Vivek le Anya ba ne ba phela naheng ea India. Ba ne ba satsoa nyalana nako ea lilengoana tse seng kae ba sena bana nakong eo hang-hang ba neng ba fuoa monyetla. E mong oa beng ka Anya’ o ne a belehile mafahla ’me a ikutloa a sa khone ho a hlokomela. Vivek le Anya ba ile ba amohela mpho ena ea bana ba babeli ba masea ka thabo e kholo empa ba ile ba shebana le mathata. Bana ba ne ba hlahile kapele haholo ’me boima ba bona bo ne bo le ka tlaase ho likilokhrama tse 1,5. Batsoali ba bacha ba ile ba tlameha ho fumana mokhoa oa ho fepa le ho hlokomela banana ba banyenyane. Ba ne ba qeta masiu a mangata ba robala ha nyenyane, empa banana bao ile ba phela ’me ba hōla ea e-ba bana ba babatsehang, ba phetseng hantle.
Ngoana
Kholo ea Lesea Nakong Bokhachane
► Moithuti o lokela ho bala Dipesaleme 139:13-18 bakeng sa sehlopha.
Serapa sena se re bolella hore Molimo o re tsebile ho tloha nakong eo re neng re emoloa popelong, le pele ‘mele ea rōna e boptjoa (temana ea 16). Molimo o u tsebile ‘me a ba le moralo bakeng sa hau pele o tsoaloa.
Hang ha peō ea monna e kopana le lehe la mosali ka hare ho eena, ngoana oa emoloa. Ka nako eo, bophelo bo bocha ba motho — motho e mocha — oba teng! Puisano eohle ea litho tsa ‘mele bakeng sa motho eo e-ea qala ka hara mothapo oo o le mong. Ka hara lihora tse 24 kamor’a kemolo, mothapo oo o arohana koto tse peli. O mong le o mong oa methapo eo o arohana hape koto tse peli. Palo ea methapo e tsoelapele ho ata ho mothapo o mong o ntse o arohana koto tse peli. Ka hara nako ea beke, lesea, joale e se e le methapo e mengata, e khomaretse ka hara popelo ea ‘m’a, moo e tsoelang pele ho hola le ho boptoa. Mothapo ka mong o tšetse “nomoro” bakeng sa ho etsetsa motho eo (Mokhoa oa Boitsebiso). Methapo e latela litaelo tsa nomoro ebe e ea khetholoha ho bopa setho ka seng sa ‘mele.
Ka beke ea boraro, lesapo la mokokotlo oa ngoana le boko li se li qalile ho ipopa. Ka beke ea bone ea bokhachane, mahlo a lesea a qalelella ho boptjoa, pelo e qalella ho sebetsa, ‘me matsoho a lesea a qalella ho sebetsa. Ka beke ea bo 12 ea bokhachane ‘mele oa lesea o se o e-na le setho se seng le se seng se hlokehang ‘meleng.
Bekeng ea bo 14 kamor’a kemolo, likhatiso tse ikhethang tsa menoana ea lesea li se li bopiloe ka botlalo. Bekeng ea bo 16-24 ea bokhachane, ‘m’e o utloa lesea la hae ha le ntse le bapala ka hare ho popelo ea hae. Libekeng tsa bo 26-28 matšoafo a lesea a se a bopiloe ho lekana hore le ka tseba ho hema, ‘me lesea le boima ba 1 kilokhrama. Hangata masea a hlaha libeke tse 38-40 ka mor'a kemolo. Ngoana e mong le e mong ke pōpo e babatsehang, e khethehileng e entsoeng ke Molimo oa rōna oa ’Mōpi.
► Moithuti o lokela ho bala Moekelesia 11:5 bakeng sa sehlopha.
Ka sebele ke mohlolo kamoo Molimo a etsang, a bōpang le ho hōlisa lesea ka pōpelong ea ’m’a lona. Batho ba ke ke ba utloisisa ka botlalo litšebetso kapa tsohle tse amehang. Leha ho le joalo, mafatseng oohle, lichabeng le litsong tsohle, tsoelo-pele ea batho e latela tatellano le mohlala o tšoanang. Moralo oa ’Mōpi o phethahetse!
