeli, eseng hore ba ikutloe ba lokela ho loana le ho hana puso hore batle ba fumane letho. Ngoana ea sa lauoang ke ka seoelo a thabileng.
Ha ngoana eo e se ele motho e moholo, lefatše le ke ke la mofa ntho e ‘ngoe le ‘ngoe eo a e batlang. A ke ke a hlomphuoa leha ele ho phahamisoa mosebetsing haeba a se na mekhoa, a ikhohomosa, le ho hloka boikarabello. Motsoali o lokela ho holisa ngoana oa hae ka tsela e mo lokisetsang bophelo. Batsoali ba tlameha ho hopola hore ha ba holise bana; empa ba holisa batho baholo.
Motsoali o lokela ho hlalosa le ho bontša hore khalemelo ea hae ho ngoana oa hae ke ka morero oa ho thusa ngoana hore e be motho ea nang le botho bo botle ea ka tšeptjoang le ea hlomphuoang.
► Baithuti ba lokela ho bala Diproverbia 22:15, Diproverbia 23:13-14, le Diproverbia 29:15 bakeng sa sehlopha.
Hopola hore sepheo sa khalemelo ke ho hōlisa ngoana. Ha ngoana a utloisisa phoso eo a e entseng ’me a se a ntse a soabile, ho ka ’na ha se ke ha hlokahala hore a fuoe kotlo ea ’meleng. Sepheo ke khalemelo, eseng toka; ha ho hlokahale hore motsoali a etse bo’nete ba hore ngoana o fumana kotlo e mo tšoanelang.
► khalemo ea motsoali e fapane joang le Diketso tsa motho ea etsang ka likhoka le ho tšosa ka hore o tla ntša kotsi ho etsa hore batho ba etse seo a se batlang?
Motho ea mabifi o ikemiselitse ho ntša batho ba bang kotsi hore a fumane seo a se batlang. Motsoali o rata ngoana oa hae. Khalemelo ea 'mele e molemong oa ngoana. Motsoali ea lerato ha a batle ho ntša ngoana kotsi. Motho a ke ke a utloa eka motho ea likhoka kapa ho mohatelli oa mo rata, empa ngoana a ka tseba hore oa ratoa leha a khalengoa. A ka hlokomela hore bophelo ba hae bo ntlafetse ka baka la bolaoli ba ba batsoali ba hae.
Batsoali ba bang ba otla habohloko le ka mokhoa o sa tsitsang ka lebaka la khalefo kapa bokhopo. Ba lematsa ngoana oa bona ’meleng le maikutlong. Ba otla bana ba bona e le mokhoa oa ho imolla khatello ea maikutlo le ho ferekana bophelong. Bona ke bothata bo tebileng bo sa lokelang ho mamelloa ke ba bang ba bo bonang. Metsoalle, bahaisane le beng ka bona ba lokela ho tobana le motho ea hlekefetsang ngoana. Molekane oa motsoali ea hlekefetsang o lokela ho batla thuso ho beng ka eena, metsoalle kapa moruti. Ho bohlokoa ho sireletsa ngoana.
► Batsoali ba bang ba hobosa bana ba bona phatlalatsa nakong eo ba etsang phoso. Na hoo ke mokhoa o motle oa khalemo?
► Moithuti o lokela ho bala Baefese 6:4 bakeng sa sehlopha.
Ngoana o hloka ho etsa bo’nete hore batsoali ba hae ba mo rata le hore khalemelo ea bona e molemong oa hae. Ha ngoana a hobosoa ke batsoali ba hae, ha a utloe a ratoa. A kanna a ba bohloko ‘me a utloa eka bolaoli ba batsoali ba hae ke ntho e mpe eo a lokelang ho e phonyoha. Batsoali ba lokela ho khalemela bana ba bona lekunutung ‘me ba qobe ho ba hlabisa lihlong ka pela ba batho ba bang. Batsoali ba lokela ho supisa le ho khalema bana ba bona ka bonolo le mamello.[1] Diproverbia 16:21b e re bolella seo "... molomo o monate o eketsa thuto.”
► Ak'u nahane hore u ile ua bolella ngoana oa hau hore a hlokomele liphoofolo tsa hau. Ha u fihla hae mantsiboea u bona hore liphoofolo ha lia feptjoa. U khathetse ke ho sebetsa letsatsi lohle, empa u tlameha ho fepa liphoofolo pele u phomola hobane ngoana oa hau ha aa ka a mamela. Na u lokela ho halefa? Na ke phoso hore motsoali a halefele ngoana oa hae?
Motsoali o lokela ho hopola hore khalemelo e lokela ho tsoela ngoana molemo. Ha motsoali a halefile hobane a ikutloa a sa hlomphuoe kapa hobane ho se mamele ha ngoana ho mo bakela tšitiso, o ba le khalefo e ke keng ea etsa letho le molemo (Jakobo 1:20). Bohale ba hae ke ba boikhohomoso.
Motsoali a ka bonahatsa khalefo e nepahetseng ka tsela ena: “Mora, ha u oa fepa liphoofolo joalo ka ha ke o boleletse hore o etse. Liphoofolo ne li lapile, ‘me li ka be li lapile bosiu bohle hoja ka se ke ka li fepa. Ke ile ka lokela ho li fepa lehoja ke ne ke khathetse ke ho sebetsa letsatsi lohle. Ke halefile hobane ha ke batle hore o be motho oa mofuta o sa natseng litlhoko tsa ba bang ka ho lahla boikarabello ba hau. Diproverbia 12:10 e ruta hore, “Ea lokileng o hlokomela bophelo ba phoofolo ea hae, empa mehauhelo ea e mobe e sehlōhō.”
Masechaba o ile a bolella bana ba hae hore ba se nke jelle lijo kapa ho noela senomapholi ka phaposing e aliloeng moseme o mocha faatše. Letsatsi le hlahlamang a bona e mong oa bana a jela kamoo, eaba o oa mo kharumela. Hamorao e mong oa bana o ile tsamaea holima moseme a nkile khalase ea lero ‘me le eena a mo kharumela. Matsatsi a seng makae a latelang bana ka nako e ‘ngoe ba ile ba isa linomapholi ka phaposing eo, empa Masechaba o ne a phathahane ‘me a seke a ba khalema. Eaba ka tsatsi le leng mora oa hae a qhala K’hoka-K’hola’ holim’a ‘mete. Masechaba a khena ‘me a moshapa.
► Ke eng e fosahetseng ka tsela eo Masechaba a khalemang bana ba hae?
Molao oa Masechaba e ne e le hore bana ba seke ba nka lijo kapa ba noella ka phaposing e nang le mmete o mocha fatše, empa joale a mamella ho tlola molao ha bona hofihlella ho e-na le kotsi. U ile a otla kotsi ho feta tlolo ea molao. Hona ho ruta bana hore ba ka tlola meloa ha feela ba ka qoba litlamorao tse mpe. Mohopolo ona o haha semelo se sebe hobane ke motheo oa tlolo eohle ea molao. Motho o tlola molao hobane a nahana hore o tla fumana sephtho seo a se batlang le ho qoba sephetho se sebe. Batsoali ba lokela ho khalema ho se utloe ho e-na le ho otlela bana ho tsoa kotsi.
Thabo o boleletse bara ba hae hore kamehla ba behe libaesekele tsa bona ha shoalane e tšoara. Letsatsi ka leng ka beke, ha Thabo a fihla lapeng, libaesekele ntse li le kantle. Eaba ka tsatsi le leng ha a ntse a le mosebetsing Thabo o lahleheloa ke e ‘ngoe ea lisebelisuoa tsa hae, ka phoso a utloisa monoana oa hae bohloko, ‘me a lebili la koloi ea hae la tsoa moea nakong eo a lebang hae. Ha a fihla hae a boela a fumana libaesekele li ntse li le kantle, ‘me eaba o fa bara bah ae kotlo.
► Ke eng ho phoso ka tsela eo Thabo a khalemang ka eona?
Batsoali ba bangata ba mamella ho hloka kutlo ha ba thabile ‘me ba khalema ho hloka kutlo ha ba halefisitsoe ke maemo a bophelo. Bana ha ba ithute ho mamela hofihlella batsoali ba ba khalema ka phehello.