► Moithuti o lokela ho bala Jobo 10:8-12 bakeng sa sehlopha.
Litemaneng tsena Jobo o sebelisa lipapiso tse buang ka kemolo le khōlo ea ngoana ka pōpelong ea ’m’ae. Jobo o re bolella hore ’Mōpi Molimo ke mofani oa bophelo.
Boleng ba ho Boptjoa ka Setšoantšo sa Molimo
Genese 1:26-27 le Genese 9:6 li re bolella hore re bopiloe ka setšoantšo sa Molimo. Bophelo bohle ba motho bo ea halalela. Ka baka la sena, ke sebe ho fenetha motho ofe kapa ofe (Genese 9:5, Eksoda 20:13).
Ka ho Ezekiele 16:20-21, 36, 38 Molimo o bua ka matla khahlanong le ba neng ba ka felisang bophelo ba ngoana. O lemosa Baiseraele ka mahlabelo a bana ho melimo ea litšoantšo ’me o bolela hore kahlolo ea bona e boima.
Ka ho Isaia 46:3-4, Molimo o buoa ka tsotello ea hae ho moloko oa batho mekhahlelong eohle ea popo ea batho nakong eo a reng:
Mamelang, lona ntlo ea Jakobo, le lona masala ‘ohle a ntlo ea Iseraele! Ke le pepile e sa le ho hlaheng ha lona, ka le jara esale ho tsoaloeng ha lona. E sa le ‘na enoa ho isa boqhekung ba lona, ‘me ke tla ‘ne ke le pepe ho isa botsofaling bo bosoeu; ke entse joalo, ‘me ke sa tla le pepa, ke le tiise, ke le boloke.
Ruri ke tšepiso e ntle hakaakang!
Batho bohle ba na le boleng, ho kenyeletsa le masea a esong ho tsoaloe, ba nang le bokooa, ba nang le litlhoko tse ikhethang, le ba holileng. Boleng ba motho’ ha boa itšetleha ka seo a ka se etsang kapa hore na a ka phela haeba a ne a le mong kapa che. Motho e mong le e mong o na le bohlokoa hobane batho bohle ba bōpiloe ka setšoantšo sa Molimo.
Bibele e re bolella hore lesea ka leng le bohlokoa mahlong a Molimo ho tloha nakong ea kemolo (Dipesaleme 139:13-18). Ka lebaka lena, rea tseba hore re batho ho tloha motsotsong oa kemolo. Ho felisa bokhachane ka boomo ka ho ntša mpa ke ho bolaea motho.
Ho na le bonyane litsela tse 'ne tseo balateli ba Kreste ba lokelang ho sebetsa ka tsona ho sireletsa bophelo ba bana ba e-s'o tsoaloe le ho sebeletsa bo-'mè.
1. Ba lokela ho susumetsa mebuso ea bona le tsamaiso ea makhotla a linaha tsa bo bona ho etsa melao le ho fetisa likahlolo tse sireletsang bana ba esong ho tsoaloe hore ba seke ba ba bolaoa.
2. Ba lokela ho fana ka thuso e tšoarehang ho basali ba bakhachane ba utloang eka ho ntša mpa ke eona feela khetho ea bona, e le hore ba ikutloe ba ka khona ho sireletsa bophelo ba bana ba bona’.
3. Ba lokela ho hlokomela masea a sa hlokoeng.
4. Ba lokela ho fana ka mohau le thuso ea semoea ho basali ba khathatsoang ke molato oa ntsa limpa nakong e fetileng.
Tlhokomelo ea Ngoana ea e-s'o tsoaloe
Ho bohlokoa ho lemoha hore lesea leo ‘m’e a le jereng ka popelong ea hae le na le qetello e sa feleng. Motho eo o tla ba teng ka ho sa feleng. Ka lebaka lena, batsoali ba lokela ho hlokomela bana ba bona mafapheng ohle a bophelo ba bona: nameng, kelellong, bophelong/maikutlong, le moeeng!
► Moithuti o lokela ho bala Mattheu 18:2, 10 bakeng sa sehlopha.
Boitšoaro ba monna bo ka ama bophelo ba ngoana oa hae ea e-s’o tsoaloe hape ebile bo ka mo thibela hore a tsebe hoba ntate li tloha feela. Joala, k'hok'heine, kapa ho tsuba ho ka senya peō ea monna le ho eketsa monyetla oa ho hloka thari (kemolo e ke ke ea khoneha) kapa ho senyeheloa ke mpa (lesea le shoang fela nakong ea bokhachane.)
Tšebeliso ea ’mè oa moimana ea lintho tse kotsi, tse kang lithethefatsi (tse laetsoeng kapa tse seng molaong), joala, kapa koae, li ka ’na tsa ntša lesea la hae kotsi ka ho sa feleng. Lintho tse joalo li sitisa khōlo ea lesea ’me li etsa hore lesea le hlahe le e-na le mathata ’meleng kapa kelellong.[1]
E 'ngoe ea linako tsa bohlokoa ka ho fetisisa nakong ea tsoelo-pele ea ngoana ea e-s'o tsoaloe ke ha litho le lisele li qala ho hōla, haholo-holo pakeng tsa libeke tsa 3-4 tsa bokhachane. Nakong ena, basali ba bangata ha ba e-s'o tsebe hore ba emotse ngoana!
► Moithuti o lokela ho bala 1 Bakorinthe 10:31 bakeng sa sehlopha.
Leha e le mona ‘m’e a ke ke a laola ho phela hantle ha lesea la hae le e-song ho tsoaloe, o lokela ho thusa ngoana ka hohle kamoo a ka tsebang, ka ho etsa bo’nete ba hore lesea le fumana phepo entle le ho qoba lintho tse kotsi. Molimo o re bana ba bohlokoa, ‘me re isa khanya ho Molimo ha re ba tšoara ka tsela eo.
Ke tlokotsi ha lesea le sa phele ho fihlela le hlaha. Hangata lefu la ngoana ea e-s’o tsoaloe hase phello ea ntho leha e le efe eo ’mè a e entseng. Ho na le boikutlo bo boholo ba tahlehelo ho batsoali, ’me balumeli ba bang ba lokela ho leka ho ba tšelisa nakong eo.
Tsoalo
Le hoja ho e-na le litloaelo le meetlo e ikhethang tse amanang le boitsebelo ba ho beleha, tse ling tse amanang le ho beleha li ea tšoana ho basali hohle lefatšeng. Ka ho Genese 3:16, Molimo o boletse: “Ke tla o atisetsa bohloko haholo le boimana ba hau; o tla tsoala bana ka bohloko...”
Mengoaha-kholo e fetile, ‘me mantsoe a Molimo e ntse e le ‘nete lefatšeng lohle. Litlamorao tsa sebe sa pele sa Adama le Eva le joale li ntse li utloahala nakong ea pelehi. Esita le Maria, ’mè oa Jesu, ha aa ka a lokolloa, empa o ile a utloa bohloko ba ho beleha.
[1]Greg Cook & Joan Cook, The World of Children, 3rd ed. (Pearson Education, 2013), 85.
Bosea ba Ngoana
Ntlafalo ea 'Mele
Ngoana o ntlafala ’meleng ka mekhahlelo e lebeletsoeng. Ngoana o qala pele ka ho phahamisa hlooho ea hae, ebe oa lula, ebe oa khasa, ebe oa tsamaea. Haeba e ‘ngoe ea tseo e sa etsahale ka hara nako e lebeletsoeng, batsoali ba qala ho khathatseha. Ha bana ba ntse ba hōla, re lebeletse ho ba bona ba qhoma, ba hloa le ho matha ka lilemo tse 4-5. Ba tsoela pele ho tloha ho noa lebese feela ho ea ho ho ja lijo tse thata. Litho tsa lelapa li thoholetsa le ho khothaletsa tsoelo-pele ena ea tlhaho ea 'mele ea ngoana oa bona.