► Talima lintlha tse latelang ‘e o hlalose hore na hobaneng ntlha ka ‘ngoe e le bohlokoa. Ho etsahala eng haeba motsoali a sa latele li tataiso tsee?
Litebello li lokela ho amoheleha ho bokhoni le kholo ea ngoana.
Fana ka kotlo feela ho ho se utloe ha ka boomo, e seng liphosong.
Melao le litebello li lokela hore li hlake le ho utloisiseha.
Ha ngoana a sa mamele, motsoali o lokela a hlalose seo ngoana a neng a lokela hore ebe o se entse.
Se ke oa fa ngoana kotlo bakeng sa ho hong ho neng ho se taolong ea hae.
[1]Ka hara 2 Timothea 2:24-25 le Bagalata 6:1 ho ne ho ngoliloe litaelo bakeng sa ho sebetsana le sebe ka hara kereke, taelo ea ho bonahatsa mamello le bonolo ha re ntse re khalema ba fositseng e sebetsa hape tabang ea botsoali.
Keletso e Fanoang ke Bana
Lilemong tse ngata tse fetileng, ramahlale oa borithani, Dr. R.F. Hertz, o ile a thakhola mosebetsi oa boithuto bo itseng. O ile a botsa bana ba 100,000 ba ‘pakeng tsa lilemo tse 8 le 14 ho tsoa linaheng tse 24 ho etsa lethathamo la melao le boitšoaro bakeng sa batsoali. Boithuto bona ha bo na bolaoli ba Lentsoe la Molimo, empa e re bontša tse ling tsa litlhoko tseo bana ba li batlang. Mona ke tse ling tsa likarabo tse tloaelehileng haholo:
Seke la etsa khang ka pela bana ba lona.
Seke oa bua leshano ho ngoana.
Ka nako tsohle araba lipotso tsa bana.
Tšoara bana bohle ba hau ka lerato le tšoanang.
Ho lokela hoba le [setsoalle] ‘pakeng tsa batsoali le bana.
Tšoara metsoalle ea bana bahau joalo ka baeti ba amohelehileng.
Seke oa sola le fa bana bahau kotlo botenng ba metsoalle ea bona.
Beha maikutlo a hau holima litlha tse ntle tsa ngoan’a hau ‘me o seke oa qanolla ho hloleha ha hae.
Eba le lerato le sebōpeho se sa khaotseng.
Ha motsoali e mong a lutse a hobosa e mong botenng ba bana, bana ba kanna ba utloisisa hore le bona ba lokela ho hanana le ho bona liphoso tsa motsoali enoa ea sa hlomphuoengthe.[1] Batsoali ba lokela ho buisana ka liphapang tsa bona lekunutung ‘me ba leke ho haha melaoana ea litumellano tseo ho tla tsamauoa ka tsona ke bohle ka kutloano.
Batsoali ba se ke ba bua leshano ngoaneng (BaKolose 3:9), leha e le ho mofa mabaka ao ka oona atlaba le tšebelisano ‘moho kapa ho tlosa matšoanyeho a hae. Ha ngoana a hlokmela hore batsoali ba hae ba mojoetsa leshano, ha a sa utloa a sireletsehile. Batsoali ba bang ba sitoa ho tšelisa kapa ho tataisa bana ba bona ha ba tšohile hobane bana ba sa lumele seo batsoali ba se buoang.
► Khetha e ’ngoe ea lintlha mokhahlelong o ka holimo ‘me o hlalose mathata a hlahang haeba motsoali a sa latele tataiso eo.
[1]Litaelo le melaoana ka ho Baefese 4:29-32, Baefese 5:33; 1 Petrose 3:7-12 kaofela li’a sebetsa mona.
Ntlo Ea Mokreste
► Ha motho eo u sa mo tsebeng a fihla ha hau, na o bona hang-hang hore ke ntlo eo Bakreste ba lulang ho eona? Joang?
► Moithuti o lokela ho bala Deuteronoma 6:6-9 bakeng sa sehlopha.
Ba-Iseraele ba ne ba lokela ho ela hloko ho bōpa bokamoso ka ho bōpa sebōpeho sa bana. Ba ne ba lokela ho e etsa joang? Ba ne ba lokela ho ba le tikoloho e sirelelitsoeng bakeng sa ho koetlisa bana ba bona ka melao-motheo ea Bibele. Ba ne ba lokela ho bontša mangolo hohle (“O li ngole lifateng tsa menyako ea ntlo ea hau le mamating a eona.”) Hase feela hore lengolo le ne le lokela ho manehoa lapeng, empa habohlokoa ka ho fetisisa, ntho e 'ngoe le e' ngoe lapeng e ne e lokela ho lumellana le mangolo.
Malapa ana a ka be a sa ka a ba le Melao e Leshome leboteng le le leng le setšoantšo sa moetsalibe, sebapali sa lefatše sa boithabiso leboteng le leng. Seo se ne se tla ferekanya haholo kutloisisong ea ngoana ea mekhoa.
Bana ba susumetsoa ba sa hlokomele ke lintho tseo ba li bonang le tseo ba li utloang letsatsi le leng le le leng. Haeba seea-le-moea se lula se lla ka tlung ea bo bona, ba amohela tse ling tsa lithuto tse thehileng 'mino oo.
Ha ho bobebe hore batsoali ba sireletse bana ba bona thutong e ’ngoe le e ’ngoe e mpe kapa tšusumetsong ea lefatše, empa batsoali ba Bakreste ba tlameha ho ruta bana ba bona ho hlahloba ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e utloang le eo ba e bonang ka leihlo la Lentsoe la Molimo. Jesu o ile a rapela, “Ha ke o rapele hore o ba tlose lefatšeng, empa e le hore o ba sireletse ho ea khopo …Ba halaletse ka ‘nete ea hau; lentsoe la hau ke ‘nete” (Johanne 17:15, 17).
Bana hlokomela eo batsoali ba bona ba mo ratang joaloka mohale. Ba tseba eo batsoali ba mo hlomphang. Ha ho etsahale hore motsoali a rute bana ba hae ’nete ea Bokreste ha eena ka boeena a rata batho ba lefatše le ba boitšoaro bo bobe. Motsoali ea etsang hona o bolella ngoana oa hae hore o ne a tla thaba haholoanyane ha ngoana oa hae e ba motho ea atlehileng boithabisong ho feta ho ba Mokreste ea tšepahalang.
Batsoali ba bang ba nahana hore ho lokile ho lumella ngoana oa bona hore a pepesehetse linthong tsa boetsalibe haeba ba hlalosetsa ngoana oa bona hore na ke hobaneng ha lintho tseo li fosahetse. Leha ho le joalo, nahana ka sena: haeba u ne u leka ho etsa hore ngoana oa hau a je lijo tse nepahetseng, u ne u ke ke ua beha qubu ea lipompong le kuku ka pela hae, joale ebe u leka ho hlalosa hore na ke hobaneng ha a lokela ho ja meroho. Litlhalosetso tsohle tsa lihaha ‘mele le lithibela mafu li ne li ke ke tsa hlola takatso tsa hae tse hlohlelletsoang ke pono ea pong-pong.
Batsoali ba bang ba lumella seea le moea pono ho lula se bapala nako eohle ba sa khathatsehe ka hore na bana ba bona ba shebeletse’ng. Bakreste ba tlameha ho hopola hore batho ba ruta hore sebe se nepahetse ha feela sephetho sa sona se laoleha. Seea-le-moea pono se bontša batho ba phelang ka sebe ntle le litlamorao tsa sona, empa taba eo ha se ketsahalo ea ‘nete ka seo bophelo bo leng sona. Seea-le-moea pono se etsa hore ngoana a nahane hore batsoali ba hae ba mo thibela ho utloa monate oa seo bophelo bo leng sona, ‘me o emela nako eo ka eona atla etsa seo a se batlang.
Bakreste ba bangata ba lula malapeng le beng ka bona bao e seng Bakreste. Maemong ao, lehae hase tikoloho e sirelelitsoeng litšusumetsong tse fosahetseng. Ho bohlokoa hore motsoali oa Mokreste a behe mohlala oa lerato, botšepehi, bohloeki le thabo, ha a ntse a rapela hore Moea o Halalelang o thuse ngoana ho khetha tsela e nepahetseng bophelong.
Malapa A Sa Phethahalang
Kaha malapa ha aa phethahala, hangata likamano li na le nalane ea liphoso tse fetileng le likhohlano tse sa rarolloang.