Ntlafalo ea Kelello
Bahlokomeli ba mamela sello sa pele sa lesea le sa tsoa tsoaloa ebe ba lebella ho utloa ngoana a etsa melumo ea thabo ho isa nakong ea khoeli tse peli. Ka mor’a moo, lesea lea lla ’me le qala ho pheta melumo. Batsoali ba thabela ngoana ea reng “’M’e” kapa “Ntate” ha a le likhoeli li tšeletseng. Hangata bana ba bua mantsoe ha ba le selemo 'me ba bua lipolelo tse feletseng ha ba le lilemo li peli.
Bana ba banyenyane ba re makatsa ka lintho tseo ba li hopolang. Ba botsa lipotso tse ngata. Ba lula ba hopola haeba u tšepisitse ho etsa ntho e khethehileng le bona. Kholo ea kelello e etsahala ka lebaka la moralo oa Molimo, empa ho hōlisoa ha batsoali le bahlokomeli ba bang ho etsa phapang e khōlō tabeng ea ho thusa bana hore ba hōle ka ho feletseng.
Ntlafatso ea Sechaba le Maikutlo
Bana ba hloka batsoali ba bona ho ba thusa hore ba phele hantle e le hore ba tle ba hōle ’meleng. Leha ho le joalo, ba hloka khothatso bakeng sa khōlo ea bona ea sechaba le ea maikutlo le ho feta. Batsoali, matichere le bahlokomeli ba bang ba lokela ho thusa ngoana e mong le e mong ka boomo hore a hōle sechabeng le maikutlong.
Ha batsoali ba ntse ba etsa lintho tse bontšitsoeng lethathamong le latelang, bana ba bona ba thusoa ho bopeha le ho hola ‘meleng le maikutlong.
► Bala ka lethathamo lena. Ebe u pheta lethathamong lekhetlo la bobeli. Ka thōko ho ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo uena joaloka motsoali u seng u ntse u leka ho e etsa hantle, ngola mohlala oa tsela e itseng eo u etsang joalo ka eona. Beha letšoao ka pele ho tseo u neng u e-so ka u li sebetse ka sepheo. Ka thōko ho e ’ngoe le e ’ngoe ea tseo, ngola ntho eo u ka qalellang ho e etsa. Haeba o se motsoali, u ka khetha ho hong lethathamong hoo u ka sebetsanang le hona bakeng sa bana bao e leng baamani le uena kapa ba leng haufi le lelapa la hau.
Litsela tseo ka Tsona o Ka Thusang Bana Ba Hau Ho Hola[1]
(1) Ka ho itlhokomela
Laola khatello ea hau ea maikutlo.
Laola matlotlo a lelapa la hau.
Fana ka tšehetso ho batsoali ba bang.
Kopa leho amohela tšehetso ho tsoa ho ba bang ha ho hlokahala.
Lemoha matla a hau a botho le matla a botsoali.
Nahana ka sepheo, kapa lebaka la ho ipehela meoloane ea kholiso ea bana.
(2) Ka hoba le kutloisiso
Ela hloko le ho utloisisa bana ba hau le kholo ea bona.
Ela hloko kamoo bana ba susumetsoang le ho arabela se etsahalang tikolohong e ba potileng.
(3) Ka ho tataisa
Etsa mohlala o loketseng, boitšoaro bo lakatsehang.
Theha le ho boloka meeli e utloahalang.
Fa bana menyetla ea ho ithuta boikarabello. (menyetla e lokela ho ba e loketseng mehato ea bona ea tsoelo-pele.)
Ruta litsebo tsa tharollo ea mathata.
Ela hloko mesebetsi ea bana.
Hlokomela lipuisano le boitsebelo ba bana ‘moho le bana ba bang hape le batsoali.