Le batsoali ba Bakreste ha b’a phethahala. Hase kamehla batsoali ba lumellanang ha ba etsa le ho phethahatsa melao. Hase kamehla ba utloisisang boemo ba bona ba bocha – lintho li fetohile molokong o mocha. Hase kamehla ba nang le kutloelo-bohloko e lekaneng bakeng sa litaba tsa sebele tsa ngoana oa bona. Hase kamehla ba nang le boikutlo bo botle ka ho fetisisa 'me ba ka bua mantsoe a utloisang bohloko.
Molimo o bopile batho ba pele ‘me a rala lelapa. A etsa monna, ‘me a mo etsetsa mosali, ‘me a ba fa bana hore ba ba holise. Molimo o tseba tsohle. Molimo o ne a tseba hore batsoali ba tla etsa liphoso, empa a rala botsoali ho ntse ho le joalo. O ile a bona hore e ntse e le eona tsela e nepahetseng, e nang le mefokolo eohle eo batho ba nang le eona. Seo se bolela hore e tlameha ebe ho na le tsela ea hore lelapa le atlehe. Ho na le melemo e mengata ea tsamaiso ea lelapa le ha e sa phethahala.
Taba ea hore Molimo o hlolile botsoali e bohlokoa bakeng sa bana. Hona ho bolela hore ha bana ba etsa borabele ba ema khahlanong le moralo oo Molimo oo thehileng. Molimo o itse, "Lona bana, mamelang batsoali ba lona Moreneng” (Baefese 6:1). Batsoali ba fetohela morero oa Molimo ha ba ba sa natse ho phethahatsa boikarabelo boo Molimo a ba fileng bona. Ho hana morero oa Molimo ke ho fetohela Molimo.
Boikarabello ba ho Holisa Bana
Sebakeng sena sa botsoali, ho na le likarolo tse tharo tsa boikarabelo. Ngoana o na le sebaka sa boikarabelo. Motsoali o na le sebaka sa boikarabelo. Molimo o na le sebaka sa boikarabelo. Re se re shebile boikarabello ba batsoali’ ka botlalo lithutong tsena tse peli tse fetileng. Joale re tla sheba ho nka karolo ha Molimo bophelong ba bana le boikarabello ba bana.
Mosebetsi oa Molimo Bophelong ba Bana
1. Molimo o batla bana ho ba le kamano e tebileng le eena ka tumelo ho Jesu. (Bala Mattheu 18:1-6 le Mattheu 19:13-15.)
2. Molimo o tšepahala ho hulela bana ba rōna kamanong ena le eena. (Bala Johanne 6:44.)
3. Molimo o bua le bana ba rōna ka Lentsoe la hae. (Bala 2 Timothea 3:14-15.)
Bana Kamanong Le Molimo
1. Bana ba katšoareloa libe tsa bona (1 Johanne 2:12).
2. Bana ba ka tsebana le Molimo (1 Johanne 2:13).
3. Bana ba ka hōla kamanong le Molimo (1 Samuele 2:26).
4. Bana ba ka khumamela Molimo (Mattheu 21:15-16).
5. Bana le bacha ba ka sebelisoa ke Molimo (Joele 2:28).
Mangolong ho na le mehlala e sa tšoaneng ea bana le bacha ba sebelisoang ke Molimo ho phethahatsa merero ea hae: Samuele, lekhabunyane la mosali oa Naamane, moshanyana eo Jesu a sebelisitseng lijo tsa hae tsa mofao oa motšeare ho fepa matšoele, Daniele, Josefa, Davida, le Maria, ho bolela ba seng ba kae feela.
Boikarabello ba Ngoana
Boikarabello ba ngoana, ho ea ka Lentsoe la Molimo, ke ho mamela batsoali ba hae (Baefese 6:1-3). Ho thoe’ng haeba motsoali a fositse ka linako tse ling? Ngoana o tlameha ho phethahatsa boikarabelo ba hae ’me a se ke a etsa hore boikarabelo ba hae bo be boemong ba hore na motsoali o sebetsa joang. Ngoana ha a ikarabelle bakeng sa boitšoaro ba motsoali oa hae. Ngoana o na le boikarabelo ba ho mamela.
Haeba ngoana a ne a ka etsa qeto ea ho mamela feela ha a nahana hore motsoali o nepile, motsoali o ne a ke ke a ba le matla a ho laela. Seo e ke ke ea e-ba seo Molimo a neng a se rerile, hobane seo se ne se tla senya tsamaiso eohle ea botsoali.
Ngoana ha a ikarabelle mabapi le hore na motsoali o sebelisa matla a ho laela joang. Karolo ea hae ea boikarabelo ke ho mamela. Ho etsahala’ng haeba motsoali a bolella ngoana ho etsa ntho e fosahetseng, joalo ka ho mo tlisetsa joala ho tsoa ka sehatsetsing? Ngoana ha a na boikarabelo ba ho etsa qeto ea hore na motsoali o nepile kapa che. A ka ntša maikutlo a hae ka tlhompho, empa o tlameha ho mamela.[1]
Mathata ao bana ba nang le ’ona le batsoali ba bona hangata hase hobane ba ipotsa hore na taelo e lumellana le melao-motheo ea Bokreste. Hangata ngoana oa lerabele o hanyetsa batsoali ba hae litabeng tse tloaelehileng, tse kang ho hloekisa kamore ea hae, ho etsa mesebetsi ea lelapa, ho ba hae ka nako e itseng, le lithibelo boithabisong ba hae.
Ngoana oa lerabele o hanyetsa khopolo ea matla a botsoali ka ho bolela tokelo ea ho etsa qeto ea hore na litaelo tsa motsoali oa hae li fosahetse. Manganga a hae a tsoaloa ke takatso ea ho batla ho ipusa, boikemelo, le ho iketsetsa liqeto tsa botho. Ke lilemong life tseo motho a fumanang hoo? Ho hang.
Khopolo e joalo ea boipuso ke boikaketsi. U tla lula u e-na le boikarabelo bo tlisoang ke ho nahana ka batho ba bang. Ho tla lula ho e-na le mesebetsi eo u tsebang hore u lokela ho e etsa, le haeba 'm'e oa hau a le sieo ho u bolella. Motho ea pheellang ho phela kantle ho boitlamo ba mofuta ofe kapa ofe ho batho ba bang o siea mophula oa bohloko le tšenyeho, o utloisa mang kapa mang ea mo tšepang bohloko le ea itšetlehileng ka eena.
Ka linako tse ling bana ba khopisoa ke lintho tseo batsoali ba bona ba khathatsoang ke tsona, ba ikutloa eka batsoali ba lokela ho ba tšepa haholoanyane. Haeba ngoana a ka leka ho utloisisa le ho hlompha lintho tseo batsoali ba khathatsoang ke tsona, motsoali a ka ’na a tšepa ngoana haholoanyane ’me a ikemisetsa ho fokotsa moeli. Ha ngoana a hanana le khathatseho ea batsoali eba batsoali ba ikutloa ba hloka ho tiisa meeli ha holoanyane.
[1]Haeba ngoana e le lehlatsipa la tlhekefetso ea 'mele kapa tlhekefetso ea thobalano e etsoang ke motsoali kapa mang kapa mang e mong, motho e mong o lokela ho kenella ho sireletsa ngoana. Hangata ngoana ha a tsebe hore na a ka fumana thuso joang boemong boo.
Kamohelo ea Liphoso
Batho ba bangata ba tšaba ho lumela phoso kamanong hobane ba tšaba hore ho amoheloa ho tla ba fokolisa likhohlanong tse tlang. Ha e le hantle, boemo ba ho tšepahala le ho itokisetsa ho etsa se nepahetseng ke boemo bo matla ka ho fetisisa boo u ka bang ho bona. Tsela e le ‘ngoe feela ea ho fihla boemong boo le ho lula ho bona ke ha o amohela liphoso tseo o li entseng, qala ho etsa ntho tse nepehetseng, ‘me o ikemisetse ho khalengoa nako eohle ha u le phoso.