(4) Ka ho holisa
Bonahatsa lerato le kutloelo bohloko.
Hlaolela boitlhomphole tšepo ea bana.
Mamela le ho hlokomela maikutlo le mehopolo ea bana.
Ruta mosa.
Fana ka phepo e nepahetseng, bolulo, liaparo, bophelo bo botle le litlhoko tsa polokeho ea bana.
Keteka bophelo le bana.
Thusa bana hore ba ikutloe ba amana le nalane ea lelapa le lefa la setso.
(5) Ka ho susumetsa
Ruta bana ka bo-bona, ba bang, le lefatše le ba potolohileng.
Ho hlasimolla bohelehele, monahano, le ho batla tsebo.
Theha maemo a molemo a ho ithuta.
Thusa bana ho sebetsana le ho laola tlhahisoleseling.
(6) Ka ho buella
Fumana, sebelisa, 'me u thehe lisebelisoa tsa sechaba molemong oa bana ba hau le sechaba sa bana.
Tsoseletsa phetoho sechabeng ho theha tikoloho ea tšehetso bakeng sa bana le malapa.
Aha likamano le lelapa, boahisane, le lihlopha tsa sechaba.
Kholo Semoeeng
Kaha Molimo o re bōpile ka bophelo ba semoea (Genese 2:7), re lokela ho ruta bana ba rōna tumelo le ho ba lebisa ho phela kamanong le Molimo.
► Baithuti ba lokela ho bala Dipesaleme 78:5-8 le Deuteronoma 6:4-9 bakeng sa sehlopha. Ke ka litsela life u utloang melao ea Molimo ka ho ruta lelapa la hau ka ‘nete le ka tieo? Ke life likarolo tseo ho tsona u batlang ho hola?
Re tlameha ho nka ka botebo litaelo tsa Molimo mabapi le ho ruta malapa a rōna. Ho seng joalo, re hlōleha ho phela ka ho mamela Molimo, ’me bana ba rōna le bona ba tla hana bolaoli ba Molimo.
Ho na le mefuta e fapaneng ea ho ruta bana, ho kenyelletsa: ho bala Bibele, ho bina lipina tsa Jesu, ho tšoara mangolo ka hlooho, thapelo, ho sebelisa lipotso le likarabo bakeng sa ho ruta, le ho ba le lipuisano tsa letsatsi le letsatsi. Ho kopanela kerekeng le hona ho ba bohlokoa bakeng sa lelapa lohle.
Ka linako tse ling motsoali a ka tšoara bana ha ba il’o robala, a bina lipina tse buang ka tumelo le lerato la Jesu ho rōna. Bana ba ba le tumelo e tiileng ha ba utloa ka lerato la Molimo le botšepehi ba hae ha ba bona tlhokomelo e nang le lerato ea batsoali ba bona.
[1]E hlophisitsoe bocha ho tsoa ho Charles A. Smith, et al., National Extension Parent Education Model. (Manhattan, Kansas: Kansas Cooperative Extension Service, 1994). E fumanoe ho https://www.k-state.edu/wwparent/nepem/nepem.pdf ka la 31 Phupu 2023.
Phethelo
Ha o le motsoali, matsatsi a hau a ba malelele. A phathahane; a ea khathala; ha se a hau. Leha ho le joalo, hara ho lla, lebese le qhalaneng, maleiri a litšila, le mekhoa ea letsatsi le letsatsi e sa feleng, nka nako ho khefutsa le ho nahanisisa pono. Hopola hore u hlokomela e mong oa bana ba Molimo’, eo eena, morerong oa hae oa ka ho sa feleng, a ileng a o beha tlhokomelong ea hau. Ha a u kōpe hore u be le ntlo e phethahetseng, moralo o tsotehang oa lichelete, lijo tse majabajaba, kapa liaparo tse bitsang haholo bakeng sa bana ba hae. Seo a se botsang ho uena ke sena:
U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka matla a hao ’ohle. Mantsoe ana ao ke u laelang ’ona kajeno a be pelong ea hao: U e rute bana ba hao ka hloko ’me u bue ka eona ha u lutse ka tlung ea hao le ha u tsamaea tseleng le ha u robala le ha u tsoha (Deuteronoma 6:5-7).