Ka linako tse ling motho ea boholong o batla hore ba ka tlaase ho eena ba lumele liphoso tsa bona empa ha aa ikemisetsa ho lumela liphoso tsa hae hobane o nahana hore hoo ho tla fokotsa matla a hae. Hoo ke phoso. Haeba motho ea bolaoling a ke ke a amohela liphoso tsa hae, ba ka tlasa hae ba ke ke ba mo tšepa. Molaoa-motheo ona o sebetsa boemong bofe le bofe ba bolaoli, ho kenyeletsa le ba batsoali.
Batsoali, haeba u qabana le ngoana oa hau, mohlomong u entse liphoso tse lokelang ho ananeloa. Ngoana a ka ’na a lokafatsa phoso ea hae ka liphoso tsa hau. Kopa tšoarelo ka mantsoe a hau a hlabang, likarabo tse potlakileng, le ho se utloisise boemo. Mohlomong ha hona khatelopele e lebisang phelisong ea qabang ho fihlela o etsa sena, hobane, “…Molimo o hanela baikhohomosi, empa o hauhela ba ikokobetsang” (Jakobo 4:6).
Ebang u motsoali kapa ngoana, u lokela ho amohela liphoso tsa hao. Pako, ho kōpa tšoarelo, le ho ikokobelletsa bolaoli boo Molimo a bo filoeng hangata li tla fumana tšebelisano-’moho e molemonyana ho ba bang, empa ha se lona lebaka le etsang hore u e etse. U lokela ho e etsa ho khahlisa Molimo.
Ha u lumela liphoso tseo u li entseng, ha ho hlokahale hore u leke ho etsa bo’nete ba hore motho e mong o qosoa ka liphoso tsa hae. U se ke ua sebelisa liphoso tsa motho e mong ho lokafatsa Diketso tsa hau tse fosahetseng.
Kamano e ka ntlafala hang-hang, kapa ho ka nka nako. Ka linako tse ling batho ba tlameha ho bona hore phetoho ke ea sebele pele le bona ba fetoha. Empa lebaka la hore u etse se nepahetseng hase hore feela etse hore motho e mong a fetohe. U lokela ho etsa seo Molimo o hlokang hore o se etse. Mohlomong motho e mong a ke ke a fetoha, empa u tla ba le letsoalo le hlakileng le tlhohonolofatso ea Molimo hobane u phethahatsa boikarabelo ba hau. Tšepa Molimo ho phethahatsa boikarabelo ba hae.
Bohlokoa ba ha Karolo E ‘ngoe le E ‘ngoe ea Bophelo e Nehelanoa ho Bolaoli ba Molimo
Nahana ka naha e nyenyane ea sehlekehleke e bitsoang ‘Malifatjana. Naha e haufi ea sehlekehleke e bitsoang Moholeng e batla ho hapa ‘Malifatjana. 'Musi oa Maholeng a tšepisa' muso oa ‘Malifatjana hore linaha tsena tse peli li ka ba le khotso haeba Malifatjana a ka fa Maholeng lihekere tse 10 feela bohareng ba sehlekehleke sa bona. Na eo e ne e tla ba tharollo e molemo bakeng sa khotso? Haeba ‘Malifatjana a fa sera sebaka se bohareng ba sebaka sa bona, sera se ka hasana ho tloha sebakeng seo ho hapa tse ling.
Nahana ka bophelo ba hau e le sebaka se nang le libaka tse fapaneng. Sebaka se seng e ka ba mosebetsi kapa sekolo. Sebaka se seng ke boithabiso ba hau. Sebaka se seng ke kamano ea hau le litho tsa lelapa. Ho na le libaka tse ling tse ngata.
Sebaka sohle, se nang le likarolo tsohle tsa bophelo ba hau, se lokela ho ba tlas'a bolaoli ba Molimo. Ho etsahala’ng haeba sebaka se le seng, kamano le litho tsa lelapa, se se tlas’a bolaoli ba Molimo? U lumeletse Satane ho tla sebakeng seo. Ho tloha sebakeng seo o tla qala ho hlasela libaka tse ling tsa bophelo ba hau. Ka ho tšoanang, haeba motho a sa hloeka boithabisong ba hae, libaka tse ling tsa bophelo ba hae li tla hlaseloa ke Satane. Mokreste o tlameha ho beha sebaka se seng le se seng sa bophelo ba hae tlas’a bolaoli ba Molimo.