Bakeng sa Puisano ea Sehlopha
► Ke likarolo life tsa tlhokomelo ea bana tse atisang ho hlokomolohuoa sechabeng sa heno?
► Malapa a tobana le mathata afe? Ke hobaneng ha ho se bonolo ho bona ho fana ka tlhokomelo ea ngoana e hlalositsoeng thutong ee?
► Ke joang balumeli ba neng ba ka thusa bo-’mè ba baimana ho itlhokomela le masea a bona a e-s’o tsoaloe?
► Malapa a Bakreste a ne a ka sebetsa hammoho ka litsela life ho hlohonolofatsa bophelo ba bana ba banyenyane le bo-’m’a bona?
► Kereke e ka hlophisa bosebeletsi bo hlokomelang litlhoko tsa bana ba banyenyane joang?
Thapelo
Ntate oa leholimo,
Rea u khumamela, ‘mopi oa rōna ea ratehang. U re bopile ka har’a lipopelo tsa bo ‘m’a rōna ‘me oa hlokomela bophelo ba rōna bohle. U tsebile tsohle ka rōna le pele re ka tsoaloa.
Re thuse ho etsa seo re ka se etsang ho sireletsa batho ba tlokotsing, ho kenyeletsa le ba ntseng ba le ka hara lipopelo tsa bo ’m’a bona. Hlohonolofatsa ba sebeletsang baimana.
Kea leboha ka ho re tšepa ka monyetla le boikarabello ba hoba le ho holisa bana. Ha o ntse o bopa le ho holisa bana ba rōna, re thuse ho ba hlokolosi le ho tiea ka ‘nete tlhokomelong ea rōna ho bona le koetliso ea rōna ho bona.
Re batla ho ba le kutlo ho uena tseleng eo re holisang bana ba rōna ka eona. Re thuse ho hlahisa hantle baneng ba rōna. Re etse hore re rute bana ba rōna ho rata le ho o utloa.
Amen
Mesebetsi ea Baithuti ea Thuto ea 11
(1) Bala 2 Timothea 1:3-5; 1 Bakorinthe 4:17; BaFilipi 2:19-23. Ngola serapa ho araba lipotso tsena:
Ke basali bafe ba babeli ba boletsoeng le hore na mesebetsi ea bona e ne e le efe ka hara lelapa?
Ke tšusumetso efe eo ba ileng ba e-ba le eona ho Timothea?
Ke matla afe ao tšusumetso ea bona ebileng le ona bophelong ba kereke ea pele?
(2) Hlahloba litemana tsa mangolo tseo u li tšoereng ka hlooho nakong ea thupelo ena: Deuteronoma 6:4-9, Baroma 6:11-14, BaKolose 3:5-7, l le litemana tseo u li khethileng bakeng sa ho tšoara ka hlooho Thutong ea 5, Kabelo ea 4. Litemana tsee li u ama joang ha u ntse u sebetsana le tsona?
(3) Tšoara Dipesaleme 78:4-8 ka hlooho. Qalong ea nako ea sehlopha se latelang, ngola kapa u qotse serapa ho tsoa mohopolong.
(4) Rapella ka ho khetheha motho e mong le e mong lelapeng la hau litlhoko tsa bona tsa botho. Ithapelle.
SGC exists to equip rising Christian leaders around the world by providing free, high-quality theological resources. We gladly grant permission for you to print and distribute our courses under these simple guidelines:
No Changes – Course content must not be altered in any way.
No Profit Sales – Printed copies may not be sold for profit.
Free Use for Ministry – Churches, schools, and other training ministries may freely print and distribute copies—even if they charge tuition.
No Unauthorized Translations – Please contact us before translating any course into another language.
All materials remain the copyrighted property of Shepherds Global Classroom. We simply ask that you honor the integrity of the content and mission.