Lintlha tse Potlakileng Bakeng sa Batsoali
► Baithuti ba lokela ho bala Baefese 6:4, BaKolose 3:21, 1 Bakorinthe 13:11, le BaKolose 3:8 bakeng sa sehlopha.
Haeba ngoan’a hau a le mabifi, a bontša khalefo kapa ho ferekana, o nahana hore ha u mo utloisise. Mohlomong o nahana hore ha u tsotelle ho mamela le ho leka ho utloisisa.
Leka ho mamela le ho utloisisa. ha u qhelela ka thōko mathata a hae e le a sa reng letho kapa a se nang kelello, ha u utloisise seo a hlileng a tobaneng le sona. Haeba ho bonahala e le bothata bo boholo ho eena, joale ke phephetso tumelong ea hae le bothong ba hae. Haeba u sa utloisise hore na ke hobaneng ha a itšoara ka matla hakana, ha u utloisise bohlokoa bo phuthetsoeng boemong boo.
Le ka mohla u se ke ua tela ngoana oa hao, 'me u se ke ua bua lipolelo tse utloahalang eka u lahlile tšepo.
Seke oa nahana hore bana ba hau kaofela ba ea tšoana.
► Moithuti o lokela ho bala Baefese 4:30-32 bakeng sa sehlopha.
Ha mathata a hlaha, u se ke ua hlahloba nalane ea ho hlōleha. Ngoana o batla ho nahana ka liphoso tsa hae tsa nakong e fetileng e le tse sa amaneng le hona joale. O nahana hore o fetohile hona joale ‘me hoo ha ho oa loka hore o mo hopotse liphoso tsa hae tse fetileng. Leha ho le joalo, se ke oa lebella hore a be mosa hakalo-kalo ho uena.
Bakeng sa Puisano ea Sehlopha
► Likhopolo tse ling tsa thuto ee tse ncha ho uena ke life? Na u ka arolelana lintho tse ling tseo u rerileng ho li fetola tšebetsong ea hau?
► Bolela litsela tse ling tseo ka tsona malapa a likereke a ka sebetsang ‘moho ho ntlafatsa bophelo ka lapeng le ho thusa bana ba kerekeng.
Thapelo
Ntate oa Leholimo,
Re batla hore malapa a rōna e be libaka tsa lerato, tšireletseho le tlhohonolofatso. Re thuse ho hloeka le ho ba lerato ho tsohle tseo re li etsang moo.
Re thuse ho tsitsa lithutong tsa Bokreste le boitšoarong. Fa bana ba rōna taba-tabelo ea ho u latela.
Kea leboha ka ho tšepahala ho e mong le e mong oa bana ba rōna. Rea tseba hore Moea oa hau o sebetsa lipelong tsa bona Kea leboha ka ho tšepahala ho e mong le e mong oa bana ba rōna. Rea tseba hore Moea oa hau o sebetsa lipelong tsa bona.
Amen
Mesebetsi ea Baithuti ea Thuto ea 13
(1) Hlopha lethathamo la litaelo tse supileng tsa Bibele bakeng sa malapa. Ebe u thathamisa litšebetso tse ikhethileng bakeng sa maemo a ’nete a bophelo. Ngola serapa se hlalosang tšebetso ka 'ngoe (lirapa tse supileng).
(2) Khetha se le seng sa lihlooho tsena tse ka tlase. Bala buka ea Diproverbia ‘me o etse lethathamo la Diproverbia le buoang ka sehlooho sena. Ngola lirapa tse peli tse akaretsang seo Diproverbia e se buang ka sehlooho seo. Ebe u ngola lirapa tse tharo mabapi le kamoo motsoali a ka rutang ngoana oa hae kapa mocha melao-motheo. Lihlooho:
SGC exists to equip rising Christian leaders around the world by providing free, high-quality theological resources. We gladly grant permission for you to print and distribute our courses under these simple guidelines:
No Changes – Course content must not be altered in any way.
No Profit Sales – Printed copies may not be sold for profit.
Free Use for Ministry – Churches, schools, and other training ministries may freely print and distribute copies—even if they charge tuition.
No Unauthorized Translations – Please contact us before translating any course into another language.
All materials remain the copyrighted property of Shepherds Global Classroom. We simply ask that you honor the integrity of the content and mission.